LA 17-23 AUGUST 2026
PINA EA 90 Le Khothatsane
Re ka Etsa’ng Hore re Lule re le Metsoalle le Bakreste-’moho le Rona?
“E-bang le qenehelo, mosa, boikokobetso, bonolo le mamello.”—BAKOL. 3:12.
NTLHA-KHOLO
Kamoo re ka sebetsanang le mathata a ka senyang setsoalle sa rona le Bakreste-’moho le rona.
1. Re ka fumana metsoalle ea ’nete hokae?
“BOPHELO bo thata ha u le mong, nakong ea bofelo. Jehova oa tseba hore, metsoalle e ka thusa.” Na u lumellana le mantsoe aa a qalang a pina ea Broadcasting e nang le sehlooho se reng: “Metsoalle ea ’Nete”? Ke tlhohonolofatso e kaakang ho fumana metsoalle ea ’nete har’a batho ba Jehova! (Pes. 119:63) Re karolo ea lelapa la barapeli ba Jehova ba momahantsoeng ke lerato.
2. Re batla ho ba le setsoalle sa mofuta ofe le Bakreste-’moho?
2 Re batla ho hlaolela setsoalle se matla le Bakreste-’moho le rona eseng ho ba tseba feela. Re karolo ea lelapa le ratang Jehova le Jesu, hape lerato lena lea re momahanya. (Joh. 13:35) Empa setsoalle sa rona le Bakreste-’moho le rona ha se itlele feela. Ho hlokahala hore re sebetse ka thata. Joaloka setsoalle se seng le se seng se pakeng tsa batho ba sa phethahalang, setsoalle sa rona le Bakreste-’moho le rona se ka ba le mathata.
3. Ke hobane’ng ha ho ka ba thata hore re lule re le metsoalle ea Bakreste-’moho le rona?
3 ’Nete ke hore re ka ikutloa re le haufi le batho ba bang ho feta ba bang. Hobane’ng? Mohlomong re ikutloa joalo hobane re rata lintho tse tšoanang kapa re na le botho bo tšoanang le ba bona. Leha ho le joalo, re ka thatafalloa ke ho lula re le metsoalle le Bakreste-’moho hobane ka linako tse ling, re ka ’na ra se lumellane ka ntho e itseng ’me seo se ka etsa hore ho be thata hore re ba rate. Mohlomong ha re thabele ho qeta nako hammoho ka lebaka la botho bo sa tšoaneng, bo etsang hore re se ke ra rata lintho tse tšoanang. Ka linako tse ling, ho ka ba thata hore re lule re le metsoalle e haufi le Mokreste-’moho haeba a kula ’meleng kapa maikutlong. Sehloohong sena, re tl’o hlahloba hore na mohlala oa Jesu o ka re thusa joang hore re lule re le metsoalle ea Bakreste-’moho ha re kopana le mathata. Empa a re qaleng pele ka ho ithuta hore na ke makhabane afe a Bokreste a ka re thusang hore re lule re le metsoalle ea Bakreste-’moho.
MAKHABANE A BOKRESTE A RE THUSA HORE RE LULE RE LE METSOALLE
4. Re ka matlafatsa setsoalle sa rona joang?
4 Re lokela ho sheba lintho tse ntle ho Bakreste-’moho le rona e le hore setsoalle sa rona le bona se matlafale. Ho qeta nako le bona ho ka re hopotsa makhabane a bona a matle. Moapostola Pauluse o ne a e-na le tabatabelo ea ho ba le Bakreste-’moho le eena. O ile a ngolla Bathesalonika a re: “Re ile ra etsa sohle se matleng a rona hore re kopane le lona.” (1 Bathes. 2:17) Bakreste ba bangata ba nka tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho matlafatsa setsoalle sa bona, e le ho qeta nako ba qoqa ka seqo. Re na le menyetla e mengata ea ho etsa joalo ha re le tšimong, libokeng, likopanong tse kholo le tse nyenyane. Empa ho qeta nako feela le Mokreste-’moho ha ho bolele hore setsoalle sa rona se ke ke sa e-ba le mathata.
5. Ke eng e ka re thusang hore re sireletse setsoalle sa rona ha se le kotsing? Etsa mohlala. (Bakolose 3:12)
5 Ho ba le makhabane a Bokreste ho ka re thusa hore re sireletse setsoalle sa rona ha se le kotsing. (Bala Bakolose 3:12.) Ha re hlaolela ho ba le boikokobetso, mamello, mosa le qenehelo, re ka khona ho hlola mathata a ka senyang setsoalle sa rona. Ka mohlala, feela joalokaha oli e etsa hore enjene ea koloi e sebetse hantle, makhabane a Bokreste a ka etsa hore re utloane le bara le barali ba bo rona ha mathata a hlaha. Hona joale a re bueng ka mathata a mararo a ka senyang setsoalle sa rona le Bakreste-’moho. Ha re ntse re etsa joalo, re tla bua ka kamoo ho etsisa makhabane a Jesu a kang boikokobetso, mamello, mosa le qenehelo ho ka re thusang kateng hore re tsoele pele re ntse re le metsoalle ea ’nete ho ba bang.
HA LE SA LUMELLANE
6. Ho se utloisisane ho ka senya setsoalle joang?
6 Ke hobane’ng ha e le bothata? Ha batho ba sa lumellane, ka bobeli ba lumela hore maikutlo a bona a nepahetse. Nahana ka bara ba bo rona ba babeli ba sa lumellaneng ka tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho sebetsa tšimo ea setsi sa bona. Ka bobeli ba lumela hore tsela ea bona ke eona e nepahetseng. Na u bona kamoo ho se utloisisane ha bona ho ka holang kateng ’me ha senya setsoalle sa bona? Ba ka ’na ba lumella boikhohomoso ho ba susumetsa. Haeba ba sa bue ka taba ena le ho e rarolla, ba ka ’na ba qalella ho jarana ka pelo. Ha nako e ntse e ea, ba ka beha setsoalle sa bona kotsing ka ho qoba ho qeta nako hammoho ’me qetellong ea se ke ea hlola e le metsoalle ka lebaka la taba eo feela e sa reng letho.
7. Jesu o ile a etsa eng ho ruta barutuoa ba hae hore ba lokela ho ikokobetsa e le hore ba hlole ho se utloisisane?
7 Ithute mohlaleng oa Jesu oa boikokobetso. O ile a ruta barutuoa ba hae hore ba ikokobetse e le hore ba hlole ho se utloisisane. Ba ne ba se ba e-na le nako ba ngangisana ka hore na ke mang e moholo har’a bona. Jesu o ile a ba bolella hore ba lokela ho nka ba bang ba ba phahametse e le ho ba thusa hore ba hlole maikutlo ao a neng a metse ka metso. (Mat. 20:25-28) Ha e le hantle o ne a ba ruta hore ba ikokobetse. Le bosiung ba ho qetela pele a shoa, Jesu o ile a ba ‘behela mohlala’ ka hore ka boikokobetso a ba hlatsoe maoto, e leng mosebetsi o neng o etsoa ke lekhoba. (Joh. 13:3-5, 12-16) Ka ho etsa joalo, o ile a ba bontša hore na ba ka etsa’ng e le hore e lule e le metsoalle. Haeba ba ne ba ka nka ba bang ba ba phahametse, ba ne ba tla khona ho tenyetseha ha ba sa lumellane. Ho ne ho tla ba bonolo hore e lule e le metsoalle leha ba e-na le maikutlo a fapaneng.
8. Boikokobetso bo ka u thusa joang hore u lule u le motsoalle oa Bakreste-’moho le uena le haeba le sa lumellane? (Bakol. 3:13) (Sheba litšoantšo.)
8 Le ka etsa’ng e le hore le lule le le metsoalle? Ha u ikokobelitse, ho tla ba bonolo hore u tlolise mahlo ho se utloisisane ho sa reng letho le ho tšoarela ba bang ka bolokolohi. (Bala Bakolose 3:13) Boikokobetso bo tla u thusa hore u se ke oa halefa ha le sa utloisisane ’me le tla lula le le metsoalle. (Pes. 4:4) Le haeba le ka hlabana ka mantsoe, hopola hore kaofela ha rona re bua lintho tseo re ikoahlaelang tsona hamorao. (Moek. 7:21, 22) Ipotse, ‘Na ntho ea bohlokoa hona joale ke hore ke nepile kapa ke hore re lule re le metsoalle?’ U ka khetha ho ea le maikutlo a hae e le hore le lule le le metsoalle. U ka ba le khotso ea kelello haeba u khetha hore u se ke oa hlola u bua ka taba eo hape.
Ha u ikokobelitse, ho tla ba bonolo hore u tlolise mahlo ho se utloisisane ho sa reng letho le ho tšoarela ba bang ka bolokolohi (Sheba serapa sa 8)a
9. Boikokobetso bo tla u thusa joang haeba ho se lumellane ho sa ee moriting? (Liprov. 17:9)
9 Boikokobetso bo ka boela ba u thusa haeba ho se lumellane ho sa ee moriting. U se ke oa pheha khang e le hore fela u bontše hore ke uena ea nepileng. (Bala Liproverbia 17:9; 1 Bakor. 6:7) U tla be u etsa hantle haeba u tsepamisa kelello ea hao tabeng ea hore le lule le le metsoalle. Bara le barali ba bo rona ba bangata ba ile ba atleha ho etsa sena ka hore ba bue ka mosa le motho eo ba sa utloaneng le eena ka sepheo sa hore ba rarolle bothata. (Pes. 34:14) U ka re: ‘Re bile metsoalle nako e telele. Na re ka bua ka se etsahetseng?’ Ikemisetse ho lumela hore le uena u kentse letsoho ho se utloisisaneng ha lona ’me oa utloisisa hore motsoalle oa hao o utloile bohloko, ebe ka mor’a moo u kopa tšoarelo. Haeba motsoalle oa hao le eena a kopa tšoarelo, ikokobetse ’me u mo tšoarele. (Luka 17:3, 4) Hopola hore pakane ea hao ha se ho bontša hore na ke mang ea nepileng kapa ea fositseng, empa ke hore le fete bothata bo teng le hore le lule le le metsoalle.—Liprov. 18:24.
HA LE E-NA LE BOTHO BO SA TŠOANENG
10. Ke eng e ka etsang hore ho be thata hore le lule le le metsoalle?
10 Ke hobane’ng ha e le bothata? Re ka ’na ra thatafalloa ke ho lula re le metsoalle e haufi le Bakreste-’moho ba nang le botho bo sa tšoaneng le ba rona. Ba bang ba ka ba le litloaelo tse re tenang. Batho ba bang ba thatafalloa ke ho qoqa ka lebaka la hore ba ile ba tšoaroa hampe nakong e fetileng kapa ba holiselitsoe setsong seo batho ba teng ba thotseng kapa ba buang haholo. Ho ka ’na ha etsahala hore re mpa feela re sa tšoane, re ka rata ho ba har’a batho, ha batho ba bang bona ba le lihlong.
11. Jesu o ile a lula e le motsoalle oa batho ba neng ba e-na le botho bo fapaneng le ba hae joang?
11 Ithute mohlaleng oa Jesu oa ho bontša mamello. Jesu o ile a lula e le motsoalle oa batho ba neng ba e-na le botho bo fapaneng le ba hae. Ka mohlala, Moapostola Jakobo le Johanne ba ile ba bontša hore ba rata maemo ka hore ba kope boemo bo phahameng ’Musong. (Mar. 10:35-37) Ho fapana le bona, ka boikokobetso Jesu o ne a ile a siea boemo ba hae bo phahameng leholimong le litokelo tsa hae eaba o tla lefatšeng. (Bafil. 2:5-8) Kannete ba ne ba sheba litaba ka leihlo le sa tšoaneng. Ho ntse ho le joalo, Jesu o ile a ba le mamello ha a sebetsana le Jakobo, Johanne le ba bang.
12. Jesu o thusitsoe ke eng ho mamella metsoalle ea hae?
12 Jesu o ne a sa lebella mohlolo ho metsoalle ea hae. O ne a tseba hore Jakobo le Johanne ba ne ba tšoenyehile ka maemo joaloka boholo ba barutuoa ba bang. (Mar. 9:34) Jesu o ne a holetse setsong se tšoanang le sa bona se neng se etsa hore ba nke maemo le ho hlahella e le lintho tsa bohlokoa. Kahoo, o ne a utloisisa tsela eo ba nahanang ka eona. Ho ntse ho le joalo, o ile a ba mamella ’me seo sa ba fa nako ea hore ba fothole boikhohomoso le ho rata maemo tse ileng tsa hola ka lilemo tse ngata.—Mar 10:42-45.
13. Ho ba le mamello ho tla re thusa joang hore re lule re le metsoalle? (Baefese 4:2)
13 U ka etsa’ng e le hore le lule le le metsoalle? Tsoela pele ho hlaolela mamello ka hore u etse sohle seo u ka se khonang ho mamella litloaelo tsa ba bang tse u tenang. (Liprov. 14:29) Kaofela ha rona re na le litloaelo tse sa tšoaneng ’me boholo ba tsona ha se mefokolo empa e le karolo ea botho ba rona. Kahoo, re ananela haholo ha ba bang ba re mamella. (Bala Baefese 4:2.) Ho bohlokoa hore le rona re lumelle batho ba bang hore ba be ka tsela eo ba leng ka eona. Ka mohlala, nahana hore na ho thata hakae hore motho ea thotseng le ea lihlong a be har’a batho le ho qoqa le bona. Ka lehlakoreng le leng, u se ke oa fella motho ea ratang ho bua le ho ba har’a batho pelo. Re ke ke ra lebella hore batho bohle e be metsoalle ea rona ea hlooho ea khomo, empa re lokela ho hopola hore le Bakreste ba nang le botho bo sa tšoaneng ba ka sebelisana hantle.
14. Mamello e tla re thusa hore re shebe eng ho metsoalle ea rona?
14 Mamello e tla re thusa hore re shebe makhabane a matle ao Bakreste-’moho ba nang le ’ona. Ha re etsa sena, re ke ke ra nka botho ba rona bo sa tšoaneng e le lebota le re thibelang ho ba metsoalle. Ka mohlala, ka lebaka la ho icheba bo bona, Jakobo le Johanne ba ne ba batla maemo. Leha ho joalo, boikutlo ba bona bo ne bo bontša hore ba nka ’Muso oa Molimo e le oa sebele. Jesu o ile a hlokomela seo ’me a ananela tumelo ea bona. Ha re sheba lintho tse ntle ho metsoalle ea rona, re etsisa Jesu le ntate oa hae Jehova.
15. Ke mang ea ka re thusang hore re lule re le metsoalle le batho ba nang le botho bo sa tšoaneng le ba rona?
15 Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re ka e etsang ke ho rapela Jehova hore a re thuse hore re lule re le metsoalle le batho ba nang le botho bo sa tšoaneng le ba rona. Leka ho nahana ka maemo a ka etsang hore le qabane ’me u rapele esale pele hore Jehova a u thuse hore u lule u khobile matšoafo. Hopola hore Jehova joaloka ’Mopi oa rona, oa utloisisa hore kaofela ha rona re na le botho bo sa tšoaneng. Kahoo, ha u rapela, kholiseha hore Jehova o tseba seo u se hlokang e le hore u lule u mamelletse. Haeba u utloa hore mamello ea hao ea lekoa, kopa Jehova hore a u fe moea oa hae o halalelang ho u thusa hore u itšoare.—Luka 11:13; Bagal. 5:22, 23.
HA BAKRESTE-’MOHO BA KULA
16. Re ka tobana le mathata afe ha Bakreste-’moho ba kula ka tsela leha e le efe?
16 Ke hobane’ng ha e le bothata? Ha Bakreste-’moho ba kula ’meleng kapa maikutlong, ba ka bua kapa ba etsa lintho tse re tenang. Ka mohlala, ba ka itšehla thajana, ba teneha kapele kapa ba etsa lintho ka tsela eo re sa e lebellang. Mohlomong ba ka bua kapa ba etsa lintho tse re utloisang bohloko. (Jobo 6:2, 3) Kaha re ka ’na ra se ke ra tseba mathata ao Bakreste-’moho ba tobanang le ’ona, ho ka etsahala hore re lebelle hore ba etse lintho tseo ba ke keng ba khona ho li etsa.
17. U ithuta eng tseleng eo ka eona Jesu a ileng a tšoara Bartimiase ea neng a foufetse?
17 Ithute mohlaleng oa Jesu oa ho bontša mosa le qenehelo. O ne a le mosa a bile a qenehela batho ba imetsoeng, esita le bao a neng a e-s’o kopane le bona. Ka mohlala, nahana kamoo a ileng a tšoara Bartimiase ea neng a foufetse kateng. Ha Bartimiase a utloa hore Jesu o ne a le haufi, o ile a qala ho hoeletsa e le hore Jesu a mo bone. Ba bang har’a letšoele ba ile ba re a thole. Empa o ne a hlile a batla hore Jesu a mo folise, kahoo o ile a hoeletsa le ho feta. Mohlomong ba bang har’a letšoele leo ba ne ba utloa Bartimiase a ba tena. Leha ho le joalo, Jesu o ile a mo “hauhela” e leng se bontšang boikutlo bo matla haholo ba ho mo qenehela. (Mat. 20:34; Mar. 10:46-52) O ile a bua le Bartimiase ka mosa le ho mo babatsa ka hore ebe o na le tumelo. Ka mohlolo, Jesu o ile a etsa hore Bartimiase a boele a bone.
18. U lokela ho tšoara metsoalle ea hao e kulang joang? (1 Bathesalonika 5:14)
18 U ka etsa’ng e le hore le lule le le metsoalle? Bontša mosa le qenehelo. Makhabane ana a ka u thusa hore u “tšelise” Bakreste-’moho le uena ba kulang nameng kapa maikutlong. (Bala 1 Bathesalonika 5:14.) Hopola hore motsoalle oa ’nete o lula a ikemiselitse ho thusa, haholo-holo “nakong ea mathata.” (Liprov. 17:17) Motsoalle ea joalo o utloela ba nang le mathata bohloko ’me o boetse o etsa sohle seo a ka se khonang ho etsa hore ba khobe matšoafo, ba khothale le ho ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang.
19. Re ka bontša mosa le qenehelo joang? (Sheba litšoantšo.)
19 U ka bontša mosa le qenehelo ka litsela life tse ling? Ke ’nete hore u ke ke oa folisa bohloko ba Mokreste-’moho le uena. Empa u ka leka ho ikenya lieteng tsa hae. (Mat. 7:12; 1 Pet. 3:8) Mo mamele ha a ntse a u bolella hore na o ikutloa joang. Ha maemo a lumela, leka ho bua mantsoe a tla mo khothatsa. (Liprov. 12:25) U se ke oa etsa eka u utloisisa boemo ba hae empa ho se joalo. (Liprov. 18:13) Loanela hore u se ke oa mo fella pelo le ho lebella hore a etse seo a ke keng a se khona.—Baef. 4:32.
Metsoalle ea ’nete e tšelisana ka ho bontša mosa le qenehelo (Sheba serapa sa 19)
20. U batla ho ba motsoalle ea joang?
20 Kaofela ha rona re nka setsoalle seo re se thabelang le Bakreste-’moho e le sa bohlokoa. Empa re lokela ho hopola hore kaha ha rea phethahala, ka linako tse ling re etsa lintho ka tsela eo re sa e batleng. Boholo ba rona re anngoe ke lintho tse bohloko tse ileng tsa re hlahela bophelong. Ka hona, re ananela Bakreste-’moho ba lulang e le metsoalle ea rona hobane ba ikokobelitse, ba na le mamello, mosa le qenehelo. E se eka re ka leka kahohle hore le rona re be metsoalle e joalo.
PINA EA 124 A re Tšepahaleng Kamehla
a TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Mor’abo rona ea holileng le mor’abo rona e mocha ha ba bone taba e amanang le tšimo ka ho tšoana. Hamorao ba sebetsa ’moho tšimong ba thabile.