Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 May maq. 26-31
  • Hlompha Liqeto Tsa Batho ba Bang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hlompha Liqeto Tsa Batho ba Bang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • KE LIQETO LIFE TSA BOTHO TSE KA ETSANG HORE RE AHLOLE BA BANG?
  • KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO HLOMPHA LIQETO TSA BOTHO TSA BA BANG?
  • RE KA HLOMPHA MAIKUTLO A BA BANG JOANG?
  • Etsa Liqeto Tse Thabisang Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Liqeto Tse Bontšang Hore re Tšepa Jehova
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • E-ba le Tumelo​—⁠’Me U Etse Liqeto ka Bohlale
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Etsa Liqeto Tse Tlotlisang Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 May maq. 26-31

LA 3-9 AUGUST 2026

PINA EA 113 Re na le Khotso

Hlompha Liqeto Tsa Batho ba Bang

“Le se ke la mo ahlola hobane a e-na le maikutlo a fapaneng le a lona.”—BAR. 14:1.

NTLHA-KHOLO

Kamoo re ka hlomphang Bakreste-’moho kateng ha ba etsa liqeto tseo re sa lumellaneng le tsona.

1, 2. Ke hobane’ng ha ka linako tse ling liqeto tsa rona li fapana le tsa ba bang?

NA U kile oa utloa eka u ahlotsoe ka ho hloka toka ka lebaka la qeto eo u e entseng? Na u kile oa ahlola Mokreste-’moho ka lebaka la qeto eo a e entseng? Ha ho pelaelo hore boholo ba rona re ka araba lipotso tsena ka bobeli ka e.

2 Ha rea lokela ho makatsoa ke hore ebe ka linako tse ling re etsa liqeto tse fapaneng le tsa Bakreste ba bang ba tšepahalang. Hobane’ng? Hobane ha re tšoane. Re bona lintho ka litsela tse fapaneng. Tsela eo re nahanang ka eona e susumetsoa ke setso sa rona, ba lelapa le lintho tse ileng tsa re etsahalla bophelong. Empa ha rea lokela ho lumella maikutlo a rona a sa tšoaneng hore a senye khotso le bonngoe ka phuthehong.—Baef. 4:3.

3. Ke eng e ka etsang hore re ahlole Mokreste-’moho ka qeto eo a e entseng?

3 Ha Mokreste-’moho a etsa qeto eo re sa lumellaneng le eona, re ka utloa eka re hloka ho fetola monahano oa hae kapa ra batla ho bolella batho ba bang hore re nahana hore o entse qeto e fosahetseng. E ka ’na eaba re etsa joalo ka sepheo se setle. Re rata bara le barali ba bo rona, ’me re ba batlela se molemo. (Liprov. 17:17) Kahoo, ha re batle ho bona ba etsa qeto eo hamorao ba tla ikoahlaela eona kapa e ka senyang kamano ea bona le Molimo.

4, 5. Re lokela ho etsa eng haeba Mokreste-’moho a khetha ho etsa ntho e fapaneng le eo re ka beng re e entse?

4 Na re lokela ho bolella Mokreste-’moho hore na ke hobane’ng ha qeto ea hae e re tšoenya? Ho tsoa ka hore na maemo ke afe. Ka mohlala, haeba re hlokomela hore o batla ho etsa ntho e khahlanong le melao ea Bibele, re lokela ho mo thusa hore a lokise monahano oa hae hobane re mo rata. (Liprov. 27:​5, 6) Leha ho le joalo, re lokela ho etsa’ng haeba a khetha ho etsa ntho e seng khahlanong le molao oa Molimo, empa feela e fapane le eo re ka beng re e entse? Joalokaha lengolo la rona la sehlooho le bontša, ha rea lokela ho ‘ahlola motho hobane a e-na le maikutlo a fapaneng le a rona.’—Bar. 14:1.

5 Ho ntse ho le joalo, re ka thatafalloa ke ho hlompha qeto eo a e entseng. Sehloohong sena, re tl’o hlahloba hore na ke hobane’ng ha re lokela ho hlompha liqeto tsa ba bang le hore na re ka etsa seo joang. Empa pele ho moo, a re bueng ka maemo a mang a akarelletsang liqeto tsa botho tse ka etsang hore re ahlole Bakreste-’moho le rona.

KE LIQETO LIFE TSA BOTHO TSE KA ETSANG HORE RE AHLOLE BA BANG?

6, 7. Hlalosa boemo boo ho bona re ka ahlolang ba bang ka liqeto tseo ba li etsang.

6 Joalokaha re boletse pejana, re ka ba le maikutlo a matla ka lintho tse itseng ka lebaka la tsela eo re hotseng ka eona kapa lintho tse re etsahalletseng bophelong. Re ka nahana hore batho ba bang ba na le maikutlo a tšoanang le a rona. Empa ha se kamehla ho leng joalo. Nahana ka maemo a ’maloa. Boemo ba pele: Pele mor’abo rona a ithuta ’nete, o ne a holisoa ke ntate ea neng a sebelisa tahi hampe. Joale ha a le ’mokeng o bona Bakreste ba bang ba noa joala. Sena ha se mo thabise ’me o ba bolella hore seo ba se etsang se fosahetse. Boemo ba bobeli: Morali oa bo rona o ile a atleha ho loantša boloetse bo itseng bo kotsi. Hamorao, o utloa hore morali oa bo rona e mong o tšoeroe ke boloetse bo tšoanang. Kaha o batla ho mo thusa, o mo hatella hore a sebelise mofuta oa phekolo oo a ileng a o sebelisa, ebang ke oa ho ja lijo tse itseng kapa ho sebelisa meriana e itseng ea ngaka kapa ea tlhaho. Boemo ba boraro: Mor’abo rona e ne e le setho sa bolumeli ba bohata. Hona joale ha a bo batle le moo bo hatileng. O halefa hona hoo ha a utloa hore Mokreste-’moho le eena o ne a ile lefung le neng le tšoaretsoe kerekeng.a

7 Nahana ka maemo a mang a eketsehileng. Boemo ba bone: Mehleng ea mor’abo rona, batho ba bangata ba ne ba nka ho sa lokela hore banna ba holise litelu kapa hore basali ba tene marikhoe a formal a li-slack. Le hoja mor’abo rona a tseba hore ho entsoe liphetoho tabeng ena, o lula a bolella ba bang hore banna ba Bakreste ha baa lokela ho holisa litelu le hore basali ba Bakreste ba lokela ho tena mese ha ba ea libokeng, likopanong kapa tšimong. Boemo ba bohlano: Moholo o tseba mor’abo rona ea ileng a ntšetsa lithuto tsa hae pele eaba hamorao o tlohela ’nete. Hona joale mor’abo rona e mong e mocha ea kopanelang le moholo eo, o batla ho ntšetsa lithuto tsa hae pele. Moholo o tšoenyehile ’me o leka ho behela mor’abo rona ea mocha le batsoali ba hae mabaka e le hore ba fetole qeto ea bona.

8. (a) Ke eng e ka etsang hore motsoali a ahlole batsoali ba bang? (b) Ho ahlola batho ba bang ka lintho tseo ba li etsang ho ka ama phutheho joang?

8 Nahana ka boemo bo ka amang batsoali. Boemo ba botšelela: Joaloka motsoali, u sebetsa ka thata ho holisa bana ba hao “ka ho ba khalemela le ho ba tataisa ka tsela eo Jehova a e batlang.” (Baef. 6:4) Empa batsoali ba bang ba Bakreste ba lumella bana ba bona ho etsa lintho tse itseng tseo uena u sa lumelleng bana ba hao ho li etsa. Ka mohlala, ba lumella bana ba bona ho fihla lapeng mantsiboea haholo, ho ea papaling kapa ho ba le fono ba sa le banyenyane. Kahoo, ngoana oa hao o utloa eka u mo tsoere ka thata. Oa u botsa, o re: “Ke hobane’ng ha u sa tšoane le batsoali ba motsoalle oa ka?” Boemo bo joalo bo ka etsa hore u nke batsoali ba bang hampe. ’Nete ke hore re ka ahlola qeto ea botho eo Mokreste a e etsang haeba e fapane le ea rona. Ka mohlala, re ka ’na ra se ke ra rata boithabiso boo a bo khethang, tsela eo a sebelisang chelete ka eona kapa hore ebe o lula a intšitse a e’o ikhatholla. Empa ha rea lokela ho lumella maikutlo a rona hore ebe ’ona a bohlokoa ho feta ho ba le bonngoe ka phuthehong.

9. Re na le pakane efe kaofela, hona re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra etsa eng? (Sheba setšoantšo.)

9 Ha qeto ea Mokreste e mong e fapane le ea e mong, ha ho bolele hore qeto ea e mong e nepahetse ’me ea e mong e fosahetse. (Bar. 14:5) Taba ea hore Bakreste ba rutoa hore ‘ba lumellane’ ha ho tluoa tabeng ea ho mamela melao ea Jehova, ha e bolele hore re lokela ho nahana ka tsela e tšoanang litabeng tsohle tsa botho. (2 Bakor. 13:11) Re ka bapisa liqeto tsa rona tsa botho le liqeto tseo re li etsang ha re batla ho ea sebakeng se itseng. Hangata ho na le litsela tse sa tšoaneng tse re lebisang sebakeng se le seng. Re khetha tsela eo re e ratang le e tla re tsoela molemo. Ka tsela e tšoanang, kaofela ha rona re etsa liqeto tse sa tšoaneng, empa pakane ea rona ke ho thabisa Jehova. Kahoo, ha re ahlole ba bang ka liqeto tsa botho tseo ba li etsang.—Mat. 7:1; 1 Bathes. 4:11.

’Mapa o hlahileng fonong, o hlahisitse mekhoa e fapaneng ea lipalangoang e nkang litsela tse fapaneng tse eang sebakeng se le seng.

Joalokaha batho ba ka khetha hore na ba tla tsamaea ka tsela efe e le hore ba fihle moo ba eang, Bakreste le bona ba ka etsa liqeto tse fapaneng tsa botho ha ba ntse ba sebeletsa Jehova (Sheba serapa sa 9)


KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO HLOMPHA LIQETO TSA BOTHO TSA BA BANG?

10. Ho ea ka Jakobo 4:​12, ha re na tokelo ea ho etsa eng, hona hobane’ng?

10 Bibele e na le mabaka a mangata a hore na ke hobane’ng ha re lokela ho hlompha liqeto tsa botho tsa ba bang. Nahana ka a mang a ’ona. Ha re na tokelo ea ho ahlola ba bang litabeng tsa botho. (Bala Jakobo 4:12.) Ke Jehova feela ea tšoanelehang le ea nang le tokelo ea ho re joetsa hore na re etse’ng le hore na re se ke ra etsa’ng. Kahoo, bara le barali ba bo rona ba ikarabella ho Jehova, eseng ho rona. (Bar. 14:10) Ha re na tokelo ea ho ba ahlola kapa ho nyatsa liqeto tsa bona re itšetlehile ka melao eo re ipehetseng eona kapa maikutlo a rona.b

11. Re ka etsa eng hore ho be le bonngoe ka phuthehong? (Sheba setšoantšo.)

11 Jehova o batla hore barapeli ba hae ba momahane, eseng hore ba nahane ka ho tšoana. Ha e le hantle, Molimo oa rona o rata lintho tse sa tšoaneng. Re bona bopaki ba sena linthong tseo a li bopileng. Ka mohlala, masiba a mabeli a nonyana e le ’ngoe ha a tšoane. Nahana feela ka batho. Har’a batho ba ka holimo ho libilione tse robeli lefatšeng, ha ho na ba tšoanang hantle, ebang ke ka chebahalo kapa botho. Jehova o entse hore re se ke ra tšoana. Ha a batle hore re tšoane tšoanang ea libotlolo. Empa o batla hore re momahane. Kahoo, ho e-na le hore re lumelle ho se tšoane hore ho re arole, re lokela ho amohela hore ha re tšoane. Ntho ea bohlokoa ho rona ke ho ba le khotso le bonngoe ka phuthehong eseng maikutlo a rona le lintho tseo re li ratang.—Bar. 14:19.

Bara le barali ba bo rona ba merabe le lilemo tse sa tšoaneng ba thabela lijo hammoho. Ba bang ba noa joala, ha ba bang bona ba noa lino tse ling. Bara ba bo rona ba bang ba holisitse litelu, ha ba bang bona ba li kutile.

Jehova o entse hore re se ke ra tšoana, empa o batla hore re momahane (Sheba serapa sa 11)


RE KA HLOMPHA MAIKUTLO A BA BANG JOANG?

12, 13. Re lokela ho hopola eng haeba re nahana hore motho e mong o entse ntho e fosahetseng? (Bagalata 6:1; sheba lebokose le reng “Ha u sa Lumellane le Eona.”)

12 Ha ba bang ba etsa liqeto tsa botho. Ipotse, ‘Na motho eo o etsa ntho e fosahetseng kapa o mpa feela a etsa ntho e fapaneng le eo ke neng ke tla e etsa?’ Haeba a hlile a etsa ntho e fosahetseng, e khahlanong le molao oa Bibele, ipotse, ‘Na ke na le litšoaneleho tsa Mangolo tse hlokahalang ho mo thusa boemong boo kapa ho na le motho e mong ea tšoanelehang ho mpheta, joaloka moholo?’ Haeba u tšoaneleha, leka ho bua le eena ka bonolo. (Bala Bagalata 6:1.) Leha ho le joalo, hangata u ka ’na oa hlokomela hore qeto eo a e entseng e mpa feela e le ntho e fapaneng le eo u neng u ka e etsa. Haeba ho le joalo, u se ke oa mo tšoaea-tšoaea liphoso kapa oa bua hampe ka qeto ea hae. Hlompha tokelo ea hae ea ho ikhethela ’me u se ke oa mo ahlola.—Bar. 14:​2-4.

13 Nahana ka papiso ena: Haeba u ile reschorenteng le motsoalle, na u tla tsitlella hore a reke lijo tse tšoanang le tsa hao? Che. U tla hlompha tokelo ea hae ea ho ikhethela lijo tseo a li batlang, etsoe seo a khethang ho se ja ha se u ame. Le uena u ne u ke ke oa batla hore motsoalle oa hao a u rekele lijo tse batloang ke eena. Ka ho tšoanang, re ka bontša hore re hlompha ba bang ka ho ba lumella hore ba iketsetse liqeto tsa botho ntle le ho ba hatella hore ba etse seo re se batlang.

Ha u sa Lumellane le Eona

Ha u sa lumellane le qeto eo Mokreste-’moho a e entseng, leka ho ipotsa lipotso tse latelang. Li ka u thusa ho qoba mathata a mangata.—Bagal. 6:5.

  • Na qeto ea hae e khahlanong le melao ea Bibele?

  • Na qeto ea hae e susumelitsoe ke tsela eo a hotseng ka eona? Haeba ho joalo, na e fosahetse?

  • Na ehlile qeto ea hae e ka mo ntša kotsi, kapa mohlomong ke fetelletsa taba?

  • Qeto ea hae e ka ’na ea e-ba le melemo efe?

  • Na o etsa ntho e fosahetseng kapa o mpa feela a etsa ntho e fapaneng le eo nka beng ke e entse?

  • Haeba a hlile a entse ntho e fosahetseng, na ke na le litšoaneleho tsa Mangolo tse hlokahalang ho mo thusa ho lokisa monahano oa hae?

14. U ka etsa eng hore ho be le bonngoe ha u etsa liqeto tsa botho? (1 Bakorinthe 8:​12, 13)

14 Ha u etsa liqeto tsa botho. U ka etsa hore ho be le bonngoe ka ho etsa sohle seo u ka se khonang ho qoba ho khopisa ba bang. (Bala 1 Bakorinthe 8:​12, 13.) Ka linako tse ling, u ka ’na oa tseba hore qeto eo u tl’o e etsa e “lumeletsoe ke molao,” e leng hore ea amoheleha. Empa haeba e tla khopisa ngoan’eno, na e tla be e le “molemo”?c (1 Bakor. 10:​23, 24) Maemong a joalo, ho e-na le ho nahana feela ka hore u ka etsa seo u se batlang, nahanela maikutlo a batho ba bang. (Bar. 15:1) Empa na ha re qete ho bua ka hore ba bang ba lokela ho hlompha liqeto tsa botho tseo re li etsang? E, ho joalo. Ba lokela ho hlompha liqeto tsa rona, joalokaha le rona re hlompha tsa bona. Empa re boetse re lokela ho lula re hopola keletso ena ea Bibele e ho Baroma 12:​18, e reng: “Le etse sohle seo le ka se khonang e le hore le be le khotso le batho bohle.” Kahoo, re etsa sohle seo re ka se khonang e le hore re lule re e-na le khotso le ba bang le ho qoba ho ba khopisa ho sa hlokahale.

15. Baholo ba tlatsetsa joang hore ho be le bonngoeng ka phuthehong? (1 Bakorinthe 4:6)

15 Baholo ba hlompha liqeto tsa ba bang. Baholo ba tlatsetsa bonngoeng ba phutheho ka hore ba se ke ba etsetsa ba bang melao litabeng tsa botho le ka hore ba se ke ba fetela “ka nģ’ane ho lintho tse ngotsoeng” ka Bibeleng. (Bala 1 Bakorinthe 4:6.) Hape ha ba ee ka nģ’ane ho keletso e thehiloeng Bibeleng e ngotsoeng lingoloeng tsa rona. Ho ekelletsa moo, ha Mokreste-’moho a kopa thuso, baholo ba ba hlokolosi hore ba se ke ba itšetleha ka boiphihlelo ba bona feela ha ba fana ka keletso. Ho e-na le hoo, ba sebelisa Lentsoe la Molimo ho fana ka keletso.—Esa. 48:​17, 18.

16. Moholo a ka hlompha liqeto tse etsoang ke sehlopha sa baholo joang?

16 Moholo o boetse o hlompha liqeto tse etsoang ke sehlopha sa baholo. Ka mor’a hore sehlopha sa baholo se rapelle moea o halalelang, se hlahlobe le ho sebelisa tataiso ea Mangolo tabeng e itseng le ho etsa qeto, moholo e mong le e mong o lokela ho tšehetsa qeto eo le hoja e sa lumellane le maikutlo a hae. (Baef. 5:17) Ho ekelletsa moo, baholo ba ba hlokolosi hore ba latela tataiso e hlahang ka Bibeleng le lingoloeng tsa rona kamoo e leng kateng. Ka mohlala, moholo a ke ke a nka polelo e itseng ka ho khetheha tataisong kapa sengoloeng sa rona ebe o e sotha hore e lumellane le maikutlo a hae.

17. Re rua molemo ofe ha re hlompha liqeto tsa ba bang?

17 Joalokaha re ithutile, batho ba Jehova ha ba tšoane. E mong le e mong oa rona o na le maikutlo a hae le lintho tseo a li ratang. Empa ho se tšoane hoo ke ntho e ntle. Kaha re hlaha libakeng tse sa tšoaneng ebile re na le botho bo sa tšoaneng, ho ba monate ka phuthehong. Kahoo, ho e-na le hore re lumelle ho se tšoane ho re arola, re etsa hore ho be le khotso. Re ba hlokolosi hore re se ke ra khopisa ba bang ebile re hlompha le liqeto tsa bona tsa botho. Ha re etsa joalo, boiteko ba rona bo tla putsoa. Re tla thabela ho ba ka phuthehong e thabileng le e momahaneng.—Pes. 133:1; Mat. 5:9.

MANGOLO A LATELANG A KA RE THUSA JOANG HO HLOMPHA LIQETO LE MAIKUTLO A BA BANG?

  • Jakobo 4:12

  • Bagalata 6:1

  • 1 Bakorinthe 4:6; 8:​12, 13

PINA EA 89 Mamela ’me u Hlohonolofatsoe

a Mokreste o lokela ho nahana ka hloko ka lintlha tse ’maloa pele a etsa qeto ea hore na o tla ea lefung kapa lechatong le tšoaretsoeng kerekeng. Sheba sehlooho se reng “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa May 15, 2002.

b Ka linako tse ling, baholo ba lokela ho ahlola ba tlolang melao ea Bibele. Leha ho le joalo, baholo baa hopola hore ba ahlolela Jehova ba itšetlehile ka melao ea hae e lokileng, eseng ea bona.—Bapisa le 2 Likronike 19:6.

c Bakeng sa mehlala e meng, sheba thuto ea 35, ntlha ea 5 bukeng ea U ka Thaba ka ho sa Feleng!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela