LA 20-26 JULY 2026
PINA EA 133 Sebeletsang Jehova le sa le Bacha
Etsa Liqeto Tse Bohlale Mabapi le ho Ntšetsa Lithuto Pele
“Ea bohlale o nahana ka mohato o mong le o mong oa hae.”—LIPROV. 14:15.
NTLHA-KHOLO
Melao-motheo ea Bibele le lintho tseo u lokelang ho nahana ka tsona ha u etsa qeto ea hore na u tla ntšetsa lithuto tsa hao pele kapa che.
1, 2. (a) Ke liqeto life tseo bacha ba lokelang ho li etsa? (b) “Ho ntšetsa lithuto pele” ho bolela eng? (Sheba “Tlhaloso.”)
“U BATLA ho ba eng ha u hola?” Haeba u mocha, e ka ’na eaba u ile oa botsoa potso ena ka makhetlo. Ho sebeletse Jehova ka nako e tletseng ke mosebetsi o molemo ka ho fetisisa oo u ka o khethang bophelong. Leha ho le joalo, u tla hloka mosebetsi oa boipheliso e le hore u khone ho itlhokomela. (2 Bathes. 3:10) Ha ho pelaelo hore e ka ’na eaba u se u nahanne ka hore na u tla khetha ho etsa mosebetsi ofe ha u se u le moholo.
2 Hangata bacha ba bang ba buisana le batsoali ba bona ka hore na ba tla etsa mosebetsi ofe ha ba se ba holile. Ka mor’a moo, ba etsa qeto ea ho ntšetsa lithuto tsa bona pele ka mor’a ho qeta sekolo.a E ka ’na eaba o kile oa ipotsa hore na u hloka ho ntšetsa lithuto tsa hao pele kapa che. Haeba ho joalo, ke lithuto life tseo u ka li etsang? Sehloohong sena, re tl’o bua ka melao-motheo ea Bibele e ka u thusang hore u etse liqeto tse bohlale mabapi le thuto. Le hoja sehlooho sena se ngolletsoe bacha ka ho toba, se ka thusa le Bakreste bohle ba batlang ho ntšetsa lithuto tsa bona pele. Melao-motheo ena e ka boela ea thusa le batsoali hore ba tataise bana ba bona.
NA U LOKELA HO NTŠETSA LITHUTO PELE?
3. Ke hobane’ng ha Bakreste ba nahana ka ho ntšetsa lithuto pele?
3 Linaheng tse ling, motho a ka ’na a khona ho fumana mosebetsi o mo patalang chelete e lekaneng hore a itlhokomele ntle le hore a ntšetsa lithuto pele. Ho tse ling teng, ho ntšetsa lithuto pele ho ka thusa motho ho fumana mosebetsi o patalang hantle kapa o mo fang nako. Mosebetsi o joalo o ka thusa Mokreste hore a qete nako e ngata mosebetsing oa boboleli kapa mesebetsing e meng e amanang le borapeli ba rona. Leha ho le joalo, batho ba khethang ho ntšetsa lithuto pele ba tla lokela ho tela lintho tse itseng ’me ho ka ’na ha etsa hore Mokreste a khethe hore na ke eng e lokelang ho tla pele bophelong ba hae.
4. Ke mang ea lokelang ho etsa qeto ea hore na Mokreste o lokela ho ntšetsa lithuto tsa hae pele kapa che? (Sheba naletsana.)
4 Bibele e re motho e mong le e mong “o tla ikarabella ka lintho tseo a li etsang.” (Bagal. 6:5) Kahoo, Mokreste e mong le e mong ea qetileng sekolo, o lokela ho iketsetsa qeto ea hore na o tla ntšetsa lithuto tsa hae pele kapa che.b Batsoali ba ikarabella ka ho etsetsa bana ba bona ba banyenyane liqeto mabapi le thuto. (Baef. 6:1) Tsela eo ba ba tataisang ka eona e tla thusa bana ba bona hore ba etse liqeto tse bohlale mabapi le thuto ha ba se ba holile.—Liprov. 22:6.
5. Motho o lokela ho qala ho nahana ka ho ntšetsa lithuto tsa hae pele neng, hona hobane’ng? (Sheba setšoantšo.)
5 Hangata bacha ba lokela ho etsa qeto ea hore na ba tla ntšetsa lithuto pele kapa che pele ba qeta sekolo. Mocha o tla be a etsa hantle ha a buisana le batsoali ba hae ka taba ena pele a etsa qeto. Ha ba buisana ka taba ena, ba tla ba le nako ea ho etsa lipatlisiso ka thuto eo a ka e khethang. Ba ka ’na ba khona ho bona hore na ke lithuto life tseo a ka li etsang sekolong tse ka mo thusang nakong e tlang ha a khetha ho ntšetsa lithuto tsa hae pele kapa a khetha ho sebetsa. Ha ho hlokahale hore ba etse qeto pele ngoana oa bona a qeta sekolo. (Liprov. 21:5) Bacha ba bang ba khethile hore ba qete sekolo, ba fumane mosebetsi le ho ba bo-pula-maliboho ha ba ntse ba nahana ka hore na ba lokela ho ntšetsa lithuto tsa bona pele kapa che. Motho a ka ’na a etsa qeto ea ho ntšetsa lithuto tsa hae pele leha a se a le moholo.
Batsoali ba Bakreste ba thusa ngoana oa bona ho etsa liqeto tse bohlale mabapi le ho ntšetsa lithuto pele (Sheba serapa sa 5)
6. U ka thusoa ke eng hore u etse qeto e molemo mabapi le ho ntšetsa lithuto pele?
6 U ka thusoa ke’ng hore u etse qeto e molemo mabapi le ho ntšetsa lithuto pele? Etsa bonnete ba hore u rapella taba ena. (Jak. 1:5) Ho ekelletsa moo, nahana ka ho nka mehato e latelang. Mohato oa pele, hlahloba sepheo sa hao ka botšepehi. (Pes. 26:2) Mohato oa bobeli, hlahloba ka hloko hore na u batla ho ithutela eng. (Liprov. 14:15) A re hlahlobeng mehato ena.
HLAHLOBA SEPHEO SA HAO
7. Bakreste ba lokela ho nahana ka eng haeba ba batla ho ntšetsa lithuto tsa bona pele?
7 U lokela ho ipotsa potso ena ea bohlokoa haeba u ntse u nahana ka ho ntšetsa lithuto tsa hao pele, ‘Ke hobane’ng ha ke batla ho etsa thuto ee?’ Batho ba bangata ba batla ho ntšetsa lithuto tsa bona pele hobane ba batla ho fumana mosebetsi oo ba o ratang kapa o patalang chelete e ngata. Na ho ba le sepheo se joalo ho fosahetse? Che. (1 Tim. 5:8) Leha ho le joalo, Bibele e re lemosa ka likotsi tsa ho rata maruo le ho ipatlela tšireletseho lefatšeng lena. (Liprov. 23:4, 5; 1 Tim. 6:8-10; 1 Joh. 2:17) Haeba sepheo sa hao ke ho khahlisa batho ba bang kapa ho ba morui, u ke ke oa thaba ebile u ka suthela hole le Jehova.
8, 9. (a) Bakreste ba lokela ho nka thuto joang? (Matheu 6:33) (b) U ithuta eng ho seo Morali oa bo rona Josefina, Morine le Iris ba se buileng?
8 U lokela ho nka thuto joang? Ha ho letho leo re lokelang ho le nka e le la bohlokoa ho feta ho sebeletsa Jehova. (Mat. 22:37, 38; Bafil. 3:8) Kahoo, nka thuto e le mokhoa feela oa ho u thusa hore u itlhokomele ha u ntse u sebeletsa Jehova ka pelo eohle.—Bala Matheu 6:33.
9 Bakreste ba bang ba thusitsoe ke’ng hore ba be le pono e nepahetseng ka ho ntšetsa lithuto pele? Morali oa bo rona Josefina oa Chile, o re: “Ke ile ka ntšetsa lithuto tsa ka pele e le hore nka fumana mosebetsi o tla nthusa ho sebeletsa Jehova haholoanyane. Ho e-na le ho etsa hore lithuto tsa ka e be tsona tse tlang pele, ke ile ka etsa bonnete ba hore lintho tsa moea e ba tsona tse tlang pele bophelong ba ka.” Morali oa bo rona Morine o ile a nka selemo a ntse a ithutela mosebetsi oa salune. Hobane’ng? O re: “Pakane ea ka e ne e le ho sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo. Kahoo, ke ile ka khetha ho etsa thuto e neng e tla etsa hore ke finyelle pakane eo. Ka mor’a ho etsa thuto eo, ke ile ka sebelisa seo ke ithutileng sona e le hore ke etse batho moriri eaba ke boloka chelete e le hore nka ea moo ho nang le tlhokahalo. Ha ke se ke le moo, thuto eo ke ileng ka e fumana e ile ea nthusa hore ke fumane mosebetsi.” Morali oa bo rona Iris, ea ileng a qeta nako a ithutela ho ba ngaka ea meno, o re: “Ho na le melemo e itseng ka ho ntšetsa lithuto pele, empa lithuto tseo li ke ke tsa u tlisetsa thabo ea sebele. Lekunutu la ho fumana thabo ea sebele bophelong ke lena: Haeba re beha Jehova pele bophelong ba rona, o tla etsa bonnete ba hore re thabile ebile re na le sohle seo re se hlokang.” Kannete, haeba setsoalle sa rona le Jehova e le sona sa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba rona, re tla etsa liqeto tse tla re thusa hore re lule re thabile.
NAHANA KA LITLA-MORAO LE MELEMO EA HO NTŠETSA LITHUTO PELE
10. U ka sebelisa molao-motheo o ho Deuteronoma 32:29 joang ha u etsa qeto mabapi le ho ntšetsa lithuto pele?
10 E ka ’na eaba ho se ho ntse ho e-na le thuto kapa mosebetsi o itseng oo u batlang ho o etsa. Leha ho le joalo, ho boetse ho bohlokoa ho nahana ka menyetla e meng eo u ka e fumanang mosebetsing oo u batlang ho o etsa kapa mesebetsing eo u sa kang oa nahana ka eona. (Bapisa le Liproverbia 18:17.) Kajeno, ho na le menyetla e mengata haholo ea ho ntšetsa lithuto tsa hao pele. Ka mohlala, ho na le lithuto tseo u ka khonang ho ithuta tsona u ntse u le hae, u sebelisa Inthanete. Hape u nahane ka hore na u tla itlhokomela joang haeba u sa ntšetse lithuto tsa hao pele. Ka mohlala, Morali oa bo rona Johanna oa Finland, ea sa kang a ntšetsa lithuto tsa hae pele, o re: “Ka mor’a hore ke qete sekolo, ke ile ka sebetsa ka matsatsi le ho ba pula-maliboho. Ke ne ke etsa mesebetsi e mengata e fapaneng, ’me ke ile ka bona kamoo Jehova a lulang a phethahatsa tšepiso ea hae ea hore o tla re fa seo re se hlokang.” Hopola hore ho na le melemo le litla-morao tsa qeto eo u tla e etsa mabapi le ho ntšetsa lithuto pele. Ipotse: ‘Na melemo ea ho ntšetsa lithuto tsa ka pele e feta hole litla-morao?’ (Bala Deuteronoma 32:29; 1 Bakor. 10:23) A re bueng ka lintlha tse ling tsa bohlokoa tse tla re thusa ho fumana karabo ea potso ena.
11. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho nahana ka nako eo u tla e qeta u ntse u ithuta? (Sheba litšoantšo.)
11 Kemiso. Nahana ka lihora tse ngata tseo u tla lokela ho li qeta u ea litlelaseng, u ithuta hore na mosebetsi o etsoa joang le ho etsa mosebetsi oa sekolo o le hae. Na u tla ba le nako ea lintho tsa moea le ea ho etsa mesebetsi e meng e lokelang ho etsoa ka lapeng? (Bafil. 1:10) Na lithuto tsa hao li tla u khathatsa kelellong hoo u ke keng oa khona ho lokisetsa liboka kapa ho etsa thuto ea botho? Mor’abo rona Jeroz oa India o ile a etsahalloa ke ntho e tšoanang. O re: “Ke ne ke thatafalloa ke ho ea tšimong kamehla le ho tsepamisa mohopolo ha ke le libokeng. Ka linako tse ling, ke ne ke bile ke sa ee libokeng. Ha ke hetla morao, kea hlokomela hore qeto eo ke ileng ka e etsa e ne e sa ntsoele molemo ho hang. E ne e ntjella nako ebile e nqeta matla.” Ho na le lithuto tse ling tse sa jelleng motho nako tseo u ka khethang ho li etsa. Tse ling ke tseo u ka li etsang ka matsatsi ’me tse ling tsona ha li hloke hore u etse mosebetsi o mongata oa sekolo o le hae. Ka mohlala, Morali oa bo rona Rabeca oa Mozambique, o thabetse thuto eo a ileng a khetha ho e etsa. O re: “Thuto eo e ne e nka lihora tse peli feela ka letsatsi. E ile ea mpha nako ea hore ke tsoele pele ke le pula-maliboho ea kamehla.”
Haeba u nahana ka ho ntšetsa lithuto pele, etsa bonnete ba hore u na le nako ea ho etsa lintho tse ling tsohle tsa bohlokoa (Sheba serapa sa 11)
12. U ka ipotsa lipotso life e le hore u sebelise nako ea hao hantle mabapi le thuto? (Moeklesia 12:1)
12 E tla nka likhoeli kapa lilemo tse kae? Nahana ka hore na ho tla nka nako e kae hore u qete thuto eo. Na u tla be u sebelisa nako ea hao hantle haeba u khetha ho etsa thuto eo? (Baef. 5:15-17) Haeba u mocha, na ho etsa thuto eo ho tla u thusa hore u fe Jehova sohle seo u ka se khonang bocheng ba hao, mohlomong ka hore u kenele tšebeletso ea nako e tletseng? (Bala Moeklesia 12:1.) Na ho na le lithuto tse ling tse khutšoanyane tseo u ka li etsang tse tla u thusa hore u fumane mosebetsi oo u o batlang? Ka mohlala, mesebetsing e meng kapa likolong tse ling u ka ithuta ho ba le bokhoni ba ho etsa ntho eo u batlang ho e etsa ka nako e khutšoanyane ebile e le ka litjeho tse tlase ho feta haeba u khetha ho ea univesithi. Mor’abo rona Mario oa Chile, o re: “Ke ile ka khetha ho etsa thuto e nkang lilemo tse peli feela, e neng e le litjeho li tlase ha e bapisoa le ea univesithi. Ke ne ke ea sekolong ka matsatsi a mane feela ka beke, ’me seo se ile sa nthusa hore ke be pula-maliboho ke ntse ke ea sekolong.”
13. Ho tla etsahala eng haeba u khetha ho ntšetsa lithuto tsa hao pele u le hole le hae?
13 U tla etsetsa thuto eo hokae. U ka ’na oa fumana sekolo se haufi le lapeng. Empa ho thoe’ng haeba thuto eo e sekolong se hole le lapeng? Kapa ho thoe’ng haeba thuto eo e hloka hore u e’o lula sekolong? Ela hloko hore ho lula hole le hae ho ka u lematsa moeeng, haholo-holo haeba u tla lula le batho bao eseng Lipaki Tsa Jehova. (Liprov. 22:3; 1 Bakor. 15:33) Mor’abo rona Matias oa Mozambique, o ile a etsa thuto e neng e le litjeho li tlase ebile e nka selemo feela. Leha ho le joalo, o ikoahlaela qeto eo a ileng a e etsa. Hobane’ng? O re: “Ke ne ke lokela ho qeta nako eohle ke lula sekolong. Letsatsi le letsatsi ke ne ke lekeha ho etsa lintho tse mpe. Nka khothalletsa ba bang hore ba se ke ba etsa thuto e tla etsa hore ba lule hole le ba lelapa.” Morali oa bo rona oa Russia o re: “Ke ile ka qoba likotsi le liteko tse ngata ka hore ke kene sekolo ke ntse ke lula hae le batsoali ba ka, ho e-na le ho e’o lula sekolong le bana bao eseng Lipaki.” U ka ’na oa khona ho fumana thuto eo u ka e etsang Inthaneteng u ntse u le lapeng.
14. Molao-motheo o ho Luka 14:28 o ka u thusa joang ha u ntse u nahana ka ho ntšetsa lithuto pele?
14 Lithuto tsa hao e tla ba bokae? Lithuto tse ling ha li turu hape ’muso o ka li patalla. Kahoo, u ka khona ho ntšetsa lithuto tsa hao pele u sa sebelise chelete e ngata ’me oa ba le tsebo le bokhoni tse tla u thusa ho fumana mosebetsi. Empa libakeng tse ngata, ho ntšetsa lithuto pele hoa tura. U ka boela oa lokela ho hira tichere e tla u thusa ka lithuto tsa hao e le hore u tšoanelehe ho ingolisa sekolong seo u batlang ho ea ho sona. Lithuto tse ling li turu hoo li sieang baithuti ba khanngoe ke sekoloto seo ba lokelang ho se patala ka lilemo tse ngata. Mor’abo rona Adilson oa Mozambique, o ikoahlaela thuto eo a ileng a khetha ho e etsa. O re: “Ke holisitsoe ke Nkhono le Ntate-moholo. Ba ne ba lokela ho tela chelete ea lijo le ea lintho tsa mantlha e le hore ba lefelle thuto eo ke neng ke lokela ho e etsa, e neng e nka lilemo tse ’nè.” Ha u ntse u sheba hore na u tla etsa thuto efe, ipotse: ‘Li tla ja bokae? Na ke tla khona ho ipatalla kapa ba lelapa leso ba tla khona ho mpatalla? Na ho na le thuto e seng turu eo nka e etsang?’ (Bala Luka 14:28.) ‘Haeba ke ikenya sekolotong, ke tla nka nako e kae hore ke se patale? Haeba hamorao ke fumana mosebetsi, na o tla nthusa hore ke itlhokomele ke be ke lefe sekoloto seo?’—Liprov. 22:7.
15. Ke hobane’ng ha u lokela ho nahana ka tlhoko ea mosebetsi pele u etsa qeto ea ho etsa thuto e itseng?
15 Tlhoko ea mosebetsi oo u batlang ho o etsa. Leka ho nahana ka hore na mosebetsi oo u batlang ho o etsa o hlokahala hakae moo u lulang teng kapa moo u batlang ho e’o lula teng. Na thuto eo u batlang ho e etsa e tla u thusa hore u fumane mosebetsi oo? Lithuto tse ling ha li rute motho hore a tsebe ho etsa mosebetsi. Ho e-na le hoo, li ruta motho hore a be le tsebo ea ka hloohong feela. (Bakol. 2:8) Morali oa bo rona oa India o re: “Thuto eo ke ileng ka e etsa, ha ea ka ea ntsoela molemo. Ha ea nthusa hore ke be le bokhoni ba ho etsa mosebetsi oo bahiri ba neng ba o hloka. Kahoo, ha kea ka ka khona ho fumana mosebetsi oa ntho eo ke ithutetseng eona.” Lithuto tse ling tsona, li ka u ruta hore u khone ho etsa mosebetsi, empa tlhoko ea mosebetsi oo e be e le nyenyane haholo. Mor’abo rona Sublime oa Central African Republic, o ile a ithutela ho lokisa li-air conditioner. Leha ho le joalo, o re: “Batho ba bangata ba moo ke lulang teng, ba tseba ho itokisetsa lintho. Kahoo, ho thata hore ke fumane mosebetsi.”
16. Ke hobane’ng ha ho le molemo ho nahana ka mosebetsi oo u tla o fumana ka mor’a hore u qete lithuto tsa hao?
16 U ka boela oa nahana ka mofuta oa mosebetsi oo u ka ’nang oa u fumana. Na u tla o thabela? (Moek. 3:12, 13) Moo u tla sebetsa teng ho joang, hona u tla sebetsa le batho ba joang? Na ke mosebetsi o tsebahalang o sireletsehile, o nang le tlholisano kapa ke mosebetsi o tsebahalang o opisa hlooho? Mofuta oo oa mosebetsi o patala bokae? Na mokholo oo o tla anela litlhoko tsa hao tsa mantlha? Na u tla hloka hore u ’ne u ee sekolong e le hore u tsoele pele u sebetsa? Habohlokoa le ho feta, na mosebetsi oo o tla u lumella hore u behe lithahasello tsa ’Muso pele bophelong ba hao? (Moek. 12:13) Ke ’nete hore re ke ke ra khetha mosebetsi joalokaha eka re khetha lipalesa serapeng, haholo-holo haeba o sa fumanehe. Empa liqeto tseo re li etsang mabapi le thuto, li ka ama menyetla eo re ka bang le eona ea ho fumana mosebetsi. Morali oa bo rona Tabitha oa India, o ile a ithutela moroko ka likhoeli tse tšeletseng. O re: “Ke ile ka bona hore mosebetsi ona oa ho roka, o tla nthusa hore ke be pula-maliboho. Tlhoko ea mosebetsi ona e ngata hape nka sebetsa ka nako eo ke e batlang, ’me o ke ke oa ntlhoka chelete e ngata hore ke o qale.” Thuto eo Morali oa bo rona Tabitha a ileng a khetha ho e etsa e ile ea mo thusa hore a fumane mosebetsi o neng o mo thusa ho tsoela pele e le pula-maliboho.
17. (a) Mokreste a ka fumana lintlha tseo a li hlokang joang e le hore a etse qeto e bohlale mabapi le thuto? (b) Ke melao-motheo efe ea Bibele e fanang ka leseli mabapi le qeto ee? (Sheba lebokose le reng “Melao-motheo ea Bibele eo u Lokelang ho Nahana ka Eona.”)
17 Re se re buile ka lintlha tse ngata tseo u lokelang ho nahana ka tsona mabapi le ho ntšetsa lithuto pele. Empa u ka fumana lintlha tseo u li hlokang joang e le hore u etse liqeto tse bohlale? Etela sekolong kapa u kene websaeteng ea sekolo seo e le hore u etse lipatlisiso ka thuto eo u batlang ho e etsa. Sheba hore na mosebetsi oo u batlang ho o etsa o hlokahala hakae. U ka boela oa bua le batho ba seng ba entse thuto eo kapa ba etsang mosebetsi oo u o batlang. (Liprov. 13:10) Ba botse, “Thuto ee kapa mosebetsi oo o na le melemo efe le mathata afe?” Bua le batho ba sebeletsang Jehova ba thabile. (Liprov. 15:22) Ba u khothalletsa ho etsa mosebetsi ofe kapa ho etsa thuto efe? Ba ka ba ba u bontša thuto kapa mosebetsi oo u neng u sa ka oa nahana ka oona.
18. Re lokela ho hopola eng?
18 Joalokaha re se re bone, ho na le melemo le litla-morao tsa ho ntšetsa lithuto pele. Kahoo, rapela ’me u nahane ka seo u ka se etsang. Hopola hore le hoja ho ntšetsa lithuto pele ho ka etsa hore u itlhokomele, ntho feela e ka etsang hore u thabe e le kannete bophelong ke hore u be le setsoalle se haufi le Jehova. (Pes. 16:9, 11) Jehova o tla lula a hlokomela batho ba hae ho sa tsotellehe hore na ba rutehile kapa che. (Baheb. 13:5) Empa ho thoe’ng haeba u se u entse qeto ea hore u tla ntšetsa lithuto tsa hao pele? U ka thusoa ke eng hore u lule u le haufi le Jehova ha u ntse u li ntšetsa pele? Potso ena e tla arajoa sehloohong se latelang.
PINA EA 45 Lintho Tseo ke Nahanisisang ka Tsona
a TLHALOSO: Sehloohong sena le se latelang, “ho ntšetsa lithuto pele” ho bolela ho etsa lithuto leha e le life tse akarelletsang lithuto tse khutšoanyane kapa tse nkang nako e telele tseo re li fumanang liunivesithing, mesebetsing le likolong tse fanang ka koetliso ea mosebetsi oa matsoho, ka mor’a ho qeta lithuto tsa motheo tseo ’muso o fanang ka tsona.
b Nakong e fetileng, lingoloa tsa rona li ne li sa khothalletse Bakreste hore ba ntšetse lithuto tse itseng pele. Ka mohlala, sehlooho se reng “Batsoali—Le Batlela Bana ba Lōna Bokamoso bo Joang?” se ho Molula-Qhooa oa October 1, 2005, se ile sa bua ka likotsi tse mabapi le thuto e phahameng. Le hoja likotsi tsena li ntse li le teng, ho etsa qeto ea ho ntšetsa lithuto pele kapa che ke qeto ea botho. Mokreste e mong le e mong, o lokela ho rapela le ho nahana ka melao-motheo ea Bibele le lintho tse kenelletseng mabapi le thuto e itseng pele a etsa qeto. Sena se akarelletsa le hlooho e ’ngoe le e ’ngoe ea lelapa e lokelang ho etsetsa ngoana qeto. O boetse o lokela ho nahana ka hore na o hloka ho etsa’ng e le hore a fumane thuto eo pele a etsa qeto. Mabapi le bana ba ka tlase ho lilemo tse 18, batsoali ba lokela ho etsa se tšoanang. Ha ho na Mokreste, ho akarelletsa le baholo, ea lokelang ho ahlola qeto ea Mokreste-’moho mabapi le taba ena.—Jak. 4:12.