Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 May maq. 20-25
  • Lula u le Haufi le Jehova ha u Ntse u Ntšetsa Lithuto Pele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lula u le Haufi le Jehova ha u Ntse u Ntšetsa Lithuto Pele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • TSOELA PELE U ETSA LINTHO TSE U THUSANG HORE U LULE U LE HAUFI LE JEHOVA
  • ‘LEBELA BOKHONI BA HAO BA HO NAHANA’
  • SEBELISA NAKO EA HAO HANTLE
  • TSOELA PELE U ‘TSAMAEA LE BATHO BA BOHLALE’
  • ITOKISE
  • Etsa Liqeto Tse Bohlale Mabapi le ho Ntšetsa Lithuto Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsena
    Lenaneo la Kopano ea Potoloho ea 2025-2026 ka Molebeli oa Potoloho
  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Lintho Tseo u sa li Tsebeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lula u Latela Jesu ka Mor’a Hore u Kolobetsoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 May maq. 20-25

LA 27 JULY–LA 2 AUGUST 2026

PINA EA 56 Rata Jehova, u mo Mamele

Lula u le Haufi le Jehova ha u Ntse u Ntšetsa Lithuto Pele

“A re tsoeleng pele ka seo re seng re se fihletse.”—BAFIL. 3:16.

NTLHA-KHOLO

Kamoo melao-motheo ea Bibele e mene e tla u thusa kateng hore u lule u le haufi le Jehova haeba u khetha ho ntšetsa lithuto tsa hao pele.

1, 2. (a) U lokela ho tsoela pele u etsa eng haeba u khetha ho ntšetsa lithuto pele? (b) Ho bolela eng ho ‘tsoela pele ka seo u seng u se fihletse’? (Bafilipi 3:16)

BAHLANKA ba bang ba Jehova ba khethile ho ntšetsa lithuto pele ka mor’a hore ba qete sekolo. Mohlomong ba entse qeto ena hobane ba nahanne hore thuto eo e tla ba thusa hore ba fumane mosebetsi o tla etsa hore ba khone ho itlhokomela ha ba ntse ba sebeletsa Jehova. U ka etsa bonnete ba hore u lula u le haufi le Jehova joang haeba u khethile ho ntšetsa lithuto pele? (Jak. 4:8a) Ha ho pelaelo hore u ile oa hlola liteko tseo u ileng oa tobana le tsona ha u ntse u le ngoana oa sekolo. Le hona joale u tla lokela ho ‘tsoela pele ka seo u seng u se fihletse,’ e leng ho tsoela pele u sebeletsa Jehova ka botšepehi.—Bala Bafilipi 3:16.

2 Leetsi la Segerike le sebelisitsoeng polelong e reng ‘ho tsoela pele ka seo u seng u se fihletse,’ hangata le ne le sebelisoa ha ho hlalosoa masole a machang a momahane. Haeba u khetha ho ntšetsa lithuto pele, u tla lokela ho tsoela pele u “macha ho ea pele” tšebeletsong ea Jehova u sa eme nģa e le ’ngoe kapa ho chechela morao. Sehloohong sena, re tl’o hlahloba melao-motheo ea Bibele e mene e tla u thusa. U se u ntse u tseba melao-motheo ena. U ile oa e sebelisa nakong e fetileng ’me u tla lokela ho tsoela pele ho e sebelisa nakong eo u ntseng u ntšetsa lithuto pele le ka mor’a moo.

TSOELA PELE U ETSA LINTHO TSE U THUSANG HORE U LULE U LE HAUFI LE JEHOVA

3. Ke bothata bofe bo ka amang lintho tseo u lokelang ho li etsa letsatsi le letsatsi ka lebaka la ho ntšetsa lithuto pele?

3 Bothata. Ho ntšetsa lithuto pele ho ka ’na ha etsa hore u be le lintho tse ngata tseo u lokelang ho li etsa letsatsi le letsatsi. Kaha u batla ho sebetsa hantle lithutong tsa hao, u ka qala ho nka mosebetsi oa sekolo o le bohlokoa ho feta ho sebeletsa Jehova. U ka ba oa qetella u se u lofa liboka le tšimo, u sa etse thuto ea botho le ho rapela.—Tšen. 2:4.

4. Ke eng e ka u thusang hore ‘u lule u phathahane ka mosebetsi oa Morena’? (1 Bakorinthe 15:58)

4 Bala 1 Bakorinthe 15:58. Feela joalokaha baesekele e tsoela pele e tsitsitse ha e ntse e tsamaea, le uena u tla lula u tsitsitse moeeng haeba ‘u lula u phathahane ka mosebetsi oa Morena.’ Ke ’nete hore ha u utloa mantsoe a reng ‘lula u phathahane,’ u nahana ka nako eo u e qetang tšebeletsong ea Jehova. Empa ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore u etse tšebeletso ena hobane e le ea bohlokoa haholo ho uena. Hopola hore ho sebeletsa Jehova ke eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hao, eseng ho ntšetsa lithuto pele. (Mat. 22:37) Morali oa bo rona e mocha ea bitsoang Samantha, o re: “Pele ke ntšetsa lithuto pele, ke ile ka itjoetsa hore haeba li ka kena-kenana le tšebeletso ea ka ho Jehova, ke tla tlohela sekolo.”

5. U ka etsa eng hore u lule u phathahane ka ho sebeletsa Jehova?

5 Seo u ka se etsang pele u ntšetsa lithuto pele. Etsa bonnete ba hore Jehova o tla lula a tla pele bophelong ba hao. Ipotse: ‘Ke tl’o etsa’ng e le hore ke khone ho lula ke ea libokeng, tšimong le ho etsa thuto ea botho kamehla?’ (Josh. 1:8; Mat. 28:​19, 20; Baheb. 10:25) Hape nahana hore na ha u ntse u le ngoana oa sekolo u ne u khona joang hore u etse lintho tseo. Haeba u utloa eka u ka be u ile oa etsa lintho ka tsela e fapaneng, ke liphetoho life tseo u ka li etsang hona joale? Ikemisetse ho tsoela pele u phathahane ka ho sebeletsa Jehova ha u ntse u ntšetsa lithuto pele. Iphe nako e lekaneng bakeng sa lithuto tsa hao empa u se ke oa sekisetsa borapeli ba hao ho Jehova.a—Mat. 6:24.

6. U lokela ho nahana ka eng ha u ntse u itlhahloba? (Sheba setšoantšo.)

6 Ha u ntse u ntšetsa lithuto pele, lula u itlhahloba kamehla, mohlomong khoeli le khoeli. Ipotse: ‘Na Jehova o ntse a tla pele bophelong ba ka?’ Hlokomela matšoao a bontšang hore ha ho sa le joalo a kang ho tloaela ho lofa liboka kapa ho fihla li se li qalile, ho nahana ka mosebetsi oa hao oa sekolo ha liboka li ntse li tsoela pele kapa ho kena liboka ka marang-rang feela. Hape hlokomela haeba ha u sa rapela le ho bala Bibele joaloka pele kapa haeba u se u ea tšimong ho phetha molao feela u tsebe ho chaisa. Haeba u se u e-na le litloaelo tse kang tseo, nka khato kapele. U se ke oa lumella lithuto hore li tle pele bophelong ba hao.

Mor’abo rona o etsa lipatlisiso tse kenelletseng ka mangolong ha a ntse a bala sehlooho sa “Molula-Qhooa.”

U se ke oa lumella thuto ho u sitisa hore u behe Jehova pele bophelong ba hao (Sheba serapa sa 6)


‘LEBELA BOKHONI BA HAO BA HO NAHANA’

7. Ho ntšetsa lithuto pele ho ka ama tsela eo u nahanang ka eona joang?

7 Bothata. Ho itšetlehile ka lithuto tseo u li etsang, ho ntšetsa lithuto pele ho ka ’na ha u pepesetsa “bohlale ba lefatše le . . . leshano,” le kang la hore Molimo ha a eo le hore lintho li iphetotse. (Bakol. 2:8) Lithuto tseo li ka ba tsa u susumelletsa hore u itšepe ho tlola. Mor’abo rona e mong e mocha o re: “Re ne re sa rutoe ho ba le bokhoni bo itseng feela, empa hangata re ne re rutoa le tsela ea ho nahana e sa lumellaneng le ea Jehova. Ka mohlala, re ne re rutoa hore ho matleng a rona hore re atlehe bophelong. Tsela ena ea ho nahana e ile ea etsa hore ke bone ke sa hloke Jehova e le hore ke thabe. E ile ea etsa hore ho be thata hore ke itšetlehe ka eena.”

8. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore u “lebele bokhoni ba hao ba ho nahana”? (Liproverbia 5:​1, 2)

8 Bala Liproverbia 5:​1, 2. Bibele e re lemosa hore ‘re lebele bokhoni ba rona ba ho nahana.’ Ho lebela ntho e itseng ho fana ka maikutlo a hore e kotsing ea ho hlaseloa. Ho joalo le ka bokhoni ba rona ba ho nahana, bo lula bo le kotsing ea ho hlaseloa. (1 Pet. 5:8) Tsela eo batho ba lefatše lena ba nahanang ka eona e ka etsa hore re belaelle seo Bibele e se rutang mabapi le boitšoaro, hore na bophelo bo bile teng joang le hore Molimo o teng. Mesuoe le batho ba bang ba ka ’na ba leka ho etsa hore u nahane hore tsela eo ba nahanang ka eona ka lintho tse kang tsena, ke e bohlale ka ho fetisisa empa ha ho joalo. Ha e le hantle “bohlale ba batho ba lefatše lena ha bo na thuso ho Molimo.”—1 Bakor. 3:​18-20.

9. U ka etsa’ng e le hore u lebele bokhoni ba hao ba ho nahana?

9 Seo u ka se etsang pele u ntšetsa lithuto pele. E le hore u lebele bokhoni ba hao ba ho nahana, etsa bonnete ba hore u kholisehile ka seo u ithutileng sona Bibeleng pele u ntšetsa lithuto pele. Ipotse lipotso tse kang: ‘Ke hobane’ng ha ke lumela ho Molimo? Ke tseba joang hore Bibele ke Lentsoe la Molimo? Ke eng e nkholisang hore melao ea Bibele ea boitšoaro, e phahametse ea lefatše?’ Hape hopola hore u ile oa bona tsela eo batho ba lefatše ba nahanang ka eona nakong eo u neng u le ngoana oa sekolo. Na tumelo ea hao e ile ea fokolisoa ke lintho tseo batho ba neng ba li bua ka thuto ea ho iphetola ha lintho? Na u ile oa lekeha habonolo ho etsa boitšoaro bo sa hloekang boo bana ba bang ba sekolo ba neng ba bo etsa? Haeba u utloa eka u ka be u ile oa etsa lintho ka tsela e fapaneng, u ka etsa’ng hona joale hore u matlafatse kholiseho ea hao? Ikemisetse ho lebela bokhoni ba hao ba ho nahana ha u ntse u ntšetsa lithuto pele.—2 Tim. 2:​16-18.b

10. U ka etsa’ng e le hore u tsoele pele u lebela bokhoni ba hao ba ho nahana?

10 Ha u ntse u ntšetsa lithuto pele, tsoela pele u itlhahloba kamehla. Ipotse: ‘Na ke susumetsoa ke mekhoa ea batho ba mpotolohileng ba etsang lintho tseo Molimo a sa li rateng? Na ke khona ho elelloa ha ntho e itseng eo ke e rutoang e le filosofi feela ’me e se ’nete? Na ke kholisehile ka ho felletseng hore ke ’Muso oa Molimo feela o ka rarollang mathata a batho?’ E le hore u lebele bokhoni ba hao ba ho nahana, tsoela pele u le seithuti se hloahloa sa Lentsoe la Molimo. Ho ithuta Bibele le ho thuisa ka eona ho tla u thusa hore u matlafatse kholiseho ea hao ea hore seo u se lumelang ke ’nete.—1 Tim. 4:15.

SEBELISA NAKO EA HAO HANTLE

11. Ke eng e ka u thatafalletsang ho sebelisa nako ea hao hantle ha u ntse u ntšetsa lithuto pele?

11 Bothata. Ho ntšetsa lithuto pele ho ka ’na ha etsa hore u phathahane le ho feta, haholo-holo ha u ngola litlhahlobo kapa u lokela ho qeta mosebetsi o itseng. Haeba u sa sebelise nako ea hao hantle, u ka tšoaroa ke stress oa ba oa qetella u e-na le mokhathala o fetelletseng. Ke kahoo ho leng bohlokoa hore u iphe nako ea ho ikoetlisa, ea ho itlhokomela ’meleng le maikutlong.

12. Ke lintho life tseo u lokelang ho ipha nako ea tsona? (Baefese 5:​15, 16)

12 Bala Baefese 5:​15, 16. Ho ka ba thata ‘ho sebelisa nako ea hao hantle,’ hobane u na le lintho tse ngata tseo u lokelang ho li etsa. Ka mohlala, u lokela ho itokisetsa litlelase tsa hao, empa ho boetse ho bohlokoa hore u be le nako ea ba lelapa le Bakreste-’moho le uena. (Pes. 133:1; Liprov. 18:1) Kamano ea hao le Jehova ke eona e ka sehloohong. (Mat. 6:33) E ka ’na eaba oa sebetsa hape u na le boikarabelo ka lapeng. Ho ekelletsa moo, u lokela ho itlhokomela ka ho robala nako e lekaneng le ho ikoetlisa e le hore u lule u phetse hantle. (Moek. 4:6; 1 Tim. 4:8) Lintho tsena kaofela li hloka hore u sebelise nako ea hao hantle.

13. U ka etsa eng e le hore u sebelise nako ea hao hantle?

13 Seo u ka se etsang pele u ntšetsa lithuto pele. Bibele e re ho rera esale pele hoa thusa. (Liprov. 21:5) Kahoo, e-ba le kemiso e ntle pele u ntšetsa lithuto pele. E le hore u khone ho etsa joalo, ipotse: ‘Na ke ne ke khona ho sebelisa nako ea ka hantle ha ke ntse ke le ngoana oa sekolo?’ Haeba u utloa eka u ka be u ile oa etsa lintho ka tsela e fapaneng, u ka etsa liphetoho life hona joale? Ikemisetse ho laola nako ea hao ho e-na le hore u lumelle nako ho u laola.c

14. Ke lipotso life tseo u ka ipotsang tsona ha u ntse u itlhahloba?

14 Ha u ntse u ntšetsa lithuto pele, lula u itlhahloba kamehla. Ipotse: ‘Na kemiso ea ka e ntumella ho robala lihora tse lekaneng le ho ikoetlisa? Na ke ba le nako ea ho ba le Bakreste-’moho? Na ke khona ho qeta mosebetsi oa sekolo ka nako? Haeba ha ho joalo, na ke hobane ke e-na le lintho tse ngata tseo ke lokelang ho li etsa kapa ke hobane ke lieha ho li etsa? Na ba lelapa le metsoalle ba bona eka ke hloka ho etsa liphetoho?’ Ho sa tsotellehe hore na u lokela ho lokisa kemiso ea hao kapa ho ba le boitšoaro, nka khato kapele. U ka ba oa bua le batho ba bang ba khonang ho sebelisa nako ea bona hantle.—Liprov. 11:14.

TSOELA PELE U ‘TSAMAEA LE BATHO BA BOHLALE’

15. U ka tobana le bothata bofe ha u ntse u ntšetsa lithuto pele?

15 Bothata. Ha u ntse u ntšetsa lithuto pele, baithuti-’moho le uena ba ka ’na ba leka ho u etsa motsoalle oa bona. Ba ka ’na ba batla hore u qete nako le bona ka mor’a sekolo. U ka ’na oa lekeha hore u lumele ho qeta nako le bona, etsoe ho na le lintho tse ngata tseo le tšoanang ka tsona, haholo-holo hobane le qeta nako e ngata le le hammoho ka tlelaseng. U ka boela oa utloa eka ho na le lintho tse ngata tseo uena le bana bao u kenang le bona ka tlelaseng le tšoanang ka tsona ho feta Bakreste-’moho le uena. Leha ho le joalo, u lokela ho ba hlokolosi. Le hoja le kena ka tlelaseng e le ’ngoe, ha le lumele lintho tse tšoanang. Hape ha u lula u qeta nako le bona, tsela eo ba nahanang ka eona e tla u ama ’me u ka qetella u nahana joaloka bona. (1 Bakor. 15:33) Mor’abo rona Michael ea qetileng lilemo tse ’nè a ithutela motlakase, o hlokometse hore seo ke ’nete. O re: “Ke qetile lihora tse fetang 40 ka beke le basebetsi-’moho le ’na ba nkang batho ba bong bo fapaneng, ’mino le puo e litšila ka tsela e fapaneng le ea ka ’me seo se ile sa qala ho nkama.”

16. Ho ‘tsamaea le batho ba bohlale’ ho bolela eng? (Liproverbia 13:20)

16 Bala Liproverbia 13:20. Bibele e re lemosa ka likotsi tsa metsoalle e mebe. Ka lehlakoreng le leng, “ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa.” Re ithuta hore batho bao re khethang ho qeta nako le bona, ba ka re susumetsa hantle kapa hampe. Kahoo, lula u tsamaea le batho ba u lakaletsang lintho tse ntle le ba sebeletsang Jehova ka lipelo tsohle joaloka uena.—Pes. 101:​6, 7; 119:63.

17. U ka etsa’ng ho qoba metsoalle e mebe?

17 Seo u ka se etsang pele u ntšetsa lithuto pele. Etsa qeto ea hore na u tla qeta nako e kae le bana bao u kenang le bona ka tlelaseng le hore na u tla tloaelana le bona hakae. Paki e ’ngoe e bitsoang Trenton e re: “Ke mosa ho bana bao ke kenang tlelase le bona, empa ha ke qete nako le bona ka mor’a sekolo. Ke ba nka e le bana bao ke kenang le bona ka tlelaseng, eseng e le metsoalle ea ka e haufi-ufi.” Uena u tla ipehela meeli efe? Ho u thusa hore u arabe potso eo, nahana ka hore na ha u ntse u le ngoana oa sekolo u ne u ipehela meeli efe. Haeba u utloa eka u ka be u ile oa etsa lintho ka tsela e fapaneng, u ka etsa liphetoho life hona joale? Ikemisetse ‘ho tsamaea le batho ba bohlale’ ’me u qobe ho tloaelana le batho ba sa rateng Jehova.d

18. U lokela ho ipotsa lipotso life? (Sheba setšoantšo.)

18 Nako le nako, itlhahlobe ka ho ipotsa lipotso tsena: ‘Na ke se ke tloaelane haholo le bana bao ke kenang le bona ka tlelaseng? Na tsela eo ba etsang lintho ka eona, ba buang le ho itšoara ka eona, e ama tsela eo ke buang le eo ke nahanang ka eona? Na Jehova o thabisoa ke tsela eo ke tloaelaneng le bana bao ke kenang ka tlelaseng le bona?’ (Pes. 1:1) Haeba u hlokomela hore u hloka ho etsa liphetoho, etsa joalo ka potlako. Etsa bonnete ba hore metsoalle ea hao e haufi-ufi ke batho ba ratang Jehova joaloka uena. Hape u se ke oa tšaba ho pakela bana bao u kenang ka tlelaseng le bona. Kaha baa u tseba ebile ba qeta nako le uena, u boemong bo botle ba ho ba thusa ho ithuta ’nete.

Morali oa bo rona o bontša moithuti-’moho le eena pampitšana ea “Na Malumeli Ohle a Etsa Thato ea Molimo? ka mor’a hore tlelase ea bona ea salune e fele.

U se ke oa tšaba ho pakela bana bao u kenang le bona ka tlelaseng (Sheba serapa sa 18)e


ITOKISE

19. U ka itokisetsa ho hlola mathata a ka u hlahelang ha u ntse u ntšetsa lithuto pele joang? Etsa mohlala.

19 Nahana ka papiso ena. Motho ea il’o hloa thaba o lokela ho etsa bonnete ba hore o hlophisitse lintho tsa hae pele a ka qala ho e hloa. Le hoja a ke ke a tseba esale pele mathata ’ohle ao a tla tobana le ’ona, o koetlile, o apere hantle ’me oa tseba hore na o ea hokae. Le uena u ka etsa lintho ka tsela e tšoanang ha u ntse u ntšetsa lithuto pele. Lula u e-na le tumelo e matla, apara “lihlomo tsohle tsa ntoa tse tsoang ho Molimo,” ’me u be le sepheo sa ho tlotlisa Jehova ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang, eseng ho finyella seo lefatše le se nkang e le ho atleha.—Baef. 6:​11-13; 1 Bakor. 9:​26, 27; 10:31.

20. U ka itlhahloba joang ‘hore na tumelo ea hao e tiile’?

20 Bibele e re: “Le ’ne le itlhahlobe hore na tumelo ea lona e tiile, le ’ne le itlhahlobe hore na le batho ba mofuta ofe.” (2 Bakor. 13:5) U ka khona ho etsa joalo ha u ntse u ntšetsa lithuto pele. Sebelisa lintho tseo re buileng ka tsona sehloohong sena ho itlhahloba kamehla. Na u na le kemiso e tsitsitseng ea ho etsa lintho tsa moea? Na u lebela tsela eo u nahanang ka eona? Na u sebelisa nako ea hao hantle? Na u khetha metsoalle har’a Bakreste-’moho le uena le ho qoba metsoalle e kotsi? Tsena ke lipotso tseo u hlokang ho ipotsa tsona hohle moo u leng teng, ebang u sekolong kapa mosebetsing. Ikemisetse ho lula u e-na le tumelo e matla ho sa tsotellehe hore na u tobane le boemo bofe. U ka kholiseha hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao.—Liprov. 3:​5, 6.

PELE U NTŠETSA LITHUTO TSA HAO PELE, U KA IKEMISETSA HO . . .

  • lula u e-na le kemiso e ntle ea ho etsa lintho tsa moea joang?

  • ‘lebela bokhoni ba hao ba ho nahana’ joang?

  • sebelisa nako ea hao hantle oa ba oa qoba metsoalle e mebe joang?

PINA EA 87 Tloong, le Khatholloe

a Ho fumana litlhahiso tsa hore na u ka lula u sebeletsa Jehova joang, sheba sehlooho se ho jw.org se reng: “Bacha Baa Botsa . . . Ke Lokela Ho Etsa’ng Ka mor’a Ho Kolobetsoa?—Karolo ea 1: Lula u Imatlafatsa.”

b Ho fumana litlhahiso tsa hore na u ka lebela bokhoni ba hao ba ho nahana joang, sheba sehlooho se reng: “U se ke oa Thetsoa ke ‘Bohlale ba Lefatše Lena’” ho Molula-Qhooa oa May 2019.

c Ho fumana litlhahiso tsa hore na u ka hlophisa lintho tseo u li etsang letsatsi le letsatsi joang, sheba sehlooho se reng: “Bacha Baa Botsa . . . Nka sebelisa nako ea ka ka bohlale Joang?” websaeteng ea jw.org.

d Ho fumana litlhahiso tsa hore na u ka etsa’ng hore u khethe metsoalle ka bohlale, sheba thuto ea 48 e reng: “Khetha Metsoalle Hantle,” bukeng ea U ka Thaba ka ho sa Feleng!

e TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Ha morali oa bo rona a ntse a ithutela ho etsa mosebetsi oa salune, o pakela ngoana ea kenang le eena ka tlelaseng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela