PALE EA BOPHELO
Jehova o Ile a Nkoetlisa ho Tloha Bocheng
KE NE ke shebile leqhetsoana leo mor’abo rona a neng a qeta ho mpha lona. Le ne le e-na le mantsoe a reng, “David Splane, la 8 April 1953: ‘Ho Bolela ka Bofelo ba Lefatše.’” Ke ile ka botsa: “Ke eng ntho ee?” Mor’abo rona o ile a re, “Ena ke puo eo u abetsoeng ho fana ka eona Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.”a Ke ile ka re, “’Na? ’Na ha ke e-s’o ka ke re ke batla ho fana ka puo!”
Pele ke tsoela pele, e re ke qale pale ea ka qalong. Ke hlahile nakong ea Ntoa ea Bobeli ea Lefatše sebakeng sa Calgary, Canada. Qetellong ea lilemo tsa bo-1940, mor’abo rona e mocha Donald Fraser eo e neng e le pula-maliboho ea kamehla, o ile a fihla lapeng ’me ’mè oa ka o ile a amohela thuto ea Bibele. ’Mè o ne a rata seo a ithutang sona haholo empa kaha o ne a kula haholo, o ne a sa khone ho ba teng libokeng kamehla. Ho sa tsotellehe maemo ao, o ile a sebetsa ka thata ’me a qetella a kolobelitsoe ka selemo sa 1950. Ka masoabi, o ile a hlokahala le pele lilemo tse peli li feta. Ntate oa ka e ne e se Paki ka nako eo. Leha ho le joalo, o ile a lumela hore Lipaki li tšoare tšebeletso ea lepato la ’Mè.
Matsatsi a ’maloa ka mor’a lepato, morali oa bo rona e mong ea holileng oa motlotsuoa e leng Alice o ile a ’memela ho ea libokeng. O ne a ntseba hobane ke ne ke ea libokeng le ’mè oa ka mafelo-beke ha a ne a utloa a le betere. Ke ile ka kopa ntate oa ka hore ke ee. O ile a lumela ’me a etsa qeto ea hore a ee le ’na hanngoe feela ho ea leboha mor’abo rona ea neng a fana ka puo lepatong la ’Mè. Bosiung boo, ho ne ho e-na le liboka tse peli, e leng Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le Seboka sa Tšebeletso. Ena e ne e le nako e loketseng ka ho fetisisa ea hore ntate oa ka a qale ho ea libokeng. Kaha o ne a ile a ithutela ho bua phatlalatsa, o ile a hlolloa haholo ke seo a ileng a se utloa ha a ne a le libokeng. Ntate oa ka o ile a etsa qeto ea hore o tla ea libokeng beke e ’ngoe le e ’ngoe. Hanyane ka hanyane, o ile a qalella ho ea libokeng tsohle.
Mehleng eo, mohlanka oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo o ne a qala liboka ka ho bitsa mabitso a bara ba bo rona ba neng ba ngolisitse, ebe e mong le e mong o araba ka ho re, “Ke teng.” Bosiung bo bong, ke ile ka kopa hore le ’na lebitso la ka le bitsoe libokeng tse latelang. Mor’abo rona o ile a mpabatsa empa a se ke a mpotsa hore na ebe kea utloisisa hore na seo se bolela’ng.
Ke ne ke sa tsebe hore ka ho etsa joalo, ke ne ke ithaopela ho fana ka lipuo sekolong. Ke ne ke mpa ke ipatlela feela hore lebitso la ka le bitsoe. Bekeng e latelang, lebitso la ka le ile la fela la bitsoa ’me ka motlotlo ke ile ka araba ka re, “Ke teng.” Ka mor’a liboka, bara le barali ba bo rona ba ile ba mpabatsa haholo. Libeke tse ’maloa hamorao, ke ile ka fuoa puo eo ke buileng ka eona qalong ea pale ena.
Ke ne ke le mathateng. Mehleng eo, ho ne ho lebelletsoe hore baithuti ba fane ka lipuo tse nkang metsotso e tšeletseng ho isa ho e robeli. Ho ne ho se na kabelo ea ’malo oa Bibele. Ntate oa ka o ile a nthusa ho lokisetsa puo eo ’me a etsa hore ke itlhakise ka makhetlo a 20 pele ke e’o fana ka eona. Ka mor’a moo, ke ile ka fumana keletso ea bohlokoa. Ha lilemo li ntse li ea, Jehova o ile a nkoetlisa a sebelisa ntate oa ka, bara le barali ba bo rona ba nang le bokhoni hammoho le mokhatlo oa hae.
KOETLISO E TSOELA PELE
Morali oa bo rona Alice, eo ke buileng ka eena qalong, o ile a nkoetlisa ha ke ne ke qala ho ea tšimong. Mehleng eo, re ne re khothalletsoa ho balla motho litemana tse tharo ebe re mo fa buka. Ha e ne e le nako ea ka ea ho bua, Morali oa bo rona Alice o ne a itlhalosa, a qale moqoqo ebe o re ke bale lengolo la pele. Ho tloha moo e ne e le ’na ea buang ho ea pele. Ke ne ke bala lengolo la bobeli le la boraro ebe ke hona ke fanang ka buka. Hamorao ke ile ka ithuta ho itlhalosa ha ke qala moqoqo. Ka mor’a hore ntate oa ka a kolobetsoe qetellong ea selemo sa 1954, le eena o ile a nkoetlisa tšimong. Joaloka motsoali a le mong feela, o ile a etsa sohle seo a ka se khonang ho nthuta ho rata Jehova. Ha ho tluoa linthong tsa moea, e ne e le motho ea hlophisehileng haholo. Kamehla ke ne ke lula ke tseba seo re tl’o se etsa libokeng mantsiboea le Moqebelo hoseng le Sontaha hoseng.
Koetliso eo ke ileng ka e fumana lilemong tse 12 tseo ke li qetileng sekolong, e ile ea nthusa haholo hamorao bophelong. Ka mohlala, ke ile ka ithuta ho kopanya lipalo, ka boela ka ithuta le melao ea puo ea Senyesemane. Taba ea hore ke ile ka ithuta Senyesemane hantle le ho ngola lipale, e nthusa haholo kabelong eo ke nang le eona Lefapheng la Bongoli.
Hangata batho baa mpotsa hore na ke hobane’ng ha ke rata ’mino. Batsoali ba ka ba ne ba rata ’mino. Ha ke le lilemo li supileng, ke ile ka ithuta ho bapala piano ka nakoana, empa tichere ea ka e ne e nahana hore ha ke na bokhoni. Kahoo, e ile ea bolella ntate oa ka hore ke khaotse ho ithuta ho bapala piano. Ke ile ka utloisisa lebaka etsoe ke ne ke sa thabele ho ithuta piano ka nako eo.
Likhoeli tse ’maloa hamorao, ntate oa ka o ile a mpatlela tichere e ’ngoe ea ’mino. Lekhetlong lena ke ile ka ithuta ho bapala piano le ho bina, ’me ke ile ka ipabola. Ha ke sa le ngoana, ke ne ke e-na le lentsoe le monate haholo ’me seo se ile sa nthusa hore ke hape litlholisano tse ’maloa. Pakane ea ka ea ho ithuta ’mino e ne e le hore ke be tichere ea ’mino, e le hore nka ba le chelete ea ho itlhokomela ha ke ntse ke le tšebeletsong ea nako e tletseng. Leha ho le joalo, ha ke ne ke le haufi le ho ba tichere, ke ile ka hlokomela hore ke tla lokela ho qeta nako e ngata ke ithuta ’mino le ho itokisetsa litlhahlobo. Ke ile ka nyahlatsa sohle eaba ke nkela bopula-maliboho ba kamehla. Sena se etsahetse ka selemo sa 1963.
HOA THABISA HO BA PULA-MALIBOHO
Ka mor’a ho qeta selemo ke le pula-maliboho, ke ile ka abeloa ho ea sebeletsa ke le pula-maliboho e khethehileng Kapuskasing, e Ontario. Mosebetsi-’moho le ’na Daniel Skinner o ne a le moholo haholo ho ’na. O ile a nthuta ho hongata ka hore na phutheho e tsamaisoa joang. Ha ke le lilemo li 20, ke ile ka khetheloa ho sebeletsa Komiting ea Tšebeletso ea Phutheho. Kahoo, ke ne ke lokela ho ithuta ho hongata. Kea thaba hore hona joale, mokhatlo o hatisa bohlokoa ba ho koetlisa bara ba bo rona ba banyenyane lilemong hape. Ha ba ka iketsa ba fumanehang, ba ka ba molemo haholo ho Jehova e ntse e le bacha.
Ka linako tse ling ho ne ho e-ba thata ho phela Kapuskasing. Mariha ho ne ho bata haholo. Kahoo, mohatsela o ne o theohela ho -44°C kapa ka linako tse ling ha ho thoe hoa chesa, e ne e ba -33°C. Hangata re ne re tsamaea ka maoto le Dan hohle moo re eang. Leha ho le joalo, ntho e ’ngoe e ileng ea nthabisa ka ho fetisisa ha ke le kabelong eo, ke ho kopana le morali oa bo rona Linda Cole, eo hamorao e ileng ea e-ba Linda Splane.
Morali oa bo rona Linda o ne a chesehela tšebeletso haholo ’me a e-na le maeto a mangata a hatelang pele. E ne e le motho ea fanang, a le pelo e ntle ’me a thabela ho qeta nako le batho ba bang. ’Mè oa hae Goldie, e ne e le morali oa bo rona ea tšepahalang. Qalong ntate oa hae Allen, o ne a hanyetsa linnete. Ho sa tsotellehe khanyetso ea ntate oa hae, ’mè oa hae o ne a lula a tsamaea le eena le bo-abuti ba hae, e leng John le Gordon, ho ea Holong ea ’Muso ’me a ba koetlisetsa ho etsa mosebetsi oa boboleli. Ho na le nako eo Goldie, Linda, John le Gordon kaofela e neng e le bo-pula-maliboho. Lilemo hamorao, ntate oa Linda o ile a ithuta linnete eaba e ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova ’me a sebetsa ka thata ka phuthehong.
Ka 1965, ke ile ka memeloa sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso se nkang khoeli se neng se tšoaretsoe Bethele e Canada ho e’o fumana koetliso e eketsehileng. Ha re le sekolong seo, ho ile ha thoe ke tlatse foromo ea ho ea Gileade. Ha ho le ka mohla nkileng ka nahana ka ho etsa mosebetsi oa boromuoa. Ke ne ke nahana hore ha ke tšoanelehe empa ke ile ka tlatsa foromo eo. Kopo ea ka e ile ea amoheloa, eaba ke ea tlelaseng ea bo42 ea Gileade. Ha ke le moo, barupeli ba rona ba ne ba atisa ho re ngolla tlaleho ea hore na re ntse re ea joang sekolong. Tlaleho ea pele eo ke ileng ka e fuoa, e ile ea nkhothalletsa hore ke ithute ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo nka khonang ho ithuta eona ka mokhatlo oa Jehova. Keletso eo e ne e le molemo haholo kaha ke ne ke le lilemo li 21 ha ke ne ke e fumana.
Tse ling tsa lithuto tseo ke ileng ka li fumana ha ke le Gileade e ne e le tataiso e neng e re thusa ho sebetsana le liteishene tsa seea-le-moea le thelevishene le litaba tse hlahang koranteng. E ile ea e-ba thuto e ’natefelang haholo. Ke ne ke sa tsebe hore na thuto eo e tla ntsoela molemo hakae nakong e tlang, joalokaha ke tla hlalosa ha re ntse re tsoela pele.
RE LEBA SENEGAL
Matsatsi a seng makae ka mor’a ho abeloa mangolo, ’na le moromuoa-’moho le ’na Michael Höhle, re ile ra ea Senegal e Afrika kabelong ea rona ea boromuoa. Ka nako eo, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ka bang lekholo naheng eo.
Ka mor’a likhoeli tse ’maloa ke qalile kabelo ea ka, ke ile ka memeloa ho ea sebeletsa ofising ea lekala letsatsi le le leng bekeng. E ne e se sebaka se seholo. E ne e le kamore e le ’ngoe feela lehaeng la rona la baromuoa. Le hoja ofisi eo e ne e le nyenyane haholo, mohlanka oa lekala e leng Mor’abo rona Emmanuel Paterakis, o ile a nkhopotsa hore lekala le emela mokhatlo oa Jehova naheng eo. Ka le leng la matsatsi, Mor’abo rona Paterakis o ile a etsa qeto ea hore re ngole mangolo a khothatsang baromuoa. Mehleng eo, ho ne ho tura kapa ho se bonolo ho hatisa mangolo. Kahoo, re ne re tlameha hore re a thaepe ka bonngoe re sebelisa mochini o thaepang. Oo e ne e le mosebetsi o mongata, haholo-holo kaha ho ne ho sa lebelloa hore re etse liphoso ho hang!
Mantsiboeeng ao ha ke chaisa ke khutlela lehaeng la baromuoa, Mor’abo rona Paterakis o ile a mpha enfelopo. O ile a re, “David, Mokhatlo o u ngolletse.” Hamorao ha ke bula enfelopo eo, ke ile ka fumana hore ke le leng la mangolo ao ke a thaepileng. Ketsahalo ena e ile ea nthuta hore ke hlomphe mokhatlo ho sa tsotellehe hore na ofisi ea lekala e kholo kapa e nyenyane hakae.
Ke na le baromuoa-’moho ka 1967, Senegal
Ke ile ka ba motsoalle oa bahoeletsi ba ’maloa phuthehong ea ka. Hangata ka Moqebelo ke ne ke qeta mantsiboea ke e-na le bona. Tseo e ne e le linako tse monate. Le hona joale, re ntse re bua le bona. Hape ke ile ka khona hore ke sebelise tsebo ea ka ea Sefora ha ke etela makala a mang lefatšeng lohle.
Ka 1968, ’na le Linda re ile ra tšepisana ho nyalana. Likhoeli tse ’maloa ka mor’a moo, ke ile ka leka ho fumana mosebetsi oa matsatsi e le hore re khone ho ba bo-pula-maliboho Senegal. Empa ho ne ho lebelletsoe hore bahiri ba moo ba se ke ba hira batho ba tsoang linaheng tse ling. Ka mor’a hore ke khutlele Canada, re ile ra nyalana ’me ra fuoa kabelo ea ho ba bo-pula-maliboho ba khethehileng Edmundston, New Brunswick, e leng toropo e nyenyane e moeling oa profinse ea Quebec.
Ha re chata ka 1969
HA RE LE BO-PULA-MALIBOHO NEW BRUNSWICK LE QUEBEC
Ho ne ho se na bahoeletsi toropong eo ’me ho ne ho e-na le batho ba seng bakae feela ba ithutang Bibele. Kereke ea K’hatholike e ne e susumetsa bophelo ba batho ba lulang moo. Hoo e ka bang ntlong e ’ngoe le e ’ngoe ho ne ho e-na le letšoao le ngotsoeng, “Lipaki Tsa Jehova ha Lia Lumelloa.” Ka nako eo, re ne re sa nkele matšoao a joalo hloohong. Kahoo, re ne re ntse re kena matlong ao ho ntse ho le joalo. Beke e ’ngoe le e ’ngoe, mokhatlo oa K’hatholike o ne o etsa tsebiso koranteng, e reng: “A re e’o tsomang Lipaki Tsa Jehova.” Ho ne ho e-na le Lipaki tse ’nè feela toropong eo, e leng ’na le Linda, Victor le Velda Norberg. Kahoo, re ne re tseba hore ba bua ka rona.
Nke ke ka lebala ketelo ea molebeli oa potoloho ea pele. Ka mor’a ho qeta beke le eena, o ile a re: “Mohlomong ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re ka lebellang hore re e finyelle ha re ntse re bua le batho ba mona, ke hore re ba thuse hore ba fetole tsela eo ba nahanang ka eona ka Lipaki Tsa Jehova.” Ho tloha ka nako eo, e ne e le sona seo re se etsang ’me se ile sa atleha. Hanyane ka hanyane, batho ba ile ba qala ho bona phapang pakeng tsa Lipaki Tsa Jehova tse ikokobelitseng le baeta-pele ba kereke ea K’hatholike ba ikhohomosang. Hona joale ho se ho e-na le phutheho e nyenyane toropong eo.
Ka mor’a hore re qete hoo e ka bang selemo sebakeng seo se thoko, re ile ra memeloa hore re e’o thusa phutheho e ’ngoe e kholo e Quebec City. Ho bile monate likhoeling tse tšeletseng tseo re li qetileng toropong eo le bara le barali ba bo rona ba nang le kamohelo ea baeti, pele re ka memeloa ho etsa mosebetsi oa balebeli ba tsamaeang.
Ka mor’a moo, re ile ra qeta lilemo tse 14 re ntse re etela lipotoloho tse profinseng ea Quebec. Tseo e bile linako tse monate. Mosebetsi oa boboleli Quebec o ne o beha litholoana tse ntle, ’me ho ne ho tloaelehile ho bona malapa phuthehong e le ’ngoe a ithuta Bibele hore e be Lipaki Tsa Jehova.
RE HOPOLA BAKRESTE-’MOHO BA ILENG BA SEBETSA KA THATA
Ho bonolo ho rata bara le barali ba bo rona ba buang Sefora ba lulang Canada. Ke batho ba sa hlatheng koana le koana, ba thabileng le ba mahlahahlaha. Leha ho le joalo, ho ne ho se bonolo hore ba amohele ’nete, ’me ba ne ba hanyetsoa haholo ke ba malapa. Batsoali ba bang na ne ba bolella bana ba bona hore ba khaotse ho ithuta le Lipaki Tsa Jehova kapa ba ba tsoele ka ntlo. Boholo ba bona ba ile ba tšepahalla Jehova ho sa tsotellehe ho hanyetsoa. E tlameha ebe Jehova o ikotla sefuba ka bona.
Ke lakatsa hore ke bue ka bo-pula-maliboho ba kamehla le ba khethehileng ba neng ba tšepahala ba Quebec. Boholo ba bona ba ne ba tsoa likarolong tse ling tsa Canada. Ho phaella tabeng ea hore ba ne ba ipabola ka ho bua Sefora, ba ne ba tlameha hore ba ithute meetlo le tsela eo batho ba moo ba nahanang ka eona, eo boholo ba eona e neng e susumelletsoa ke kereke ea K’hatholike.
Hangata bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ne ba fuoa kabelo ea hore ba e’o sebeletsa tšimong e hole moo ho se nang bahoeletsi. Kaha Lipaki Tsa Jehova li ne li khetholloa, ho ne ho se bonolo ho fumana bolulo le mosebetsi oa matsatsi. Le banyalani ba bacha ba ne ba lula ka lihlopha tsa batho ba bane, ba tšeletseng kapa ba robeli, e le hore ba khone ho arolelana litšenyehelo. Banyalani ba ne ba sa khone ho lula ba le bang. Bo-pula-maliboho bana ba ne ba itetse. Ha ba ne ba qala thuto ea Bibele, ba ne ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho thusa motho eo ba ithutang le eena. Kaha hona joale Quebec e se e e-na le bahoeletsi ba bangata, boholo ba bo-pula-maliboho bao ba ile libakeng tseo ho nang le tlhokahalo e kholo.
Ha re ne re le mosebetsing oa potoloho, hangata re ne re sebetsa le bacha ka Moqebelo hoseng. Sena se ile sa re fa monyetla oa hore re inoese ka nkho hore na ba tobana le mathata afe. Hona joale ba bang ba bacha bao re neng re sebetsa le bona ba sebetsa linaheng tse ling e le baromuoa kapa likabelong tse ling.
Mehleng eo, liphutheho tse ling li ne li sa khone ho koahela litšenyehelo tsa rona tsa ketelo. Kahoo, ka linako tse ling khoeli e ne e fela re se re se na chelete e lekaneng. Ha seo se etsahala, re ne re tlameha hore re itšetlehe ka Jehova ka ho felletseng, kaha e ne e le eena ea neng a tseba boemo ba rona hantle. Ha ho le ka mohla a ileng a re phoqa. Ka tsela e itseng, re ne re lula re e-na le mokhoa oa ho ea phuthehong e latelang.
LINTHO TSEO KE ITHUTILENG TSONA HO BANA BESO BA TŠEPAHALANG
Qalong ke ile ka bontša hore na ke ile ka rua molemo hakae sekolong sa Gileade. Mehleng eo ha re ne re le Quebec, re ne re e-na le menyetla e mengata ea hore re pake seea-le-moeeng, thelevisheneng le koranteng. Hangata ke ne ke abeloa ho sebetsa le molebeli ea tsamaeang e leng Mor’abo rona Léonce Crépeault, ea neng a ipabola ka ho sebetsa le ba mecha ea phatlalatso. Ha re ne re bua le batho ba bohlokoa ba litaba, o ne a sa leke ho ba bontša hore na o tseba haholo hakae. Ho e-na le hoo, o ne a re: “Mohlomphehi, ’na le motsoalle oa ka re mpa re le basebeletsi feela. Ha re tsebe hakaalo ka ho bua thelevisheneng le seea-le-moeeng. Empa re abetsoe hore re tl’o bolella batho ka kopano e kholo eo Lipaki Tsa Jehova li tl’o ba le eona. Re tla ananela thuso leha e le efe eo u ka re fang eona.” Boikokobetso boo bo ile ba etsa hore batho ba bangata ba mecha ea phatlalatso ba re thuse.
Hamorao, lekala le ile la mpha kabelo ea hore ke sebetse le Mor’abo rona Glen How, e leng e mong oa liakhente tsa rona, litabeng tse thata tse neng li ka tlala hohle mecheng ea phatlalatso. Koetliso eo ke ileng ka e fuoa Gileade le phihlelo eo ke bileng le eona ha ke ntse ke sebetsa le Mor’abo rona Léonce li ile tsa nthusa haholo kabelong eo. E ne e le tokelo e kholo ho sebetsa le Mor’abo rona How. O ne a le sebete sa tau ha a ne a sebetsana le litaba tsa molao, empa ka holimo ho tsohle e le monna oa Molimo. O ne a rata Jehova e le kannete.
Ka 1985 re ile ra abeloa hore re il’o ba bapotolohi haufi le moo ntate oa ka a neng a lula teng, e leng Canada bophirimela. Seo se ile sa re thusa hore re khone ho mo hlokomela. O ile a hlokahala likhoeli tse tharo hamorao. Re ile ra tsoela pele ho sebetsa potolohong eo ho fihlela ka 1989 ha re ne re memeloa ho ba litho tsa lelapa la Bethele la Amerika. Memo eo e ile ea re makatsa haholo. Seo se ne se bolela hore re tlohela mosebetsi oa potoloho ka mor’a lilemo tse ka bang 19 re o etsa. Lilemong tseo kaofela, re lutse le malapa a mangata ’me ra thabela lijo tse ngata le bara le barali ba bo rona ba nang le kamohelo ea baeti. Re leboha bohle ba ileng ba bula matlo a bona le ho re memela lijong.
TŠEBELETSO EA RONA BETHELE E AMERIKA
Ha re fihla Brooklyn, ke ile ka abeloa ho sebeletsa Lefapheng la Tšebeletso. Ke tla lula ke ananela koetliso eo ke ileng ka e fumana ha ke le moo. E ’ngoe ea lintho tseo ke ithutileng tsona ke hore ke etse bonnete ba hore ke na le lintlha tse felletseng, ho e-na le ho iketsetsa qeto ea ntho eo ke se nang bonnete ba eona. Ka 1998, ke ile ka abeloa ho ea Lefapheng la Bongoli, e leng moo ke ntseng ke sebetsa teng le hona joale. Ke ntse ke tsoela pele ho ithuta ho ngola. Ka lilemo tse ’maloa ke ile ka ba le tokelo ea ho ba mothusi oa Mor’abo rona John Barr, eo e neng e le mohokahanyi oa Komiti ea Bongoli. Ke tla lula ke ananela nako eo ke e qetileng le eena le lintho tseo a nthutileng tsona. O ne a e-na le botho bo ratehang ba Bokreste.
Re na le Mor’abo rona John le mohatsa oa hae Mildred Barr
Hoa thabisa ho sebetsa mahetla a bapile le bara le barali ba bo rona ba ikokobelitseng mona Lefapheng la Bongoli. Ha ba phetha likabelo tsa bona, ba lula ba rapela Jehova hore a ba thuse, ’me baa tseba hore ntho leha e le efe e molemo eo ba e finyellang ke ka lebaka la moea o halalelang oa Jehova, eseng bokhoni ba bona.
Ke ne ke bintša sehlopha sa ’mino sa Watchtower sebokeng sa selemo le selemo ka 2009
Ke ne ke aba Libibele ka 2014 kopanong ea machaba Seoul, Korea
E bile tokelo e kholo ho ’na le Linda ho etela bana ba bo rona linaheng tse fetang 110. Re ikutloetse ka borona lerato la baromuoa, litho tsa Likomiti Tsa Makala le la bana ba bo rona ba bang ba tšebeletsong ea nako e tletseng. Re boetse re ile ra thabisoa ke ho bona bana ba bo rona ba sebetsang ka cheseho ebile ba tšepahala ba etsa bonnete ba hore ba beha lithahasello tsa ’Muso pele bophelong ba bona, ho sa tsotellehe lintoa, ho putlama ha moruo le ho hlorisoa. Kannete e tlameha ebe Jehova o ba rata haholo.
Ha lilemo li ntse li ea, Linda o nthusitse haholo hore ke khone ho phetha likabelo tsa ka. Ke motho oa batho ’me o lula a batla litsela tsa ho thusa batho ba bang. Hape ke motho ea nang le bokhoni ba ho qala moqoqo le batho. O khonne ho thusa batho ba ’maloa hore ba ithute ’nete, ho akarelletsa le ba bang ba neng ba se ba nyahame moeeng. Kannete Linda ke mpho e tsoang ho Jehova. Ha re ntse re tsofala, kannete re ananela thuso eo bara le barali ba bo rona ba bacha ba re fang eona ha re ntse re etela libakeng tse fapaneng le ba re thusang ka litlhoko tse ling tsa rona.—Mar. 10:29, 30.
Ha ke hetla morao lilemo tse 80 tse fetileng, ke tlala kananelo. Ke lumellana le mopesaleme ea ileng a ngola, a re: “Molimo, u nthutile ho tloha ke sa le mocha, le kajeno ke ntse ke bua ka mesebetsi ea hao e hlollang.” (Pes. 71:17) Ke ikemiselitse ho etsa joalo hafeela ke ntse ke phela.
a Mehleng ena, koetliso ena ke eo re e fumanang libokeng tsa har’a beke.