LA 5-11 OCTOBER 2026
PINA EA 55 Le se ke la Tšaba Batho
Hanela Maqiti a Satane ’Me u Tšepe Jehova le Jesu
“Le hanyetse Diabolose ’me o tla le baleha.”—JAK. 4:7.
NTLHA-KHOLO
U se ke oa thetsoa ke leshano la Satane la hore Jehova Molimo le Jesu Kreste ha ba u rate.
1. Satane o sebelisa leqheka lefe ho leka ho etsa hore re khaotse ho sebeletsa Jehova?
HO TLOHA feela ha re ne re etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova, Satane le bademona ba hae haesale ba leka ho etsa hore re khaotse ho rata Jehova. Empa Satane oa tseba hore a ke ke a o besa oa tuka hafeela Jehova a re tšehelitse. Kahoo, Diabolose o leka ho etsa hore re khaotse ho rata Jehova e le hore a se ke a hlola a re tšehetsa. Tsela e ’ngoe eo a etsang sena ka eona, ke ka ho leka ho etsa hore re belaelle taba ea hore Jehova le Mora oa hae ba ka lehlakoreng la rona e le kannete.—2 Bakor. 11:14; Jak. 1:6.
2. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re tšepe Jehova Molimo le Jesu Kreste?
2 Ha ntoa e kupa, masole a lokela ho tšepa balaoli ba ’ona. Haeba a ne a ka khaotsa ho ba tšepa, a ne a ka iketsetsa borata ’me seo se ne se ka etsa hore a bolaoe. Ka tsela e tšoanang, le rona re masole ntoeng ea rona ea moea khahlanong le Satane le bademona. (Baef. 6:12) Satane Diabolose oa tseba hore haeba re ka khaotsa ho tšepa Jehova Molimo le Jesu Kreste, re ka ’na ra hana ha ba re tataisa le ho re tšehetsa. Kahoo, o etsa sohle seo a ka se khonang ho thefula tumelo ea rona ho bona. Sehloohong sena, re tl’o hlahloba hore na o ile a sebelisa leqheka lena joang nakong e fetileng le hore na o le sebelisa joang mehleng ena. Ka mor’a moo, re tla hlahloba hore na re ka hanela maqiti a hae joang. Sehloohong se latelang, re tl’o hlahloba maqiti a mang a mabeli ao Satane a a sebelisang khahlanong le rona ntoeng ea rona ea moea.a
SATANE O ILE A BUA LESHANO KA JEHOVA LE JESU
3. Satane o ile a re’ng ho Eva e ileng ea thefula tumelo ea hae ho Jehova?
3 Ho e-s’o ee kae Jehova a bopile Adama le Eva, Satane o ile a etsa hore ba se ke ba mamela Jehova. O ile a qhekella Eva ka ho etsa hore a lumele hore ’Mopi oa hae ha a mo batlele se molemo. Satane o ile a mo botsa a re: “Na kannete Molimo o itse le se ke la ja litholoana tsa lifate tsohle tse serapeng?” (Gen. 3:1-5) Satane o ile a etsa hore Eva a nahane hore Jehova o ne a behela eena le monna oa hae meeli e sa utloahaleng. Ka masoabi, Eva o ile a ba ka lehlakoreng la sera ’me hamorao Adama a mo latela. Le hoja Jehova a ne a ba file lintho tsohle, ba ile ba mo fetohela.—Gen. 3:6.
4. Satane o ile a bua mashano afe ka Jehova mehleng ea Jobo?
4 Ho tloha mehleng ea Adama le Eva, haesale Satane a tsoela pele ho bua mashano ka Jehova. Ka mohlala, Satane o ile a susumetsa metsoalle e meraro ea Jobo ho etsa hore Jobo a nahane hore Jehova ha a mo rate, ebile ha a na taba le hore na oa tšepahala kapa che. (Jobo 22:1-3) Diabolose o ile a nahana hore haeba Jobo a ka hlaheloa ke mathata, o tla tlohela Jehova. Le hoja Satane a ile a hlasela Jobo, monna eo o ile a lula a tšepahalla motsoalle oa hae Jehova.—Jobo 27:1, 5.
5. Satane o ile a leka ho thibela batho joang hore ba latele Jesu? (Matheu 11:19)
5 Lilemo tse makholo hamorao, ha Jesu a ne a le lefatšeng, Satane o ile a leka ho thibela batho hore ba latele Jesu. Tsela e ’ngoe eo a ileng a etsa sena ka eona ke ka ho sebelisa baeta-pele ba bolumeli le batho ba bang ba neng ba hloile Jesu hore ba hase mashano ka eena. Qetellong ba ile ba etsa hore a bolaoe joaloka setlokotsebe.—Bala Matheu 11:19; 27:27-31; Mar. 14:55, 56; Joh. 8:41-45.
6, 7. Satane o ile a hlasela barutuoa ba pele ba Jesu ka litsela life?
6 Ka mor’a lefu la Jesu, Satane o ile a hlasela mosebetsi oo balateli ba Jesu ba neng ba o etsa. O ile a qala ka ho etsa hore batho ba belaele hore Jesu o tsositsoe bafung. O ile a susumetsa batho hore ba hase mashano a hore barutuoa ba Jesu ba utsoitse setopo sa hae. (Mat. 28:11-15) Ka mor’a moo, o ile a leka ho tšosa balateli ba Jesu ka hore a ba hlorise. O ne a batla ho etsa hore mosebetsi oo Monghali oa bona a ba fileng oona o bonahale eka o thata hore ba o etse.—Lik. 7:57–8:1; 12:1-3; 28:22.
7 Le hoja Bakreste ba bang ba ile ba lumella hore sena se etse hore ba khaotse ho bolela, ba bangata ba ile ba ema ba tiile ’me ba hana ho thola. Ba ile ba hlokomela hore lira tsa bona ke Satane le bademona ba hae. (Lik. 4:18-20; 1 Pet. 5:8) Ho thoe’ng kajeno? Ke maqiti afe ao Satane a a sebelisang ho leka ho re nyahamisa hore re se ke ra sebeletsa Jehova?
SATANE O TSOELA PELE HO BUA MASHANO KA JEHOVA LE JESU
8. Satane o sebelisa bolumeli ba bohata joang ho hasa mashano ka Jehova le Jesu?
8 Mehleng ena, le leng la maqiti a Satane a ka sehloohong ke ho etsa hore batho ba se ke ba tseba ’nete ka Jehova le Jesu. Kaha Diabolose ke “ntate oa leshano,” o sebelisa bolumeli ba bohata ho hasa mashano ka bona. (Joh. 8:44) Ka mohlala, o foufalitse batho hore ba se ke ba tseba hore na ha e le hantle Jehova le Mora oa hae ke bo-mang. (2 Bakor. 4:3, 4) Hangata Bakreste ba bohata ba re Ntate le Mora ke motho a le mong. Kahoo, batho ha ba tsebe hore lebitso la Ntate ke Jehova ’me ba rapela Jesu. Jehova le Jesu ha ba amohele borapeli bo joalo. (Mat. 4:10; Joh. 4:23) Ha batho ba foufalitsoe ka tsela e joalo, ho ka ba thata hore ba re mamele ha re ba bolella ’nete kapa ba hanyetsa molaetsa oa rona.
9. Satane o sebelisitse bolumeli ba bohata joang ho etsa hore batho ba se ke ba tseba Jehova? (Jeremia 23:26, 27)
9 Ha re theha setsoalle le ba bang, ntho ea pele eo re e etsang ke ho batla ho tseba mabitso a bona. Satane o batla hore batho e se ke ea e-ba metsoalle e haufi ea Jehova ka ho etsa hore ba se ke ba tseba lebitso la hae. Kahoo, o sebelisitse bolumeli ba bohata nako e telele ho etsa hore batho ba lebale lebitso la Molimo. (Bala Jeremia 23:26, 27.) Sera sena se entse bonnete ba hore lebitso la Molimo, leo Bibele e le tšoantšang le tora e matla le e sireletsang, le ntšitsoe liphetolelong tse ngata tsa Bibele. (Liprov. 18:10) Diabolose o boetse o sebelisa bolumeli ba bohata ho ruta batho leshano la hore Jehova ke eena ea ba bakelang mathata. Ke kahoo batho ba bangata ba thatafalloang ke ho nka Jehova e le Motsoalle eo ba ka atamelang haufi le eena. (Jak. 4:8) Satane o boetse o leka ho etsa hore batho ba Jehova ba se ke ba e-ba le tumelo ho eena.
10. Ke eng e ka etsang hore Mokreste a halefele Jehova?
10 Ha re tobana le mathata, Satane o batla hore re lumele hore Jehova ha a re tsotelle. O nahana hore re tla halefela Jehova haeba a lumella mathata a rona hore a ’ne a tsoele pele. (Liprov. 19:3) Batho ba ikutloang ka tsela ena ba ka ipotsa: ‘Thuso ke efe ea ho tsoela pele ho mamela melao le melao-motheo ea Jehova? Ha ho bonahale eka ho ntsoela molemo.’ Monahano ona o ka etsa hore re susumetsoe ke Satane.
11. Satane o sebelisa eng ho etsa hore re belaelle melao ea Jehova? (Sheba setšoantšo.)
11 Satane o sebelisa lithulusi tse kang mecha ea puisano ho etsa hore re belaelle melao ea Jehova. Mecheng ena, batho ba bangata ba bontša hore melao ea boitšoaro ea Bibele e felletsoe ke nako le hore batho bohle ba lokolohile ho phela ka tsela eo ba e batlang. Kannete “’musi oa lefatše” lena haesale a ipabola ka ho fifatsa pono ea batho mabapi le se nepahetseng le se fosahetseng.—Joh. 14:30; Esa. 5:20; 1 Tim. 4:1, 2.
Lefatše la Satane le re foqa boitsebiso bo bongata bo halalang melao ea Molimo (Sheba serapa sa 11)
12. Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba mashano a Satane?
12 Ho mamela mashano a Satane ho ka etsa hore re suthele hole le Jehova. Morali oa bo rona e mocha eo re tla mo bitsa Shannon o re: “Ho nkukile nako e telele hore ke hlokomele hore boitšoaro boo ke neng ke bo rutoa sekolong le batho bao ke neng ke tloaelane le bona ba ne ba fifalitse pono ea ka ea se nepahetseng le se fosahetseng. Ha ke ne ke qeta nako e ngata ke le mecheng ea puisano, ke ne ke batla ho etsisa batho bao ke neng ke ba bona moo le ho feta. Butle-butle ke ile ka suthela hole le Jehova, ba lelapa le bara le barali ba bo rona.” Qetellong, Morali oa bo rona Shannon o ile a khona ho itšoasolla lerabeng la Diabolose ’me a khutlela ho Ntate oa hae ea leholimong. O ile a thusoa ke’ng?
13. U ithuta eng phihlelong ea Morali oa bo rona Shannon?
13 Morali oa bo rona Shannon o ile a hlokomela hore o lokela ho sebetsa ka thata hore e lule e le motsoalle oa Jehova le Jesu. O re: “Ke ile ka rapela ’me ka etsa lintho tumellanong le lithapelo tsa ka ka hore ke etse lipatlisiso lingoloeng tsa rona. Video ea Young People Ask—How Can I Make Real Friends? e ile ea nthusa haholo.b Videong eo, morali oa bo rona e mong e mocha o ne a e-na le mathata a mangata a tšoanang le a ka. O ile a ikokobetsa ’me a kopa thuso ho batsoali ba hae. Ke ile ka etsa se tšoanang. Batsoali ba ka, baholo le barali ba bo rona ba phuthehong ea ka ba holileng tumelong ba ile ba nthusa hore ke itšoasolle litloaelanong tseo tse mpe. Ke ile ka ithuta hore ho sebeletsa Jehova ha se feela taba ea ho ea libokeng le ho thabisa batsoali ba ka, empa ke ho phelela ’nete le ho lula ke le motsoalle ea haufi le Jehova.”
KHOLISEHA HORE JEHOVA LE JESU KE METSOALLE EA HAO
14. Re ka qoba boiteko ba Satane ba ho fokolisa tumelo ea rona joang? (Sheba setšoantšo.)
14 E le hore re lule re le metsoalle ea Jehova, re lokela ho khetha metsoalle ka bohlale. (Jak. 4:4) Re boetse re lokela ho ba hlokolosi e le hore re se ke ra lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e balang kapa eo re e utloang eo lefatše le buang ka eona. Ka mohlala, re ka etsa liqeto tse fosahetseng haeba re lumela lintho tseo e leng ’nete e sa fellang kapa tseo e leng mashano a popota. Empa haeba re ithuta Bibele le lingoloa tsa rona ’me re tloaelana le Bakreste-’moho ba nang le tumelo e matla, re ke ke ra khelosoa habonolo. Ha re ntse re ithuta ’nete, re tla atleha ho hanela boiteko ba Satane ba ho fokolisa tumelo ea rona.—Liprov. 13:20; Lik. 17:11.
Re hanela boiteko ba Satane ka hore re nahanisise ka kamoo re ka lulang re le metsoalle e haufi ea Jehova kateng (Sheba serapa sa 14)
15. Re ka ba le tšepo e matla ea hore Jehova le Jesu ba ka lehlakoreng la rona joang?
15 Ha re hlahloba Bibele ka hloko, re tla ba le tšepo e matla ea hore Jehova le Jesu ba ka lehlakoreng la rona. (Liprov. 22:19) Ha re thuisa ka litlaleho tse bontšang kamoo Jehova le Jesu ba tsotellang batho kateng, re tla susumelletseha hore re ba tšepe joaloka metsoalle ea rona e tšepahalang. Ka Bibeleng ho na le lintho tse ngata tse re kholisang hore Jehova le Jesu baa re rata. Ka mohlala, Jehova o hlalosa tsela eo a ikutloang ka eona ka batho ba hae e le matla ho feta ea ’mè ea anyesang ngoana oa hae. (Esa. 49:15) O nka batho ba ratang lebitso la hae e le “thepa e khethehileng.” (Mal. 3:16, 17, nal.) Hape Bibele e bontša botebo ba lerato leo Jesu a re ratang ka lona ka hore e tlalehe seo a ileng a se bua ka tefo ea topollo.—Joh. 15:12, 13.
16. Ho hopola liphihlelo tsa rona kapa ho mamela tsa ba bang ho ka re tsoela molemo joang? (Pesaleme ea 118:5, 6)
16 Ho nahana ka tšehetso eo Jehova le Jesu ba re fang eona mehleng ena ho ka boela ha re thusa hore re kholisehe hore baa re rata. Re ka ikhopotsa linako tseo re ileng ra utloa hore Jehova o haufi le rona, ’me li ka re matlafatsa. Re ka boela ra botsa bara le barali ba bo rona hore na ba ile ba bona letsoho la Jehova joang. (Liprov. 22:17) Ha re etsa joalo, re tla kholiseha hore Jehova le Jesu ba ka lehlakoreng la rona ho sa tsotellehe hore na re hlaheloa ke mathata afe.—Bala Pesaleme ea 118:5, 6.
17. Ho ea ka Johanne 10:29, Jesu o fa bohle ba haufi le eena le Ntate oa hae kholiseho efe?
17 Kaofela ha rona re batla ho lula re le metsoalle e haufi ea Jehova Molimo le Jesu Kreste. Empa hafeela Satane le bademona ba hae ba e-s’o ka ba felisoa ka ho felletseng, re tla lokela ho lula re loantša boiteko boo ba bo etsang ba ho fokolisa tšepo ea rona ho Jehova le Jesu. (Tšen. 20:1-3, 10) E le hore re hanele maqiti a lira tsa rona, re tlameha hore re lule re le metsoalle e haufi le Jehova ’me re lule re kholisehile hore eena le Mora oa hae ea ratehang baa re rata ebile ba re nka re le batho ba bohlokoa. Kahoo, joalokaha Jesu a ile a cho, ha ho na motho ea ka re “hlothang letsohong la Ntate.”—Bala Johanne 10:29; Jak. 4:7.
18. Re tl’o hlahloba eng sehloohong se latelang?
18 Sehloohong se latelang, re tl’o hlahloba maqiti a mang a mabeli ao Satane a a sebelisang khahlanong le rona ntoeng ea rona ea moea, e leng ho leka ho etsa hore phutheho e se ke ea momahana le ho re hlasela a sebelisa batho ba ka ntle ho phutheho. Re ka atleha ho loantša maqiti aa joang? Beha pelo sekotlolong.
PINA EA 150 Tloong ho Molimo Hore le Lopolloe
a Satane ha a re bakele mathata ’ohle ao re tobanang le ’ona ka ho toba. Empa oa ikarabella ka “moea oa lefatše,” o susumetsang bahanyetsi hore ba tšoare batho ba Molimo hampe. Kahoo, ho sa tsotellehe hore na ke ka ho toba kapa ke ka tsela e potelletseng, Satane o nkha lefotha mathateng a mangata ao re tobanang le ’ona ntoeng ea rona ea moea.—1 Bakor. 2:12, nal.; 1 Joh. 5:19.
b E le hore u fumane lithulusi tse ling tse ka thusang bacha ho ba le setsoalle se matla le Jehova, sheba leqephe le reng Kamano le Molimo tlas’a karolo ea Bacha ho jw.org. Ho JW Library®, sheba sehlooho se reng Kamano le Molimo tlas’a “Bacha Baa Botsa” ho pokello ea lihlooho.