“Bana ke Lefa le Tsoang ho Jehova”
HO TLA eng kelellong ea hao ha u utloa lentsoe “lefa”? Mohlomong u nahana ka chelete, ntlo kapa ntho e ’ngoe ea bohlokoa eo u e sietsoeng ke setho sa lelapa seo u se ratang. Kahoo, lefa ke ntho ea bohlokoa haholo ’me u tla leka ka hohle ho le hlokomela.
Bibele e re “bana ke lefa le tsoang ho Jehova.” (Pes. 127:3) Batsoali ba Bakreste ba nka bana ba bona e le limpho tsa bohlokoa tse tsoang ho Ntate oa bona ea leholimong. Ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho etsa hore ba bolokehe ba be ba ba hlokomele nameng, maikutlong le moeeng.
Leha ho le joalo, ka masoabi batsoali ba bang kajeno ha ba nke bana ba bona e le limpho tse tsoang ho Molimo. (Esa. 49:15; 2 Tim. 3:1-3) Batsoali ba bang ba batla ho hlokomela bana ba bona empa baa sokola ka lebaka la mathata a sa tšoaneng. Ke mathata afe a mang a etsang hore ho be thata hore batsoali ba hlokomele bana ba bona? Jehova o lebelletse eng ho batsoali? Hona batsoali ba Bakreste ba ka atleha joang ho holisa bana ba bona?
MATHATA
Khatello e tsoang ka lapeng le ho batho ba bang. Libakeng tse ling lefatšeng, batsoali ba nang le bana ba bangata baa hlomphuoa motseng. Kahoo, ba lelapa kapa baahisani ba ka hatella banyalani hore ba be le bana ba bangata, mohlomong ba bangata hoo ba ka hlolehang ho ba hlokomela.
Ho tšoenyeha ka bokamoso. Linaheng tse ling, palo ea bana ba hlokahalang le pele ba qeta selemo e holimo ka lebaka la khaello ea lijo, maloetse le litšebeletso tse fokolang tsa bophelo bo botle. Ke kahoo banyalani ba bang ba etsang qeto ea ho ba le bana ba bangata, e le hore bonyane ba bang ba tle ba hole ho fihlela e le batho ba baholo. Banyalani ba bang ba ka etsa qeto ea hore ba be le bana ba bangata e le hore bana bao ba tle ba ba hlokomele ha ba se ba tsofetse. Sena se etsahala haholo linaheng tseo ’muso o sa faneng ka thuso ho batho ba holileng.
Ho rera hore na lelapa le tla ba lekae. Libakeng tse ling, ho thata hore banyalani ba bang ba fumane lithibela-pelehi. Ba bang ba tšoenyeha ka li-tla-morao tsa lithibela-pelehi tsa boemo bo tlase tse fumanehang moo ba lulang. Libakeng tse ling, lithibela-pelehi li tura haholo hoo ba sa khoneng ho li reka.a
JEHOVA O LEBELLETSE ENG HO BATSOALI?
Qeta nako le ngoana e mong le e mong oa hao
Hlokomela bana ba hao ka lintho tseo ba li hlokang. Jehova o file batsoali boikarabelo ba ho hlokomela bana ba bona ba banyenyane. O lebelletse hore batsoali ba ikemisetse ho sebetsa ka thata hore ngoana e mong le e mong a be le lijo, liaparo le bolulo. Jehova o boetse o lebelletse hore batsoali ba rute bana ba bona. Kahoo, batsoali ba Bakreste ha ba ise bana ba bona hore ba il’o lula likolong tse nang le bolulo. Ho e-na le hoo, ba etsa bonnete ba hore ba lula le bona lapeng ho fihlela ba holile e le hore ba ka ba thusa hore ba kene sekolo le ho qeta nako le bona, e leng se tla etsa hore ba ikutloe ba sireletsehile ba bile ba ratoa. Ho ntse ho le joalo, Jehova o na le teka-tekano, haa lebella hore batsoali e be barui. Ha e le hantle, Jehova o ile a khetha lelapa le sebetsang ka thata empa le futsanehile hore le holise Mora oa hae eo a mo ratang.—Mat. 13:55, 56; Luka 2:24.
Molao-motheo oa Bibele: “Haeba motho a sa hlokomele batho bao a nang le boikarabelo ba ho ba hlokomela, haholo-holo ba lelapa la hae, o latotse tumelo ebile o mobe ho feta motho ea se nang tumelo.”—1 Tim. 5:8.
Jehova oa utloisisa hore batsoali ba ka hloka thuso e itseng ha ba ntse ba hola. Ha e le hantle, tsela eo bana ba ka bontšang hore ba hlompha batsoali ba bona ka eona, ke ka ho lokisetsa hore ba hlokomeloe ha ba se ba holile. (Ex. 20:12; 1 Tim. 5:4) Leha ho le joalo, Jehova oa thaba ha batsoali ba nahana kamoo ba ka hlokomelang le ho holisa bana ba bona kateng ho feta kamoo bana ba bona ba ka ba hlokomelang kateng.—2 Bakor. 12:14.
Ba hlokomele moeeng. Batsoali ba Bakreste ba boetse ba na le boikarabelo ba ho koetlisa bana ba bona hore ba rate le ho sebeletsa Jehova. Jehova o nka koetliso eo e le ea bohlokoa haholo e le hore bana ba holisoe hantle.—Deut. 6:6, 7.
Molao-motheo oa Bibele: ‘Le tsoele pele ho holisa bana ba lona ka ho ba khalemela le ho ba tataisa ka tsela eo Jehova a e batlang.’—Baef. 6:4.
JEHOVA O BATLA HORE LE ATLEHE
Buisanang esale pele ka hore na le batla ho ba le bana ba bakae
Hlophisang lintho nako e sa le teng. Haeba le batla ho ba le bana, nahanang hantle ka maemo a lona. Ka mohlala, na le tla ba le chelete e lekaneng bakeng sa lijo, liaparo le ho isa ngoana e mong le e mong eo le tla ba le eena sekolong? Haeba ha ho joalo, buisanang ka hore na le batla ho ba le bana ba bakae e le hore le ka khona ho hlokomela ngoana e mong le e mong eo le tla ba le eena ka tsela eo Jehova a e batlang. Ke ’nete hore Jehova oa utloisisa hore ha se ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla etsahala kamoo le neng le rerile kateng. (Moek. 9:11) Empa o tla hlohonolofatsa boiteko ba lona e le hore le atlehe ho ba batsoali.
Molao-motheo oa Bibele: “Merero ea motho ea khothetseng ea mo thusa empa e mong le e mong ea lepotlapotla o tla futsaneha.”—Liprov. 21:5.
“Ke mang eo e reng ha a batla ho haha tora, a sa luleng fatše pele ebe o bala litšenyehelo ho bona hore na o tla hloka thepa e kae hore a e qete?”—Luka 14:28.
Etsang hore Jehova a tle pele bophelong ba lelapa la lona. Etsang bonnete ba hore ho sebeletsa Jehova e ba ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ka lapeng. Haeba le se le e-na le bana, ipheng nako ea ho ruta e mong le e mong hore a rate Jehova. Ba thuseng ho mamela ka hloko le ho ithuta ha ba le libokeng. Etsang bonnete ba hore le ba le Borapeli ba Lelapa beke le beke. Koetlisang bana ba lona hore ba rate mosebetsi oa boboleli. Le se ke la fa beng ka lona kapa bana ba lona ba baholo boikarabelo boo le lokelang ho bo phetha ba ho ba batsoali. Ho hloka nako le boiteko ho holisa bana hore ba rate Jehova, empa litlhohonolofatso tsa ho etsa joalo li ngata haholo.
Molao-motheo oa Bibele: “Ha ho na ntho e nthabisang ho feta ho tseba hore bana ba ka ba ntse ba tsoela pele ho phelela ’nete.”—3 Joh. 4.b
Tšepang Jehova. Ebang le ntse le nahana ka ho ba le bana kapa le se le e-na le bona, kholisehang hore ho mamela melao ea Jehova mabapi le ho holisa bana ho bohlokoa haholo ho feta litloaelo le meetlo ea moo le lulang.
Ho hloka nako e ngata le boiteko ho ruta bana hore ba be le kamano e ntle le Jehova
Haeba le etsa qeto ea ho se be le bana ba bangata, tšepang hore Jehova o tla khona ho le hlokomela leha le se le tsofetse. Qobang khatello ea ho etsa bana ba lona joalokaha e ka ke letsete leo le ipoloketseng lona bankeng leo le tla le sebelisa ha le se le tsofetse. Ha ho hlokahale hore le tšoenyehe ka hore ha ho na motho ea tla le hlokomela. Jehova o tšepisitse hore o tla le hlokomela, ’me o lula a phethahatsa litšepiso tsa hae.—Josh. 23:14.
Molao-motheo oa Bibele: “Tšepa Jehova ka pelo eohle ea hao, u se ke oa itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo kenye mererong eohle ea hao, o tla otlolla litsela tsa hao.”—Liprov. 3:5, 6.
“Nkile ka ba mocha ’me hona joale ke tsofetse empa ha ke e-s’o bone ea lokileng a lahliloe kapa bana ba hae ba hloka lijo.”—Pes. 37:25.
“Kahoo, etsang hore ’Muso oa Molimo le ho mamela Molimo e be lintho tse tlang pele bophelong ba lona ’me o tla le ekeletsa lintho tse ling tsohle.”—Mat. 6:33.
Bana ke limpho tse tsoang ho Jehova tseo a li fileng batsoali. E tlameha ebe Jehova o thaba haholo ha a bona batsoali ba Bakreste ba hlokomela bana ba bona ka tsela eo a e batlang. Ka lerato ba hlokomela bana ba bona nameng, maikutlong le moeeng. Ba nahana ka hore na ba tla ba le bana ba bakae ha ka botšepehi ba etsa hore melao ea Molimo e tle pele ho litloaelo le meetlo ea moo ba lulang. Ha ba etsa joalo, batsoali ba Bakreste ba bontša hore bana ba bona ke limpho tsa bohlokoa, e leng “lefa le tsoang ho Jehova.”
a Banyalani ke bona ba iketsetsang qeto ea hore na ba tla ba le bana ba bakae, ba tla ba le bona neng le hore na ba tla sebelisa lintho kapa meriana efe ho thibela pelehi. Ha ho na motho ea lokelang ho ba ahlola ka liqeto tseo. (Bar. 14:4, 10-13) Ke ’nete hore banyalani ba ke ke ba sebelisa meriana kapa lintho tse ka etsang hore ba ntše mpa. Ho ekelletsa moo, banyalani ba Bakreste ba lula ba hopola keletso e hlahang ho 1 Bakorinthe 7:3-5.
b Le hoja bana bao ho buuoang ka bona temaneng ena e le barutuoa ba Bakreste, batsoali ba ikutloa ka tsela e tšoanang ka bana ba bona ba sebeletsang Jehova.