Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 August maq. 8-13
  • U ka Hlola Ntoa!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Hlola Ntoa!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • SATANE O LEKA HO RE AROLA
  • SATANE O SEBELISA MAHLORISO HO RE NYAHAMISA
  • RE KA E HLOLA NTOA ENA!
  • Hanela Maqiti a Satane ’me u Tšepe Jehova le Jesu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Kamehla “Molimo ea Nang le ’Nete” o Phethahatsa Morero oa Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • ‘Jehova o Tla Etsa Hore re Thabe Haholo’
    Lenaneo la Kopano ea Potoloho ea 2026-2027 ka Moemeli oa Lekala
  • Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsena
    Lenaneo la Kopano ea Potoloho ea 2026-2027 ka Moemeli oa Lekala
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 August maq. 8-13

LA 12-18 OCTOBER 2026

PINA EA 129 Re Tla Lula re Mameletse

U ka Hlola Ntoa!

“Ha re loane le batho ba nama le mali empa re loana le [Satane le] bademona ba leholimong.”—BAEF. 6:12.

NTLHA-KHOLO

Lula u hopola hore Bakreste ba ’nete ba loana le Satane le bademona ba hae, eseng le Bakreste-’moho le bona.

1. Kaofela ha rona re lokela ho loana le bo-mang? (Baefese 6:11, 12)

BAHLANKA ba Jehova ha ba kenelle lintoeng tsa lefatše lena. (Esa. 2:4; Joh. 18:36) Leha ho le joalo, Bibele e hlalosa ntoa eo bohle re ke keng ra khona ho e qoba, e leng ntoa e khahlanong le meea e khopo. (Bala Baefese 6:11, 12.) Re ka atleha joang ho hlola lira tsee tsa rona tse matla? Re ka khona ho hlola hafeela re itšetlehile ka Jehova. Empa re boetse re lokela ho elelloa maqiti ao Satane le bademona ba hae ba a sebelisang ho re loantša le ho loantša lelapa la rona la moea.

2. Re tl’o hlahloba eng sehloohong see?

2 Sehloohong se fetileng, re bone kamoo Diabolose a lekang ho fokolisa tšepo ea rona ho Jehova Molimo le Jesu Kreste kateng. Sehloohong sena, re tl’o bua ka maqiti a mang a mabeli ao Satane a a sebelisang ho re loantša. O leka ho etsa hore re se ke ra momahana le bara le barali ba bo rona. Hape o etsa hore batho ba re hanyetse e le ho re tšosa kapa ho re ferekanya, a tšepile hore re tla khaotsa ho etsa mosebetsi oo Jehova a re fileng oona.

SATANE O LEKA HO RE AROLA

3. Satane o leka ho re arola ka tsela efe?

3 Satane o leka ho baka likarohano pakeng tsa rona le bara le barali ba bo rona. Sepheo sa hae ke ho etsa hore re loantšane ho e-na le ho loantša eena. O leka ho etsa see joang? Batho ba bangata lefatšeng lena la Satane ba sehloho ebile ha ba na lerato. Hangata ha ba tšepane. Satane o na le tšepo ea hore mohlala oa bona o tla re tšoaetsa, ebe re qala ho tšoaea-tšoaea metsoalle ea rona le mokhatlo oa Jehova liphoso le ho ba hloea.—Bar. 16:17.

4. Ke hobane’ng ha Morena Saule a ile a fetohela Davida? (Sheba setšoantšo.)

4 Nahana ka mohlala ona. Morena Saule o ile a fetohela Davida ea neng a tšepahala. Qalong, Saule o ne a rata mohlankana enoa. O ne a khahliloe haholo ke bokhoni ba Davida ba ho hlola lintoeng. (1 Sam. 18:5) Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ea, o ile a monela Davida ha a bona hore batho ba rata Davida ho mo feta. Ke kahoo Saule a ileng a leka ka makhetlo-khetlo ho bolaea Davida. (1 Sam. 18:9-11) Haeba Davida a ne a ka bolaoa, Satane o ne a tla thaba haholo. Hobane’ng? Hobane Jehova o ne a se a tlotsitse Davida hore e be morena oa Iseraele ea tla latela. (1 Sam. 16:13) Satane a ka be a ile a thaba haholo haeba morero oo o ile oa nyopa. Nahana Satane a lutse a khotsofetse a shebile ha Saule ea mona a leka ho bolaea monna eo Jehova a mo khethileng hore e be eena morena oa ka moso.

Saule o qetoa ke mona ha Baiseraele ba ntse ba bina ba bile ba letsa meropa e menyenyane hobane ba keteka tlholo ea Davida. Jonathane o pel’a Davida ’me o thabile.

Ho fapana le Jonathane ea tšepahalang ea ileng a tšehetsa Davida, Saule o ile a monela Davida ’me a khaotsa ho tšepa Jehova (Sheba serapa sa 4 le sa 6)


5. Ke hobane’ng ha Diabolose a batla hore re monele ba bang le ho ba honohela? (Jakobo 3:14-16)

5 Satane oa tseba hore haeba re momahane, Jehova o tla re hlohonolofatsa le ho re tšehetsa. (Pes. 133:1) Kaha Satane o batla ho senya momahano eo, o batla hore re monele ba bang le ho ba honohela feela joalokaha Saule a ile a etsa ho Davida. Satane oa tseba hore haeba re ka monela mora kapa morali oa bo rona, ho tla ba boima hore re mo rate. (Mar. 12:30, 31) Haeba seo se ne se ka etsahala, na Jehova o ne a tla amohela borapeli ba rona? Morutuoa Jakobo o ile a sebelisa mantsoe a matla ha a ngola ka kotsi ea ho lumella mona hore o mele ka lipelong tsa rona.—Bala Jakobo 3:14-16.

6. U ithuta eng mohlaleng oa Jonathane? (Sheba setšoantšo.)

6 Ha re tšehetsana joaloka bara ba motho ba momahaneng, re tla qoba ho lumella mona le mohono hore li mele ka lipelong tsa rona. Nahana ka mohlala o motle oa mora oa Saule e leng Jonathane. Ho fapana le ntate oa hae ea neng a monela Davida, Jonathane o ile a bolella motsoalle oa hae e monyenyane hore o na le tumelo e felletseng ea hore morero oa Jehova o tla atleha. Jonathane o ile a re ho Davida a kholisehile: “U tla ba morena oa Iseraele.” Ka boikokobetso, Jonathane o ile a amohela hore Jehova o batla hore Davida e be morena oa Iseraele ea tla latela ’me o ile a mo tšehetsa.—1 Sam. 23:16, 17.

7. Re ka qoba ho fa Diabolose monyetla oa hore a senye momahano ea rona joang? (Baefese 4:25-27)

7 Satane o boetse a ka thabela ho sebelisa ho se tšoane ha rona ho senya momahano eo re nang le eona. Kaha re na le maikutlo le botho bo sa tšoaneng ebile re tsoa litsong le merabeng e sa tšoaneng, o batla hore re lumele hore re ke ke ra utloana le bara le barali ba bo rona. Re ka etsa’ng ho qoba ho mo fa monyetla oa hore a bake likarohano ka har’a rona? Rarollang liqabang le ho se utloane kapele. (Bala Baefese 4:25-27.) Rata bara le barali beno haholo. Ba nke ka tsela eo Jehova a ba nkang ka eona. Ho sa tsotellehe ho se tšoane ha rona, re litho tsa ’mele o le mong. (1 Bakor. 12:12) Kaofela ha rona re loantša lira tse tšoanang, e leng Satane le bademona ba hae.—1 Pet. 5:8, 9.

8. Re lokela ho etsa eng haeba morapeli-’moho a bua kapa a etsa ntho e re utloisang bohloko?

8 Ha morapeli-’moho a bua kapa a etsa ntho e itseng e u utloisang bohloko, hopola hore ha oa phethahala joalokaha a sa phethahala. Haeba u sebetsa haufi-ufi le ba bang, hoa utloahala hore le tla hatana litorong. (Moek. 7:20) Ha seo se etsahala, latela keletso e hlahang ka Lentsoeng la Molimo ea ho mamella ba bang. Hape ha motho e mong a u utloisa bohloko, potlakela ho mo tšoarela. (Bakol. 3:12-14) Sebetsa le Jehova le Jesu ho etsa hore lelapa lena la Bokreste le lule le momahane.—Joh. 17:20, 21.

SATANE O SEBELISA MAHLORISO HO RE NYAHAMISA

9. Ke eng hape eo Satane a e etsang ho leka ho re nyahamisa?

9 Tsela e ’ngoe eo Satane a lekang ho re nyahamisa ka eona ke ka ho etsa hore re hlorisoe. Moapostola Pauluse o ile a lemosa Bakreste bohle ba ’nete hore ba tla hlorisoa. (2 Tim. 3:12) Ha re hlorisoa, ha e le hantle re tšoaroa ka ho hloka toka. Re ka qeta matla le nako e ngata haholo re batla ho tlosa qoso lebitsong la rona hoo re ka hlokomolohang mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa oa ho bolela litaba tse monate tsa ’Muso, e leng mosebetsi oo Jehova a re fileng oona hore re o etse.—Bar. 12:19-21.

10. Isaka o ile a etsa eng ha a tšoaroa ka ho hloka toka?

10 Nahana ka mohlala oa mora oa Abrahama e leng Isaka. Baahelani ba bona e leng Bafilista, ba ile ba monela Isaka hobane a ne a e-na le maruo a mangata. Kahoo, ba ile ba kata liliba tsa metsi tseo bahlanka ba Abrahama ba neng ba li chekile. (Gen. 26:12-18) Metsi e ne e le a bohlokoa ho Isaka e le hore a ka hlokomela ba lelapa la hae le liphoofolo tsa hae. Kahoo, Isaka o ile a khetha ho lula hole le Bafilista ’me a cheka liliba tse ling. Leha ho le joalo, Bafilista ba ile ba re liliba tseo le tsona ke tsa bona. Ho hloka toka hona ho ka be ho ile ha nyahamisa Isaka. Empa Isaka o ne a sa batle hore balisa ba hae ba ngangisane le Bafilista. O ile a etsa seo joang? Ka hore a phehelle khotso. O ile a tloha hape sebakeng seo, ’me Jehova o ile a mo hlohonolofatsa. (Gen. 26:19-25) Le rona ha re tšoaroa ka ho hloka toka, re ka etsisa Isaka ka hore re phehelle khotso le ka ho mamella ba bang.

11. Jesu o ile a etsa eng ha a tobana le mathata?

11 Ha Jesu e leng Mesia ea tšepisitsoeng a se a le lefatšeng, o ile a tobana le mathata a mangata. Ka mohlala, ba bang ba bana babo ba ile ba nahana hore ha a sa nka hantle. (Mar. 3:21) Baeta-pele ba bolumeli ba ne ba lula ba re ha a na tokelo ea ho ruta batho ka Molimo. (Luka 11:15, 16) E mong oa baapostola ba hae eo a neng a qetile nako e ngata a e-na le eena, o ile a mo eka. (Mat. 26:14-16) Baprista ba phahameng ba ile ba sebelisana le baeta-pele ba lipolotiki ho ahlolela Jesu lefu. (Mar. 15:1, 13-15) Empa Jesu ha aa ka a lumella hore mahloriso a etse hore a khoehlise tšebeletsong ea hae ho Jehova. Hape ha ho le ka mohla a ileng a batla ho iphetetsa. Ha Jesu a ne a tšoeroe, moapostola Petrose o ile a leka ho mo sireletsa. Petrose o ile a hlatha tsebe ea lekhoba la moprista ea phahameng. Empa Jesu ha aa ka a lumellana le tsela eo Petrose a ileng a etsa lintho ka eona ’me o ile a folisa tsebe ea monna eo. (Luka 22:50, 51) Maemong ana kaofela, ha ho le ka mohla Jesu a ileng a lumella hore mathata ao a ileng a tobana le ’ona a mo sitise kapa a etse hore a batle ho iphetetsa.

12. Ho ea ka Matheu 5:43, 44, re lokela ho etsa eng ha batho ba re hlorisa kapa ba re hanyetsa?

12 Le mehleng ena, re tobana le maemo a ka re nyahamisang. Satane o leka ho etsa hore re se ke ra etsa mosebetsi oa boboleli. Ba lelapa bao eseng Lipaki Tsa Jehova kapa batho ba bang, ba ka re hanyetsa kapa hona ho re hlorisa. Empa Jesu o re rutile hore re rate le batho ba re hlorisang. (Bala Matheu 5:43, 44.) Sena se bolela hore le ka mohla re ke ke ra hloea kapa ra tšoara batho ba re hlorisang ka pelo. Ho e-na le hoo, re latela tataiso ea Jesu e hlakileng ’me re etsa sohle seo re ka se khonang ho tšoara batho bohle ka mosa, ka mamello le ka tlhompho le haeba ba re hanyetsa kapa ba hanyetsa mosebetsi oa rona.—1 Bakor. 13:4.

13. Ke hobane’ng ha re lokela ho hlompha ba boholong pusong le haeba ba re hlorisa? (Sheba setšoantšo.)

13 Re boetse re lokela ho hlompha ba boholong pusong le haeba ba etsa melao e re thibelang ho sebeletsa Molimo ka bolokolohi kapa ba re thatafalletsa bophelo ka tsela e itseng. Hobane’ng? Hobane Lentsoe la Molimo le batla hore re etse joalo. (Bar. 13:1, 2) Ho ka etsahala hore ebe Satane ha se eena ea ikarabellang ka ho toba liqetong tseo ’muso o li etsang tse se nang toka. Empa o batla hore re halefele baeta-pele bao, re ba bue hampe le ho leka ho ba loantša. Batho ba bangata lefatšeng ba etsa mehoanto khahlanong le liqeto le melao eo ’muso o e etsang eo ba sa e thabeleng. Bakreste ha ba lokela ho etsa joalo. (Liprov. 24:21, 22, nal.; Moek. 8:2, 3) Haeba re ne re ka thekesela le ho nka lehlakore lipolotiking, re ne re tla be re etsa seo Satane a se batlang.—Joh. 15:19.

Mor’abo rona e mocha o palame sethuthuthu o shebile batho ba ntseng ba ipelaetsa. Motho e mong ea ntseng a ipelaetse oa mo hoehla.

Na u tla hanela boiteko ba lefatše lee ba ho etsa hore u nke lehlakore? (Sheba serapa sa 13)


14. Re lokela ho lula re hopola eng ka batho ba hlorisang batho ba Molimo?

14 Batho ba bangata ba neng ba hanyetsa Lipaki nakong e fetileng, e se e le Lipaki Tsa Jehova tse chesehang hona joale. (1 Tim. 1:12, 13) Hopola taba ena ‘ha batho ba u rohaka, ba u hlorisa le ho u etselletsa ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e mpe.’ (Mat. 5:11) Rapella hore ba boholong pusong ba re lumelle ho tsoela pele re sebeletsa Jehova ka khotso. (1 Tim. 2:1, 2) Hape rapella ba lelapa ba u hanyetsang, basebetsi-’moho le uena le bana bao u kenang sekolo le bona. Kopa Jehova hore a u thuse ho bona hore na u ka etsa’ng e le hore u ba ame lipelo. E-ba le mamello. ’Mè e mong eo e ileng ea e-ba Paki ka mor’a hore a hanyetse monna oa hae ka lilemo tse ngata, o re: “Ha re mamella, e, ha re mamella, re mamella ho fihlela ho khaoha moo ho khoehlang, seo se ka thusa batho hore ba fetole monahano oa bona ka rona.”

15. Ke hobane’ng ha ho sa utloahale hore re leke ho lokisa ho hloka toka ho re hlahelang kapa hoo re ho bonang mehleng ee?

15 Re tla fela haeba re qeta nako ea rona le matla a rona re leka ho lokisa ho hloka toka ho re hlahelang kapa hoo re ho bonang mehleng ena. (Moek. 1:15) Jehova o tseba hantle seo re se mamellang. (Pes. 37:18) Haufinyane, ’Muso oa hae o tla etsolla tšenyo e bakiloeng ke Satane le mahlahana a hae. (1 Joh. 3:8; Tšen. 21:5) Ha re ntse re emetse nako eo, re lokela ho lula re mamella le ho rata baahelani ba rona. Re lokela ho qeta nako le matla a rona re ntse re thusa batho ba bangata kamoo re ka khonang hore e be metsoalle ea Jehova.

RE KA E HLOLA NTOA ENA!

16. Re tla thusoa ke eng ho hlola ntoa khahlanong le Satane le bademona ba hae? (Sheba litšoantšo.)

16 Bibele e re kholisa hore re ka hlola ntoa khahlanong le Satane le bademona ba hae. (Jak. 4:7; 1 Joh. 5:4, 5) Ha re ntse re ba loantša, Lentsoe la Molimo le re katleho ea rona ntoeng ena e itšetlehile ka tumelo. (Baef. 6:16) Kahoo, tsoela pele u matlafatsa tumelo ea hao ho Jehova Molimo le ho Jesu Kreste. Etsa hore tumelo eo e u susumelletse ho tsoela pele u rata bara le barali beno le ho lula u momahane le bona.

Litšoantšo: Bara le barali ba bo rona ba bontšang lerato le bonngoe. 1. Bara ba bo rona ba babeli ba sa lekaneng ka lilemo ebile e le ba merabe e fapaneng baa qoqa Holong ea ’Muso. 2. Mor’abo rona e mocha o fa mor’abo rona ea holileng tataiso mosebetsing oa kaho. 3. Barali ba bo rona ba lilemo le merabe e fapaneng ba thabela ho qoqa ba le ka koloing ha ba le tšimong.

Re ka hlola ntoa khahlanong le Satane le bademona ba hae ka hore re rate bara le barali ba bo rona le ho momahana le bona (Sheba serapa sa 16)


17. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng?

17 E se eka le ka mohla re ke ke ra inehela maqiting leha e le afe ao Diabolose a ka a sebelisang matsatsing a tlang ho leka ho etsa hore re se ke ra momahana le ho re nyahamisa. Jehova le Jesu ba tšepisa ho lula ba le ka lehlakoreng la rona hafeela re ntse re ba khomaretse. Re loantša sera sa rona se seholo e leng Satane mahetla a bapile le bara le barali ba bo rona. Re lokela ho leka ka matla ho latela keletso ea Jesu ea ho ba mosa ho ba re hlorisang. (Luka 6:27, 28) Kahoo, tsoela pele ho hanyetsa maqiti a Satane, o kholisehile hore u tla mo hlola hammoho le bademona ba hae.

U KA RE’NG?

  • Satane o leka ho senya momahano eo re nang le eona le bara le barali ba bo rona joang?

  • Satane o leka ho re nyahamisa joang e le hore re se ke ra etsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso?

  • Ke eng e u kholisang hore u ka hlola ntoa khahlanong le Satane le bademona ba hae?

PINA EA 149 Pina ea Tlholo

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela