Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 November maq. 8-13
  • “Balisa ba Sebele”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Balisa ba Sebele”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ITHUTE HO “MOLISA EA MOLEMO”
  • LINTHO TSEO BAHOLO BA KA LI ETSANG E LE HORE E BE BALISA BA MOLEMO
  • HO LISA LINKU TSA JEHOVA HO TLISA MELEMO EFE?
  • Balisa, Etsisang Balisa ba ka Sehloohong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Ho Alosa ka Bonolo Linku tsa Jehova tsa Bohlokoa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Balisa ba Bakreste, ‘Bulang Lipelo Tsa Lōna Haholo’!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Baholo, Nkang Boikarabelo ba Lōna ba ho Alosa ka Botebo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 November maq. 8-13

LA 11-17 JANUARY 2027

PINA EA 103 Molimo o re File Balisa

“Balisa ba Sebele”

“Ke tla li batlela balisa ba sebele.”—JER. 23:4.

NTLHA-KHOLO

Seo baholo ba ka ithutang sona ho Jesu le tsela eo ba ka hlokomelang linku tsa Jehova hamolemo ka eona.

1, 2. (a) Baholo ba re thusa joang? (b) Jehova o phethahalitse tšepiso ea ho re fa balisa ba sebele joang? (Sheba lebokose le reng “Balisa ba Mehleng ea Bibele.”)

NA U hopola nako eo ka eona moholo ea lerato a ileng a u thusa? Mohlomong o ile a u fa keletso e thehiloeng Mangolong ha u ne u le mothating oa ho kheloha. Ho ka etsahala hore ebe o ile a u tšelisa ka mor’a hore u hlokahalloe ke motho eo u mo ratang. Kapa mohlomong o ile a u hopotsa hore na Jehova o u rata hakae le nakong eo u neng u utloa u sa tšoaneloe ke lerato la hae. Morali’abo rona Maríaa oa Spain o re: “Ha baholo ba nketela, kea bona hore ba ntsotella e le kannete. Kamehla ha ba nketela, baa bontša hore ehlile ba batla ho ntseba le ho fumana tsela e molemohali ea ho nthusa.”

2 Jehova oa tseba hore re hloka thuso ea baholo. Ke kahoo a ileng a tšepisa ho re fa “balisa ba sebele.” O ne a nahanne ka banna “ba etsang thato” ea hae, banna ba neng ba tla hlokomela batho ba hae ka tsebo le ka temohisiso. (Jer. 3:15; 23:4) Molimo o phethahalitse tšepiso ena ka tsela e ikhethang ha a ne a romela Jesu lefatšeng. Ka mor’a moo, Jesu o ile a etsa bonnete ba hore ho ba le baholo ba tla lisa phutheho ea Bokreste. (Baef. 4:​7, 8, 11) Sehloohong sena, re tl’o hlahloba mohlala oo Jesu a o behileng joaloka molisa. Re tla boela re bone bokhoni le makhabane a ka thusang baholo hore e be balisa ba atlehang. Qetellong, re tla hlahloba hore na ke hobane’ng ha baholo ba thaba ha ba hlokomela linku tsa Jehova.

Balisa ba Mehleng ea Bibele

Bibele e tšoantša baholo ba Bakreste le balisa. Hobane’ng? Nahana ka makhabane ana a seng makae ao balisa ba mehleng ea Bibele ba neng ba e-na le ’ona:

  • Ho sebetsa ka thata. Molisa o ne a isa linku tsa hae makhulong a matala ’me a etsa bonnete ba hore li fepehile hantle. (Ezek. 34:14) O ne a tlamisa a bile a hlokomela tse lemetseng. (Ezek. 34:4) O ne a mamella mocheso motšehare ’me a mamella serame bosiu ha a ntse a hlokometse mohlape oa hae.—Gen. 31:40.

  • Ho tšepahala. Ha linku li se na molisa, ho ka ba bonolo hore li lahlehe, li tlale-tlale hohle kapa li be li bolaoe. (Ezek. 34:​5, 6) Molisa ea tšepahalang o ne a bala linku tsa hae mantsiboea a mang le a mang le ho sheba hore na li ntse li phetse hantle. Linku tsa hae li ne li mo tšepa. Li ne li tseba lentsoe la hae ’me li mamela lona feela.—Joh. 10:​2-5.

  • Sebete. Molisa ea sebete o ne a sireletsa mohlape oa hae. O ne a loantša masholu le liphoofolo tse ling tse kotsi tse kang litau, liphiri le libere. Ka linako tse ling a beha le bophelo ba hae kotsing.—1 Sam. 17:​34, 35.

ITHUTE HO “MOLISA EA MOLEMO”

3. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a ipitsa “molisa ea molemo”? (Johanne 10:​11, 14)

3 Jesu o ile a itlhalosa e le “molisa ea molemo.” (Bala Johanne 10:​11, 14.) Hobane’ng? Hobane o ne a rata barutuoa ba hae hoo a ileng a tela “bophelo ba hae molemong oa linku” tsa hae. O ile a re: “Ke tseba linku tsa ka le linku tsa ka lia ntseba.” O ne a utloisisa litlhoko tsa barutuoa ba hae ka bo-mong ’me a ithaopela ho ba khatholla. (Mat. 11:​28, 29) Qetellong, seo se ile sa etsa hore ba mo tsebe ba be ba mo tšepe.

4, 5. (a) Ke hobane’ng ha Maretha le Maria ba ile ba kopa Jesu hore a ba thuse? (b) Ke boiteko bofe boo Jesu a ileng a bo etsa e le hore a ba thuse?

4 Ho Johanne khaolo ea 11, re bona makhabane a molisa ea molemo nakong eo Jesu a neng a etetse Maretha le ngoan’abo, Maria, Bethani. Ba ne ba hloka thuso hobane khaitseli ea bona, Lazaro, e ne e hlokahetse matsatsi a seng makae a fetileng. Jesu o ne a rata lelapa lena le momahaneng. (Joh. 11:5) O ne a tloaetse ho lula le bona habo bona, a ba tseba hantle ebile e le metsoalle ea hae e haufi-ufi. Le hoja Maretha le Maria ba ne ba nyahame hobane Jesu a sa ka a thibela Lazaro ho hlokahala, ba ne ba tšepa hore o tla ba tšelisa le nakong eo e bohloko. Kajeno ha baholo ba theha setsoalle le bara le barali ba bo rona, ba ba boemong bo botle ba ho ba thusa moeeng.

5 Ho ka be ho nkile Jesu matsatsi a mabeli ho ea Bethani. Hape ho ne ho ka ba kotsi. Batho ba moo ba ne ba sa tsoa leka ho mo bolaea. (Joh. 11:8) Empa molisa ea molemo o ikemiselitse ho etsa eng kapa eng ho thusa bara le barali babo ba hlokang thuso.

6. Jesu o ile a tšelisa Maretha joang?

6 Ha Jesu a le haufi le Bethani, Lazaro o ne a e-na le matsatsi a mane a hlokahetse. Maretha o ne a ipotsa hore na ke hobane’ng ha Jesu a sa ka a tla e le hore a folise khaitseli ea hae. (Joh. 11:21) Ka mosa, Jesu o ile a mo thusa hore a se ke a nahana ka lintho tse fetileng, empa a nahane ka bokamoso. Jesu o ile a mo tiisetsa a re: “Khaitseli ea hao e tla tsoha.” (Joh. 11:23) Hamorao Jesu o ile a mamela Maretha ha a ntša maikutlo a hae. Ka mor’a moo, o ile a matlafatsa tumelo ea hae ka hore a mo hopotse hore Molimo o mo file matla a ho tsosa bafu. (Joh. 11:​24, 25) Kajeno baholo ba khothatsa ba bang ka ho ba mamela ka mamello le ka ho matlafatsa tumelo ea bona litšepisong tsa Molimo.

7. Jesu o ile a ikutloa joang ha a bona beng ka Lazaro le metsoalle ba utloile bohloko? (Sheba setšoantšo.)

7 Pele Jesu a tsosa Lazaro, o ile a sheba se neng se etsahala haufi le lebitla. Khaitseli ea Lazaro, Maria le batho ba bang ba ne ba lla habohloko. Jesu o ile a ameha joang? O ile “a utloa bohloko haholo ’me a khathatseha.” Ka mor’a moo, “a ntša meokho.” (Joh. 11:​33, 35) Ke mohlala o amang pelo hakaakang oa kamoo Jesu a ileng a bontša kutloelo-bohloko kateng! O ile a utloa bohloko ba bona. Seo se ile sa ama batho. (Joh. 11:36) Molisa ea molemo o khona ho utloa bohloko boo bara le barali babo ba bo utloang.—Bar. 12:15.

Jesu o lla le Maria, Maretha le letšoele le utloileng bohloko ha ba ntse ba atamela lebitla la Lazaro.

Jesu, Maretha, Maria le ba bang ba neng ba rata Lazaro ba utloile bohloko ka lebaka la lefu la hae (Sheba serapa sa 7)


8. Jesu o ile a etsa bonnete ba hore linku tsa hae li ne li tla tsoela pele li hlokomeloa joang ha a se a khutletse leholimong?

8 Jesu o behile mohlala o motle oa ho ba molisa ea lerato ’me o ile a khothalletsa balateli ba hae hore ba etse se tšoanang. Ka mor’a hore a tsosoe, Jesu o ile a bolella moapostola Petrose hammoho le baapostola ba bang hore ba tsoele pele ho hlokomela linku tsa hae. O ile a hatisa bohlokoa ba hore “likonyana” tsa hae kapa “linku tsa [hae] tse nyenyane,” li hlokomeloe.b (Joh. 21:​15-17) Petrose ha aa ka a lebala kopo eo. Lilemo hamorao, o ile a etsa kopo e tiileng ho baholo-’moho le eena hore ba tsoele pele ho hlokomela linku tse nyenyane tseo Jesu a neng a li nka e le tsa bohlokoa.—1 Pet. 5:​1, 2.

LINTHO TSEO BAHOLO BA KA LI ETSANG E LE HORE E BE BALISA BA MOLEMO

9. Ke hobane’ng ha ho ka thoe mosebetsi oa balisa o boima? (Liketso 20:28)

9 Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa baholo ba Efese hore ba nke boikarabelo ba bona ba ho lisa ka ho teba. (Bala Liketso 20:28.) Kajeno balebeli ba tšepeloa ho etsa mosebetsi o tšoanang o halalelang. Moholo e mong ea bitsoang David o li beha tjena: “Ho joalokaha eka Jesu o re ho ’na: ‘Oa li bona linku tsee tse nyenyane? Ke tsa ka, empa ke batla hore u nthuse ho li hlokomela.’” Boo ke boikarabelo bo boholo. Ka linako tse ling, moholo a ka belaella bokhoni ba hae ba ho tšelisa ba utloileng bohloko, ho matlafatsa ba fokolang le ho khothatsa ba nyahameng. (1 Bathes. 5:14) Ho hlakile hore Jehova ke eena ea fang baholo matla ao ba a hlokang e le hore ba ka phetha kabelo ena ea bona. (Bafil. 4:13) Empa ho na le lintho tseo moholo e mong le e mong a ka li etsang tse tla mo thusa hore e be molisa ea molemo. A re ke re hlahlobeng tse seng kae tsa tsona.

10. Moholo o lokela ho etsa eng e le hore e be molisa ea molemo, hona hobane’ng? (Liproverbia 27:23)

10 Baholo ba lokela ho tseba linku hantle. (Bala Liproverbia 27:23.) Phetolelo e ’ngoe ea temana ena, e re: “Ithute lintho tsohle tseo u ka li khonang ka linku tsa hao.”c Ke ’nete hore ha re batle ho kena-kenana le litaba tsa bara le barali ba bo rona tsa botho. (1 Pet. 4:15) Leha ho le joalo, Mor’abo rona David, eo re buileng ka eena pejana o re: “U tla khona ho thusa bara le barali ba bo rona hantle u sebelisa Bibele hafeela u utloisisa hantle mathata ao ba fetang ho ’ona.”

11. Bara le barali ba bo rona ba rua molemo joang ha baholo ba ba mamela ka hloko?

11 Baholo ba lokela ho mamela ka hloko. Balisa ba ka tseba litlhoko tsa bara le barali ba bo rona ka hore ba ba mamele. (Jak. 1:19) Nahana ka mohlala oa Morali’abo rona Catherine, eo monna oa hae a ileng a mo siea le bana. O re: “Baholo ba ile ba mpotsa lipotso ’me ba mamela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke neng ke e bua. Ka ho etsa joalo, ba ile ba etsa hore ke ikutloe ke le motho oa bohlokoa, ke ananeloa ke bile ke ratoa. Ke ile ka hlokomela hore ba ne ba batla ho utloisisa hantle hore na ke feta boemong bofe, ’me ba ikenya lieteng tsa ka. Puisano eo ke ileng ka ba le eona le bona e ile ea nkhopotsa hore Jehova ha aa re lahla.”

12. Baholo ba ka sebelisa Bibele ka tsela e atlehang joang nakong eo ba etsang maeto a bolisa?

12 Baholo ba lokela ho sebelisa mangolo a loketseng bakeng sa motho ka mong. (Tite 1:​7, 9) Moholo a ka khona ho thusa bara le barali ba bo rona hamolemo haeba a tseba mathata ao ba tobanang le ’ona.d Moholo ea bitsoang Andrew o re: “Ke leka ho lebisa bara le barali ba bo rona ho melao-motheo ea Bibele le litlaleho tse tla ba thusa ka mathata a bona. Hangata ke thusoa ke buka ea Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste.” Moholo e mong ea nang le boiphihlelo ea bitsoang Elihú le eena o sebelisa buka e tšoanang. O re: “Hangata ke ea lihloohong tse reng ‘Ho Tšoenyeha,’ ‘Ho Soetseha’ le ‘Ho Nyahama’ ha ke lokisetsa maeto a bolisa. Ana ke a mang a maikutlo a tšoenyang bara le barali ba bo rona letsatsi le letsatsi, ’me ke fumana litemana tse loketseng bakeng sa boemo ba bona.” Morali’abo rona Catherine, eo re buileng ka eena serapeng se fetileng, o re: “Moholo e mong o ile a mpalla Esaia 26:3. ’Na le barali ba ka re ile ra bala temana eo ka makhetlo a mangata. Lengolo leo le khothatsang le ile la re thusa hore re khone ho mamella le nakong eo ho neng ho le boima haholo.”

13. Ke eng e etsang hore molisa a atamelehe? (Sheba litšoantšo le lebokose le reng “Kaofela re Bana ba Motho.”)

13 Moholo o lokela ho atameleha. Le hoja Jesu a ne a phathahane haholo, o ne a lula a ipha nako ea batho, ho akarelletsa le bana. (Luka 18:​15, 16) Re ithuta’ng? Molisa ea molemo o ipha nako ea motho e mong le e mong, ebang ke bacha kapa ba holileng. Ha moholo a qoqa le batho leha e le hanyenyane feela pele kapa ka mor’a liboka, o etsa hore ba mo tšepe hape e be metsoalle ea hae. Morali’abo rona Lauren o re: “Ho bonolo ho kopa thuso ho moholo ea ntseng a tloaetse ho mpotsa hore na ke ntse ke ea joang le ea kileng a nthusa. Ha ho hlaha bothata bo boholo, ke ikutloa ke lokolohile hore nka ea ho eena hobane kea tseba hore oa ntsotella ebile o lula a ikemiselitse ho ntšehetsa.”

Litšoantšo: Moholo o ipha nako ea ho ba le ba bang ka phuthehong. 1. Moholo le ba lelapa la hae ba bapala le metsoalle. 2. Morali e mong oa bo rona le morali oa hae ba neng ba le teng ha ho bapaloa, ba bua le moholo eo libokeng.

Bara le barali ba bo rona ba nolofalloa ke ho tšepa le ho ba motsoalle oa molisa ea molemo (Sheba serapa sa 13)


‘Kaofela re Bana ba Motho’

Mangolo a re khothalletsa ho hlompha baholo. (1 Tim. 5:17) Na joale see se bolela hore moholo o lokela ho lebella ho bitsoa ka tsela e khethehileng kapa ka tlotla e bontšang hore o phahametse ba bang ka phuthehong? Che, sepheo sa moholo oa Mokreste ke ho sebeletsa bara le barali babo, eseng ho ba laola. (Luka 22:​25-27; 1 Pet. 5:​2, 3) Hape Bibele e re Bakreste bohle ba lokela ho hlomphana. (Bar. 12:10) Litsong tse ling, ho tloaelehile hore bacha ba bitse batho ba baholo ka tsela e bontšang tlhompho, e fapaneng le eo ba bitsang lithaka tsa bona ka eona. Bibele ha e hanyetse taba eo. Ha e le hantle, e re khothalletsa ho hlompha ba holileng. (Lev. 19:32) Empa kaha baholo ba ikokobelitse, ha ba batle ho tšoaroa ka tsela e khethehileng kapa ho nkeloa holimo ho feta ba bang ka phuthehong. Ho e-na le hoo, ba khothalletsa ba bang ho akarelletsa le bacha hore ba ba bitse ka tsela e tla etsa hore ho be bonolo hore ba ikutloe ba lokolohile ho ba atamela. Seo se etsa hore ho be le puisano e ntle. Baholo bohle ba qoba ho fuoa litlotla tse etsang hore ba ikutloe ba phahametse mohlape oa Molimo. Jesu o ile a hopotsa barutuoa ba hae, a re: “Lona kaofela le bana ba motho.”—Mat. 23:​8-12.

14. U ithuta eng phihlelong ea Mor’abo rona Juan?

14 Baholo ba lokela ho ba lerato. Jesu o ile a re lerato e tla ba lona le khethollang barutuoa ba hae. (Joh. 13:35) Molisa oa ’nete o bonahala ka ho rata linku tsa Jehova e le kannete. Mor’abo rona Juan, eo hona joale a sebeletsang e le moholo, o ile a rua molemo ka lebaka la ho tšehetsoa ke molisa ea lerato. O re: “Ha ke ne ke qala ho ithuta Bibele ho ne ho se bonolo, ke ne ke imetsoe maikutlong le moeeng. Empa lerato leo moholo e mong a ileng a mpontša lona ke lona le ileng la ntšusumelletsa hore ke tsoele pele ho ithuta le ho ea libokeng. Lerato leo le ile la nthusa hore ke qobe phoso e kholo ea ho tlohela ho sebeletsa Jehova. Mamello ea hae le lerato la hae li ile tsa etsa hore ke ipone ka tsela eo Jehova a mponang ka eona le hore ke se ke ka tela le ka mohla.”

HO LISA LINKU TSA JEHOVA HO TLISA MELEMO EFE?

15. Baholo ba rua molemo joang ha ba hlokomela linku tsa Jehova? (Liketso 20:​31, 35)

15 Mosebetsi oa ho ba molisa ha o bonolo. Pauluse o ile a lumela hore ho rata le ho tšoenyeha ka linku tsa Jehova ho ile ha etsa hore a tšoenyehe le hore a se ke a bo hlotha ka masiu a mang. (2 Bakor. 11:​27, 28) Ha a nahana ka boiteko boo a bo entseng ho lisa linku tsa Jehova, o ile a hopola mantsoe a molisa ea molemo, Jesu Kreste, a reng: “Ho fana ho thabisa haholo ho feta ho fuoa.” (Bala Liketso 20:​31, 35.) Mor’abo rona Javier, eo e bileng moholo ka lilemo tse ka holimo ho 30, o ikutloa ka tsela e tšoanang. O re: “Ho etsetsa bara le barali ba bo rona maeto a bolisa ho matlafalitse tumelo ea ka le tsela eo ke ratang Jehova ka eona. Ha ke ba etela, kea hopola hore Jehova o tsotella bohle ba mo ratang le ba mo sebeletsang ka lipelo tsohle tsa bona.”

16. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a bapisa mosebetsi oa hae oa ho lisa le oa ’mè?

16 Molisa ea molemo o bontša lerato le se nang boithati joaloka la ’mè ka litsela tse ngata. Pauluse o ile a etsa papiso ena ha a ne a hopola mosebetsi oo a ileng a o etsetsa bana babo ba Thesalonika. (1 Bathes. 2:​7, 8) ’Mè o tela lintho tse ngata bakeng sa ngoana oa hae, empa seo se boetse se etsa hore a thabe haholo. Feela joalokaha ’mè a thaba haholo ha ngoana oa hae a hola, Pauluse le eena o ile a thaba haholo ha a bona tumelo ea Bathesalonika e hola. (2 Bathes. 1:​3, 4) Kajeno, baholo ba bontšang boitelo bo joalo, ba thaba haholo ha ba bona batho bao ba ba thusang ba hola tumelong. Mor’abo rona Miguel oa moholo ea ileng a thusa Mor’abo rona Juan, eo re buileng ka eena pejana, o re: “Ke ne ke thabela ho thusa Juan hore a hlaolele makhabane a Bokreste ’me hona joale ke motlotlo haholo ho bona le eena e se e le moholo.”

17. Ke eng eo u e ananelang ka balisa bao Jehova a re fileng bona?

17 Re ananela hore ebe Jehova o re file balisa ba tšepahalang matsatsing ana a ho qetela. Re ba bona ba sebetsa ka thata ho etsisa mohlala oa Jesu, molisa ea molemo. Re ananela boiteko boo ba bo etsang ba ho ba le bokhoni le makhabane ao ba a hlokang hore ba re eletse, ba re matlafatse le hore tšelisa. Kannete ba bohlokoa haholo ho rona le ho Jehova!—1 Bathes. 5:​12, 13.

U KA RE’NG?

  • Jesu o ile a bontša joang hore ke “molisa ea molemo”?

  • Ke lintho life tse hlokahalang e le hore moholo e be molisa ea molemo?

  • Baholo ba fumana melemo efe ha ba etsa mosebetsi oa ho lisa linku tsa Jehova?

PINA EA 109 “Ratanang ka Pelo Eohle”

a Mabitso a fetotsoe.

b Jesu o ile a sebelisa poleloana ‘linku tse nyenyane’ ho bontša kamoo a ratang barutuoa ba hae kateng.

c Le hoja Liproverbia 27:23 e bua ka tsela eo balisa ba liphoofolo ba lokelang ho sebetsa ka thata ka eona ho hlokomela linku tsa bona, baholo ba ka sebelisa keletso e tšoanang ha ba hlokomela mohlape oa Jehova.

d Ha baholo ba etsa maeto a bolisa, ba lokela ho hopola hore ha baa lokela ho bolella ba bang hore na ba etse’ng. (2 Bakor. 1:24) Mokreste e mong le e mong o na le boikarabelo ba ho iketsetsa liqeto. (Bagal. 6:5) Sheba Molula-Qhooa oa January 15, 2013, leq. 27-28, ser. 2-4.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela