LA 8-14 JUNE 2026
PINA EA 8 Jehova ke Setšabelo sa Rona
Kamehla “Molimo ea Nang le ’Nete” o Phethahatsa Morero oa Hae
“U ntopolotse, Jehova Molimo ea nang le ’nete.”—PES. 31:5.
NTLHA-KHOLO
Ho matlafatsa kholiseho ea rona ea hore Jehova o tla phethahatsa litšepiso tsohle tsa hae le hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla felisa mashano ’ohle ao Satane a etsang hore batho ba a lumele.
1. Ho ea ka Pesaleme ea 31:2-5, ke hobane’ng ha re ka tšepa Jehova?
RE PHELA lefatšeng le busoang ke Satane. Mashano, ho qhekella le ho se tšepahale ke lintho tse tloaelehileng. Ho ka ba thata ho tseba hore na ke mang eo u lokelang ho mo tšepa. Ka mohlala, bo rakhoebo ha ba tšepahale. Ho tloaelehile hore batho ba bue leshano ka lintho tseo ba batlang ho li rekisa e le hore batho ba li reke. Hape, batho ba bang ba thatafalloa ke ho tšepa metsoalle ea bona e haufi. Leha ho le joalo, hoa khothatsa ho tseba hore rona re ka lula re tšepile Jehova. Ke “Molimo ea nang le ’nete.” (Bala Pesaleme 31:2-5.) ’Nete ke karolo ea botho ba hae. Ha ho mohla a buang leshano. Re ka mo tšepa linthong tsohle tseo a li buang le tseo a li etsang.
2. Re tl’o hlahloba eng sehloohong see?
2 Sehloohong sena, re tla qala ka ho hlahloba a mang a mabaka ao ka ’ona re ka tšepang Jehova ka lipelo tsohle tsa rona. Ka mor’a moo, re tla bona kamoo Molimo ea nang le ’nete a tlang ho felisa lefatše le khopo la Diabolose le hore na Molimo o ntse a tsoela pele ho etsa’ng hona joale e le hore a finyelle morero oa hae. Sehlooho sena se tla re thusa hore re be Lipaki Tsa Jehova tse sebete le tse sa tšoheng letho.
KE HOBANE’NG HA RE KA TŠEPA MOLIMO EA NANG LE ’NETE?
3. Ke hobane’ng ha re ka tšepa Jehova ka ho felletseng?
3 Re ka tšepa Jehova hobane ke ’Mopi. Ke eena ea entseng maholimo le lefatše ebile ke Mohloli oa bophelo. (Gen. 1:1; Pes. 36:9; Tšen. 4:11) O entse lefatše le e-na le lintho tsohle tseo re li hlokang e le hore re lule re phela, joaloka moea oo re o hemang le metsi ao re a noang. O laola lintho tsohle ka ho felletseng bokahohleng ’me o tla lula a li laola. Kahoo, re ka beha bophelo ba rona le bokamoso ba rona ka ho felletseng ho ’Mopi oa rona ea bohlale ka ho fetisisa le ea matla ’ohle.
4. Re tseba joang hore Jehova oa re rata?
4 Re ka tšepa Jehova hobane oa re rata. Jehova o bopile batho hobane a batla hore ba thabele mpho ea bophelo joaloka eena. O ile a bolela morero oa hae ka mantsoe a latelang: “A re etse motho ea tšoanang le rona.” (Gen. 1:26) O re file bolokolohi ba ho ikhethela. O re etselitse lehae le letle leo re ka phelang ho lona. (Pes. 115:16) Hape o ile a hlohonolofatsa batsoali ba rona ba pele ka ho ba fa mosebetsi o thabisang oa hore ba etse lefatše paradeise. (Gen. 1:28; 2:15) O ile a ba fa lijo tse ngata tse monate tse nang le phepo, mefuta e fapaneng ea limela, mefuta e fapaneng ea liphoofolo le lintho tse ling tse ngata. O ba file tsona e le hore ba thabele bophelo. Kannete sena se bontša hore ‘Jehova o rata batho ka lerato le sa feleng.’—Pes. 103:17.
5. (a) Jehova o ile a etsa eng ha Adama le Eva ba mo fetohela? (b) Ke litšepiso life tseo Molimo a ileng a li phethahatsa? (Sheba lebokose le re’ng “Molimo o Lula a Bua ’Nete.”)
5 Re ka tšepa Jehova hobane o lula a bua ’nete. Jehova ha ‘aa bopela lefatše lefeela empa o le etselitse hore batho ba lule ho lona.’ (Esa. 45:18, 19) Ha Adama le Eva ba mo fetohela, ba ile ba ahloleloa lefu. Kahoo, ho ne ho ka bonahala eka morero oa Molimo o senyehile. Empa ha ho letho le ka emang Jehova ka pele. O lula a phethahatsa seo a se tšepisitseng. (Esa. 46:10, 11) Morero oa hae oa hore a tlatse lefatše ka batho ba lokileng ha oa ka oa ameha. Ke kahoo Jehova a ileng a lumella Adama le Eva hore ba be le bana. Hape o ile a fana ka Mora oa hae ea mong e le tefo ea topollo e le hore a ka pholosa litloholo tsa Adama le ho li fa tšepo e babatsehang ea ho phela ka ho sa feleng.—Joh. 3:16.
MOLIMO EA NANG LE ’NETE O PHETHAHATSA MORERO OA HAE
6. Jehova o ile a re’ng ka mor’a hore Adama le Eva ba mo fetohele serapeng sa Edene?
6 “Noha ea pele e bitsoang Diabolose le Satane,”a ke eona e ileng ea hlohlelletsa Adama le Eva hore ba fetohele Molimo. (Tšen. 12:9; Gen. 3:4, 5; Joh. 8:44) Jehova o ile a ahlola Satane ka hore o tla felisoa. (Gen. 3:15) Pele seo se etsahala, batho ba bangata ba ne ba tla latela Satane ’me ba itšoare joaloka eena. Leha ho le joalo, ba bang ba ne ba tla khomarela Jehova ka botšepehi.
7. Ke bo-mang ba latelang Diabolose, hona ho tla etsahala eng ka bona?
7 Satane Diabolose o lateloa ke batho le mangeloi a fetohetseng Molimo. Ka lebaka la hore ba hanyetsa morero oa Molimo, ba fetoha karolo ea ngoana oa Satane. Empa ka nako e behiloeng ea Molimo, Satane le balateli bohle ba hae ba tla felisoa.—Dan. 2:44; Bar. 16:20.
8. Jesu o ile a etsa eng ka 1914? (Sheba litšoantšo.)
8 Ke bopaki bofe bo re kholisang hore morero oa Molimo oa ho felisa Satane le balateli ba hae ba khopo o tla phethahala? Ka 1914, Jesu o ile a loana le Satane Diabolose le bademona ba hae ’me a ba lahlela tlase lefatšeng. (Tšen. 12:7-9) Le hoja ntoa ena e ile ea etsahala leholimong, batho bohle ba lefatšeng ba ile ba utloa litla-morao tsa eona. Bibele e re: “Ho malimabe lefatše le leoatle hobane Diabolose o theohetse ho lona a halefile haholo a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.” (Tšen. 12:12) Ho tloha ka 1914, haesale Satane a lebisitse tlhokomelo lefatšeng. Kahoo, maemo a lefatše a ile a tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang. Kannete “ho malimabe lefatše.” Leha ho le joalo, haufinyane Jesu o tla “hlola” lira tsa hae ’me Satane le balateli bohle ba hae ba tla felisoa. (Tšen. 6:2) Jesu o tla halaletsa lebitso la Jehova ka ho felletseng. (Pes. 45:4-6) Batho bohle ba tla tseba hore Jehova ke Molimo ea nang le ’nete.—Ezek. 38:23.
World War I: U.S. National Archives photo; bomb: USAF photo; pandemic: blvdone/stock.adobe.com; riot: inhauscreative/E+ via Getty Images
Ho tloha ka 1914, haesale maemo a lefatše a ntse a mpefala (Sheba serapa sa 8)
MOLIMO EA NANG LE ’NETE O BOKELLA BATHO BOHLE BA RATANG ’NETE
9. Jehova o bokella bo-mang kajeno?
9 Hona joale, Jehova o ‘bokella lintho tsohle tse maholimong le tse lefatšeng a sebelisa Kreste.’ (Baef. 1:10) ‘Lintho tse maholimong’ ke batlotsuoa, e leng batho bao Jehova a ba khethileng hore ba e’o busa le Kreste leholimong. ‘Lintho tse lefatšeng’ ke batho bohle ba tla phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng. Barapeli bana bohle ba Jehova ba tsoela pele ho pepesa mashano a Satane le ho thusa ba lipelo li ntle hore ba tsebe ’nete.
10. Jehova o pholosa batho joang mashanong a bolumeli ba bohata? (Tšenolo 14:6, 7)
10 Jehova o sebelisa mosebetsi oa boboleli ho bokella batho ba ratang ’nete lefatšeng lohle. Ona ke mosebetsi o moholo ka ho fetisisa o kileng oa etsoa lefatšeng. (Bala Tšenolo 14:6, 7.) Le hoja Jehova a sebelisa batho ho bolella ba bang litaba tse monate, mangeloi le ’ona a kenya letsoho ho bokella batho ba lipelo li ntle hore ba tle ka phuthehong ea Molimo. Mosebetsi ona oa boboleli o pepesa mashano ao batho ba a rutiloeng ke Babilona e Moholo, e leng ’muso oa lefatše lohle oa bolumeli ba bohata oo haesale Diabolose a o sebelisa ho hasa mashano ka Jehova ka lilemo-lemo. (Tšen. 18:2, 4) Haufinyane, mefuta eohle ea bolumeli ba bohata e tla felisoa ka ho felletseng, ’me batho ba ratang Molimo ea nang le ’nete ba tla mo fa thoriso e mo tšoanelang.—Tšen. 17:16.
11. Re ka tseba barapeli ba ’nete ba Jehova joang?
11 Lefatšeng lohle, Jehova o bokella batho ba mefuta eohle ba ratang ’nete hore e be karolo ea lelapa la hae. (Tšen. 7:9, 10) Ka lekhetlo la pele ha ba utloa ‘litaba tsena tse monate’ ka Jehova, ba bona ka ho hlakileng hore seo ba ithutang sona ke ’nete ’me ba batla ho ba karolo ea batho ba Jehova. (Mar. 13:10) Kajeno, hoa hlaka hore na ke bo-mang ba rapelang Molimo ka tsela eo a e amohelang le hore na ke bo-mang ba mo rapelang ka tsela eo a sa e amoheleng. Moprofeta Malakia o ile a re: “Le tla boela le bone phapang pakeng tsa motho ea lokileng le ea khopo le pakeng tsa motho ea sebeletsang Molimo le ea sa mo sebeletseng.” (Mal. 3:18) Batho ba sebeletsang Jehova ba bontša ka boitšoaro ba bona le ho etsa mosebetsi oa boboleli hore ba rapela Molimo ea nang le ’nete.
12. Mosebetsi oa ho bolela o re thusa joang ho phethahatsa morero oa Jehova?
12 Re mamela taelo ea Jesu ha re bolela “litaba tse monate tsa ’Muso,” ’me ka nako e tšoanang re phethahatsa boprofeta. (Mat. 24:14; 28:18-20) Ka lebaka la mosebetsi ona, batho lefatšeng lohle e ba barutuoa ba Kreste ’me ba ba le tšepo ea ho sebeletsa Molimo ea nang le ’nete ka ho sa feleng. Ke tokelo e babatsehang ho sebelisoa ke Jehova ho phethahatsa morero oa hae.
RE KA LEBELLA BOKAMOSO KA KHOLISEHO
13. Ke bo-mang ka ho khetheha bao Satane a ba hlaselang, hona hobane’ng?
13 Satane Diabolose o halefile haholo hobane oa tseba “hore o na le nako e khutšoanyane” pele lefatše la hae le felisoa. (Tšen. 12:12, 13) Ka ho khetheha, o hlasela baemeli ba ’Muso oa Molimo ba lefatšeng e leng “ba mamelang litaelo tsa Molimo le ba filoeng mosebetsi oa ho paka ka Jesu.” (Tšen. 12:17; 14:12) Satane o boetse o hlorisa bohle ba ba tšehetsang.
14. Ho tla etsahala eng ha Satane a hlasela batho ba Jehova? (Sheba setšoantšo.)
14 Ka mor’a hore Babilona e Moholo e felisoe, batšehetsi ba Satane ba tla tsoa letšolo ho hlasela batho ba Jehova. Tlhaselo eo e tla lebisa ntoeng ea Armagedone. (Tšen. 16:13, 14, 16) Jesu le mabotho a leholimo ba tla pholosa barapeli ba Jehova ’me ba tla felisa ka ho felletseng batho bohle ba setseng ba tšehetsang Satane. (Tšen. 19:19-21) Ha ho sa tla ba le batho ba khopo le ba leshano. (Tšen. 21:8) Ho tla be ho tlositsoe qoso lebitsong la Molimo ea nang le ’nete le ea lokileng.
Jesu le lebotho la hae la ntoa le leholimong ba palame lipere ba ea ntoeng ea Armagedone ho e’o felisa lira tsa Molimo (Sheba serapa sa 14)
15. Ke hobane’ng ha re ka lebella bokamoso ka kholiseho? (Esaia 65:16, 17) (Sheba setšoantšo.)
15 Kajeno lefatše le arohane ho feta leha e le neng pele. Empa ka thuso ea Jehova, bahlanka ba hae ba lula ba momahane. Mosebetsi oa ho bokella batho o ntse o tsoela pele. Ha ho letho le ka thibelang Jehova hore a hlohonolofatse batho ba hae le mosebetsi oo ba o etsang. (Bala Esaia 65:16, 17.) Re lebelletse bokamoso ka kholiseho. Mantsoe a moapostola Pauluse a ho Baroma 8:38, 39 a re kholisa hore: “Lefu, bophelo, mangeloi, mebuso, lintho tse teng hona joale, lintho tse tlang, matla, bophahamo, botebo kapa lintho tse ling tsohle tse bopiloeng li ke ke tsa re arohanya le lerato leo Molimo a re bontšitseng lona ka Kreste Jesu Morena oa rona.”
Lefatšeng le lecha, mathata ao re tobanang le ’ona kajeno e tla be e le pale ea maobane (Sheba serapa sa 15)
16. Ke hobane’ng ha u tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle?
16 Re na le mabaka ’ohle a ho tšepa Jehova, Molimo ea nang le ’nete. Ke ’Mopi oa rona. O re rata haholo. Bongata bo boholo bo ntse bo eketseha ka sekhahla ha batho ba lichaba tsohle ba ntse ba tla ho tla sebeletsa Jehova. (Esa. 60:22; Zak. 8:23) Rea tseba hore kamehla Jehova o phethahatsa morero oa hae le hore haufinyane o tla felisa mashano ’ohle a Satane. Re rapela joalokaha Davida a ile a rapela, re re: “Ho ke ho rorisoe Jehova Molimo, . . . eo e leng eena feela ea etsang lintho tse hlollang. Lebitso la hae le khanyang le ke le rorisoe ka ho sa feleng le khanya ea hae e tlale lefatšeng lohle.”—Pes. 72:18, 19.
PINA EA 2 Lebitso la Hao ke Jehova
a Bibele ha e re bolelle lebitso la lengeloi leo le khopo. Lengeloi leo le hlalosoa e le “Diabolose” [Moetselletsi] le “Satane” [Mohanyetsi].