MOTHO EA HLAHANG KA BIBELENG
Obadia—Hlaolela ho Tšaba Molimo
Obadia e ne e le mohlokomeli oa lelapa la Morena Akabe ea khopo, ’musi ea ileng a lumella hore borapeli ba Baale bo tlale naheng eohle ea Iseraele. Leha ho le joalo, Obadia o ile a ithuta ho hlompha Jehova haholo ‘ho tloha a sa le mocha’ e le hore a tšabe ho halefisa Jehova. (1 Mar. 18:1-13) Kahoo, ha Mofumahali Jezebele a ne a laela hore baprofeta bohle ba Jehova ba bolaoe, Obadia o ne a tseba hore o lokela ho ba sebete e le hore a thibele morero oo o khopo. Ho ne ho le kotsi ho pata moprofeta a le mong feela. Leha ho le joalo, Obadia o ile a pata baprofeta ba 100 le ho ba fa lijo nakong eo ea tlala e kholo. Nahana hore na ho ne ho le thata hakae ho etsa joalo ntle le hore baprofeta ba bohata ba makholo ba sebeletsang morena le mofumahali ba bone.—1 Mar. 18:19.
Re ithuta’ng ho monna eo ea tšabang Molimo? Obadia o ne a tšaba Akabe empa o ne a tšaba Molimo le ho feta. O ile a ba le sebete sa ho beha bophelo ba hae kotsing e le hore a sireletse bana babo. Le rona re lokela ho tšaba le ho hlompha Jehova haholo, haholo-holo haeba borapeli ba rona bo thibetsoe moo re lulang teng. Haeba re tšaba Jehova, re tla ba le matla a ho tšehetsa Bakreste-’moho ha ba tobane le maemo a boima.