PALE EA BOPHELO
Ke Ile ka Lumella Jehova Hore a Nketse Motho ea Molemo
NKE KE ka lebala letsatsi la pele ke sebetsa moo ho kopanngoang libuka Bethele e Brooklyn, New York, Amerika. Hang feela ha ke kena ka moo, ke ile ka utloa lerata la mechine e kopanyang libuka e lulang e ntse e ea koana la koana e sa khaotse. Ho ne ho tletse lerole la pampiri ebile ho nkha monko o bohale oa oli hohle mona.
Har’a lintho tse ileng tsa hapa thahasello ea ka, ke ile ka khahloa haholo ke batho ba sebetsang moo. Ke ne ke bona bara le barali ba bo rona ba bacha ba etsa mosebetsi oo ho bonahalang eka batho ba ne ba ke ke ba o thabela. Mosebetsi oo ba neng ba o etsa o ne o sa hlahella. Leha ho le joalo, ba ne ba thabile ba bile ba khotsofetse. Mohlala oa bona o ile oa nthuta hore na ho sebeletsa Jehova ka boikokobetso ho bolela’ng.
Haesale Jehova a ntse a nkoetlisa ka lilemo tse ngata hore ke be mohlanka oa hae ea molemo. Empa e re ke qale ka ho le qoqela ka nako eo ke neng ke ntse ke batla linnete ha ke sa ntse ke le Mobuddha.
HO BATLA MOLIMO KE SA LE NGOANA
Ke hlahetse Chicago e Illinois Amerika. Ke letsibolo baneng ba bane. Batsoali ba ka ba ile ba tloha Japane ’me ba fallela Chicago ba re ba ea makhulong a matala. Ba ne ba batla hore re fumane thuto ea boleng bo holimo ka ho fetisisa le hore re atlehe bophelong.
Batsoali ba ka ba ne ba kene tloara! bolumeling ba Bobuddha. ’Mè oa ka o holiselitsoe ntlong e neng e e-na le tempele ea Bobuddha. Ntate oa hae le bana babo ba babeli ba bashanyana ba ne ba sebeletsa e le baitlami. Kahoo, Bobuddha e ne e le ntho ea bohlokoa haholo lelapeng leso ha ke ntse ke hola. Ha ke tsoa sekolong, ntho ea pele eo ke neng ke e etsa ha ke fihla hae e ne e le ho chesa libano le ho fa setšoantšo sa rona sa Bobuddha raese le metsi. Ka Lisontaha, re ne re ea tempeleng ea Bobuddha moo re neng re binela setšoantšo sa Bobuddha se tšoanang le seo re neng re e-na le sona ka tlung empa sena sona se ne se le seholoanyane se bile se tlotsitsoe ka khauta hohle.
Ke hopola ha ke ne ke le lilemong tse ka bang tse supileng ke shebile setšoantšo se ka tlung ’me ke ipotsa ke re: ‘Ebe bophelo ba ka bo tla ba joang ka mor’a hore ke shoe?’ Bolumeli ba Bobuddha bo ne bo nthutile hore moea oa ka o ne o tla tsoela pele o phela sebakeng se itseng ka mor’a hore ke shoe. Kahoo, ke ile ka qalella ho elelloa hore ka le leng ke tla shoa. Le haeba moea oa ka oona o phela sebakeng se seng, ke ne nke ke ka thabela bophelo joaloka motho. Taba eo e ile ea nkutloisa bohloko haholo! Hang-hang ke ile ka ikutloa ke se na thuso ho hang.
Ha ke le lilemo li ka bang 15, ke ile ka qalella ho utloa meetlo ea Bobuddha e se e se na thuso. Ke ne ke utloa hore ho na le ntho e haellang bophelong ba ka. (Mat. 5:3) Ke ne ke utloa le maling hore e tlameha ebe ho na le Molimo ea phelang ea matla ’ohle ’me ke ne ke batla ho mo tseba. Ke ile ka nahana hore mohlomong nka fumana likarabo ka Bibeleng. Kahoo, ke ile ka reka Bibele ea King James Version ea khale moketeng oa Bobuddha e leng ntho e makatsang.
Ke na le Mor’abo rona Wilson Bashou ea nthutileng ’nete
Ha ke le lilemo li 17, Mor’abo rona Wilson Bashou o ile a tla ho ’na ha ke ntse ke tsamaea le ntja ea ka seterateng. O ile a mpotsa: “Na u tseba seo Molimo a re tšepisang sona bakeng sa bokamoso?” Potso eo e ile ea etsa hore moqoqo oa rona o hle o kenelle ka Bibeleng. O ile a mpalla Tšenolo 17:1 ’me a mpotsa: “U nahana hore ‘metsi a mangata’ ao ‘letekatse’ le lutseng holim’a ’ona a bolela’ng?” Ke ne ke sa tsebe. O ile a mpontša temana ea 15 e reng metsi ao a bolela batho. Ke ne ke khahliloe ke ho bona hore Lipaki Tsa Jehova li lumella hore Bibele e itlhalose. Pele re arohana, Mor’abo rona Wilson o ile a mpha buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng. Buka eo e nyane e putsoa e ile ea fetola bophelo ba ka.
Ke ile ka ea libokeng ka lekhetlo la pele Holong ea ’Muso matsatsi a leshome ka mor’a moo. Nke ke ka lebala kamohelo e mofuthu eo ke ileng ka e bontšoa libokeng. Ho tloha letsatsing leo, ha kea ka ka khaotsa ho ea libokeng. Ka mor’a moo, Mor’abo rona Wilson o ile a qalisa thuto ea Bibele le ’na. Ke ne ke rata ho ithuta Bibele haholo hoo ka linako tse ling re neng re bala lihora tse robeli kaofela. Batsoali ba ka ba ne ba tšoenyehile ’me ba nkhanyetsa ka matla. Empa ha ke ntse ke ithuta haholoanyane ke ne ke kholiseha le ho feta hore ke fumane ’nete. Kahoo, ke ile ka kolobetsoa ka 1983.
KE TLOHELA UNIVESITHI HORE KE BE PULA-MALIBOHO
Nakong eo ke neng ke kolobetsoa, ke ne ke ntse ke ithutela ho ba ngaka univesithing e neng e tumme. Batsoali ba ka ba ne ba tetse lintho tse ngata e le hore nka fumana thuto ena. Nka be ke ile ka tsoela pele ka lithuto tsa ka empa ke ne ke batla ho fa Jehova sohle le ho mo sebeletsa ka nako e tletseng.
Ntate oa ka o ile a re ho ’na: “Ha u ka tlohela sekolo, ke tla u leleka haka mona.” Ke ne ke utloile bohloko ke bile ke ferekane. Ke ne ke rata batsoali ba ka ebile ke sa batle ho ba phoqa. Kahoo, hangata ha e ba bosiu, ke ne ke ea ka ntle lebaleng la sekolo ’me ke rapela Jehova ke re: “Jehova hle! ke kopa hore u nthuse hore ke etse qeto e nepahetseng.” Ha ke se ke entse qeto ea ho tlohela univesithi, ntate oa ka o ile a re ke mo tsoele ka ntlo. Ke ile ka letsetsa Mor’abo rona Wilson ’me ka mo bolella se etsahetseng. O ile a re ke e’o lula le eena. Ke ile ka tšela lintho tsohle tsa ka ka mokotleng o le mong ’me ka palama bese ho ea ha hae. Ke hopola ke utloa khotso eo ke sa khoneng ho e hlalosa. Ke ne ke tseba hore ke entse qeto e nepahetseng.
Ke ne ke ikutloa joaloka nonyana e lokolohileng. Qetellong ke ne ke lokolohile hore ke ikakhele ka setotsoana mosebetsing oa boboleli. Ke ile ka ba pula-maliboho ka 1984.
Nakong eo ke ntseng ke le pula-maliboho, Jehova o ile a nthuta ho ba le makhabane a bohlokoa a kang ho phehella. Ka letsatsi le leng, ho ne ho bonahala eka ke na le mabaka a ho se ee tšimong. Ke ne ke nyahame hobane ho ne ho se na motho ea ka tsamaeang le ’na mantsiboeeng ao. Leha ho le joalo, ke ile ka ea. Ka mor’a lihora tse ’maloa ke ile ka etsa qeto ea ho bua le motho oa ho qetela. Ke ne ke khathetse ke bile ke ikutloa ke le motoai-toai, hape ke ne ke bona hore maru a thibile. Ke ile ka ipotsa: “Kapa ke chaise?” Ha ke ntse ke hloa litepisi ho ea mokatong oa boraro, ke ile ka bona mohlankana oa Mofilipino a eme ka pel’a ka. Ke ile ka re ka pelong: “Ache! Enoa ekare ha a thahaselle.” Ke ile ka soaba nko ho feta molomo hobane monna eo o ile a ithuta Bibele ’me a ba a sebeletsa Jehova.
KE ITHUTA LITHUTO TSA BOHLOKOA BETHELE E BROOKLYN
Ka 1985, ke ile ka memeloa ho ea sebeletsa Bethele e Brooklyn. Ka nako eo, ke ne ke e-na le lilemo tse peli ke lula le Mor’abo rona Wilson. Joalokaha ke boletse qalong, ke ile ka abeloa ho e’o sebetsa moo ho kopanngoang libuka. Ka letsatsi le leng ha ke ntse ke sebetsa mochineng o ngolang lihlooho lekokong la libuka, ke ile ka etsa phoso ’me ka senya makoko a makholo-kholo. Ofisi ea lefapha leo e ile ea kopa hore ke tlalehe taba eo. Ke ile ka fana ka mabaka ’ohle bakeng sa phoso ea ka empa ho na le ntho ea bohlokoa eo ke sa kang ka e bua. Ka mosa molebeli oa lefapha la rona o ile a re: “Kamehla ho molemo ho kopa tšoarelo.” Ka eona nako eo, ke ile ka ithuta bohlokoa ba ho amohela liphoso tsa ka le ho re: “Ke kopa tšoarelo.”
Ke bontša batho moo ho kopanngoang libuka teng Brooklyn
Ke ile ka boela ka ithuta ho sebeletsa ba bang haholoanyane ka ho sheba mohlala oa Bakreste ba tšepahalang ba lelapa la Bethele ba holileng. Ka letsatsi le leng, Mor’abo rona Milton Henschel oa Sehlopha se Busang, o ne a lutse le rona tafoleng nakong ea lijo tsa motšehare. Letsatsing leo, ho ne ho e-na le batho ba bangata ’me bana ba bo rona ba sebetsang ka kichineng ba ne ba ea holimo le tlase ba ntse ba fana ka lijo. Ka nako eo, rona bahlankana re ne re ntse re honotha ka hore ba lieha ho re fa lijo. Mor’abo rona Henschel o ile a ema a thotse ’me a thusa bana ba bo rona ba sebetsang ka kichineng ho fana ka lijeke tsa metsi, bohobe le botoro. Le ka mohla nke ke ka lebala tsela eo ka eona a ileng a sebeletsa bana ba bo rona ka boikokobetso. E ile ea nkhopotsa kamoo Jesu le eena a ileng a sebeletsa baapostola ba hae ka boikokobetso kateng.—Johanne 13:3-5.
“U LOKELA HO ITHUTA SEJAPANE!”
Ke na le Morali oa bo rona Michiko Oda le monna oa hae
Ka 1987, ke ile ka etela Japane ’me ke ne ke khahliloe ke ho bona kamoo bahoeletsi ba moo ba neng ba cheseha ba bile ba ikokobelitse kateng. Ke ne ke batla ho ba thusa empa bothata e ne e le hore ke ne ke e-s’o ithute Sejapane. Morali oa bo rona Michiko Oda oa Bethele o ile a ncheba ka mahlong ’me a re: “U lokela ho ithuta Sejapane!” Ke sona seo ke ileng ka se etsa. Ke ne ke sa tsebe kamoo mantsoe a hae a neng a tla fetola bophelo ba ka kateng.
Likhoeli tse ’maloa hamorao, ke ile ka fallela phuthehong ea Sejapane e New York. Ho ithuta Sejapane ho ile ha mpulela menyetla e mengata ea ho sebeletsa Jehova Molimo. Ka 1989, ke ile ka ea kopanong ea setereke ea Sejapane ka lekhetlo la pele Los Angeles, California. Morali oa bo rona oa pula-maliboho e leng Miwako Onami, ea neng a nka karolo tšoantšisong ea kopano, o ile a hapa pelo ea ka.
’Na le mohats’aka Miwako re ile ra nyalana ka 1992, ’me re ile ra ba le tlotla ea ho sebeletsa Bethele e Brooklyn hammoho. Mohats’aka ke motho ea nahanelang, ea tsotellang le ea lulang a ikemiselitse ho thusa batho ba bang. Mohlala oa hae o nthusitse hore ke ntlafatse tsela eo ke tšoarang batho ba bang ka eona. Kannete ke mpho e tsoang ho Jehova ’me ke mohloli oa thabo le matšeliso tse sa feleng ho ’na.
Letsatsi la rona la lechato
LEKALA LA JAPANE LE TŠIMO
Ha nako e ntse e ea, batsoali ba mohats’aka ba neng ba lula Japane ba ile ba kula haholo. Kahoo, re ile ra lumelloa ho e’o sebeletsa lekaleng la Japane e le hore re ka ba haufi le bona bakeng sa ho ba hlokomela. Re ile ra fallela Japane ka 1999.
Lelapa la Bethele le Japane le ile la re amohela ka mofuthu ’me re ile ra tloaela makhulo. Ke ile ka boela ka ntlafatsa bophelo ba ka ka ho etsisa makhabane a matle a bara le barali ba bo rona ba Japane a kang ho fana le ho ba le kamohelo ea baeti. Ja u siele bana bana ba bo rona ha ho tluoa tabeng ea mosebetsi. Ka tsela efe? Setso sa Japane se hatisa bohlokoa ba ho sebetsa le ba bang ka momahano le ho ba le tšebelisano-’moho bakeng sa ho ruisa bohle molemo ho e-na le hore motho a sebetse a le mong ka sepheo sa ho ikhapela thoriso. Mohlala oa bona o ile oa ntšusumelletsa ho sebetsa le ba bang ka boikokobetso le ho ananela kamoo bonyane boo ke bo etsang bo tlatsetsang morerong oa Jehova kateng.
Ho ntse ho le joalo, ka lebaka la ho se tšoane ha litso tsa rona, maemong a mang ke ne ke thatafalloa ke ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha lintho li ne li etsoa ka tsela e itseng. Ke ile ka tlameha ho ithuta ho ba le mamello le hore ke se ke ka nka lintho ka pelo. Ha nako e ntse e ea, ke ile ka ntlafatsa tsela eo ke shebang lintho ka eona ’me ka hlokomela hore Jehova a ka hlohonolofatsa qeto leha e le efe hafeela re ikokobelletsa tataiso eo a re fang eona a sebelisa mokhatlo oa hae, etsoe qetellong Jehova ke eena ea etsang hore mosebetsi oa rona o atlehe.
Hangata ke bapisa koetliso eo ke e fumaneng Bethele le koetliso eo moprofeta Moshe a ileng a e fumana. Jehova o ile a thusa Moshe hore e be motho ea bonolo ka lilemo tse 40 ha e ntse e le molisana. Joaloka Moshe, le ’na ke ile ka fumana thuto e phahameng. Ke ile ka lumella thuto eo ho etsa hore ke ikhohomose le hore ke itšepe ho tlola. Bethele e nthutile ho ikokobetsa le ho itšetleha ka Jehova. Joalokaha Jehova a ile a koetlisa Moshe ka mamello, le ’na o ile a nkoetlisa ka tsela e tšoanang ka lilemo tse ngata.
Ha ke ne ke sebetsa lekaleng la Japane
Re ile ra hlokomela batsoali ba mohats’aka ka lilemo tse ka bang 24 ho fihlela ba hlokahala. Nakong eo, re ne re ba letsetsa hangata re bile re letsetsa lingaka tse ba hlokometseng. Re ne re ba etela sepetlele ’me ka linako tse ling re ne re na le ho tšoenyeha haholo. ’Mè oa mohats’aka e leng ’Mè Masako o ile a ’na a kula le ho feta ho fihlela a se a sa khone ho tsamaea. Ho ne ho se bonolo hore a ee libokeng le tšimong. Libeke tse ’maloa pele a hlokahala, o ile a tlameha ho sebelisa wheelchair. Ho ntse ho le joalo, tsela eo a ratang Jehova ka eona ha ea ka ea fetoha. Sefahleho sa hae se ne se khanya khotso kamehla ha a ne a bua ka litaba tse monate. Haesale ke khothatsoa ke mohlala oa ’Mè Masako oa ho sebeletsa Jehova a khotsofetse a bile a thabile ho sa tsotellehe maemo a hae.
’Na le mohats’aka Miwako re bolela litaba tse monate Okinawa
Ka 2024, ho ile ha ba le phetoho e kholo bophelong ba rona. Ka mor’a ho qeta lilemo tse 30 re sebeletsa Bethele, re ile ra abeloa ho e’o sebetsa tšimong. Hona joale re sebetsa re le bo-pula-maliboho ba khethehileng sehlekehlekeng sa Okinawa ’me re na le tlotla ea ho pakela malapa a lulang pel’a setsi sa sesole. Koetliso e ntle eo re e fumaneng Bethele e re thusitse hore re nolofalloe ke ho amohela phetoho ena. Re leka ho lula re na le kemiso e tsitsitseng ’me re sebelisa nako ea rona hantle ka ho phathahana mosebetsing oa boboleli. Jehova o re hlohonolofalitse ka ho re fa batho bao re ithutang Bibele le bona ba fetohileng lelapa ho rona. Re inoesa ka nkho hore na ho bohlokoa hakae ho rata batho ba bang. ’Na le mohats’aka re leboha Jehova kamehla ka kabelo ena e thabisang.
HO IKEMISETSA HO KOETLISOA KE JEHOVA KA HO EKETSEHILENG
Le hoja ba lelapa leso ba se ba sa nkhanyetse, ha e-s’o ka e ba barapeli ba Jehova. Leha ho le joalo, Jesu o ile a tšepisa hore bohle ba sieang malapa a bona e le hore e be barutuoa ba hae, ba ne ba tla fumana halekholo hona joale lelapa la moea la bara le barali ba bo rona. (Mar. 10:29, 30) Sena ke sona se ileng sa nketsahalla. Malapa a mangata lefatšeng lohle a ileng a nthata le ho ntlhokomela joalokaha eka ke ngoana oa bona ka lilemo tse ngata. A mangata haholo hoo ke sitoang le ho a bala.
Ke ntse ke e-na le buka ea ’Nete eo Mor’abo rona Wilson a ileng a mpha eona. Buka eo e putsoa, ke khopotso e matla ea kamoo Jehova a ileng a nthusa hore ke mo fumane kateng. (1 Likron. 28:9) Ke ikemiselitse ho tsoela pele ke koetlisoa ke Jehova le ho thusa ba bang hore ba ithute ’nete e isang bophelong bo sa feleng.