LA 18-24 JANUARY 2027
PINA EA 28 E-ba Motsoalle oa Jehova
E-ba le Setsoalle se Matla le Jehova le Jesu
“Atamelang ho Molimo ’me o tla atamela ho lona.”—JAK. 4:8.
NTLHA-KHOLO
Seo re ka se etsang e le hore re lule re le metsoalle e haufi ea Jehova Molimo le Jesu Kreste.
1. Ke eng e bontšang hore Jehova o batla hore batho ba mo tsebe le ho mo rata?
JEHOVA o re bopile re e-na le bokhoni ba ho ba metsoalle ea hae.a O batla hore batho ba mo tsebe le ho mo rata. Ha e le hantle, o tseba bohle ba batlang ho ba metsoalle ea hae e le kannete ebile oa ba rata. O mamela lithapelo tsa bona ebile oa ba thusa le ho ba fa tataiso eo e mong le e mong oa bona a e hlokang. (Pes. 139:1-4) Hoa thabisa ho ba motsoalle oa ’Mopi oa rona le ho tseba hore o batla hore e mong le e mong oa rona e be motsoalle oa hae.
2. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore batho ba sa phethahalang e ka ba metsoalle ea Jehova?
2 Ka mor’a hore Adama le Eva ba etse sebe, ba ile ba lahleheloa ke setsoalle sa bona le Jehova. Phello e ile ea e-ba hore kaofela ha rona re ile ra hlaha re se metsoalle ea Molimo. (Bar. 5:10) Kahoo, re ka ’na ra nahana hore re ke ke ra khona ho ba le setsoalle le eena. Leha ho le joalo, hopola hore Jesu o ile a re: “Lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.” (Mar. 10:27) Kaha o batla ho ba Motsoalle oa rona, o ile boholeng ba ho tela Mora oa hae e le hore e be sehlabelo. (1 Joh. 4:9, 10) Ka lebaka la seo Jehova le Jesu ba se entseng, re ka khona ho atamela haufi le Molimo ka hore re be metsoalle ea hae le Jesu.—Joh. 15:9, 10.
3. Ho ba motsoalle oa Jehova ho fapane joang le ho ba motsoalle oa motho e mong?
3 Ho ba motsoalle oa Molimo ea matla ’ohle ho fapane le ho ba motsoalle oa motho e mong. Jehova ke ’Mopi kahoo o re phahametse haholo. Hore ebe re khona ho ba metsoalle ea hae ke tlotla e kholo e sa re tšoaneleng. (Pes. 15:1) Sehloohong sena, re tl’o hlahloba hore na ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova o batla hore re be metsoalle ea hae. Re tla boela re hlahlobe hore na ke hobane’ng ha e le Motsoalle ea molemo ka ho fetisisa eo re ka bang le eena. Qetellong re tla hlahloba hore na re ka etsa’ng ho matlafatsa setsoalle sa rona le Jehova le Jesu.
JEHOVA O BATLA HORE RE BE METSOALLE EA HAE
4. Ka linako tse ling re ka ’na ra ipotsa eng?
4 Kaha ha rea phethahala ebile re etsa liphoso tse ngata, ka linako tse ling re ka ’na ra ipotsa hore na ehlile Jehova o batla ho ba Motsoalle oa rona. Rea tseba hore o tšepisa ho re fa bophelo bo sa feleng. (Bar. 6:23) Empa na kannete o batla ho ba Motsoalle oa rona?
5. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova o batla ho ba Motsoalle oa rona? (Sheba setšoantšo.)
5 Re ka kholiseha hore Jehova o batla ho ba Motsoalle oa rona hobane o patetse tefo e phahameng ka ho fetisisa, e leng bophelo ba Mora oa hae ea mong e le hore a re pholose. (Joh. 3:16) Jehova o entse tokisetso ena hang ka mor’a hore Adama le Eva ba mo fetohele. (Gen. 3:15) Borabele ba bona le sebe seo re se futsitseng ha lia ka tsa thibela Jehova hore e be Ntate ea lerato. (Jer. 31:3) Le hoja re le baetsalibe, liketso tsa Jehova li bontša hantle hore o batla ho ba Motsoalle oa rona.
Jehova o ile a lumella Mora oa hae eo a mo ratang ho re shoela e le hore re ka ba metsoalle ea hae (Sheba serapa sa 5)
6. Jehova o re thusa joang ho atamela haufi le eena? (Jakobo 4:8)
6 Jehova ha a batle hore re be metsoalle ea hae feela empa o re khothalletsa hore re be le kamano e haufi le eena. (Bala Jakobo 4:8.) Oa tseba hore ha rea phethahala. Empa ka lerato o atametsa e mong le e mong oa rona haufi le eena. (Joh. 6:44) O re khothalletsa hore re bue le eena kamehla, re mo tšollele lipelo tsa rona re be re mo bolelle lintho tseo re neng re ke ke ra li bolella batho ba bang. (Lillo 2:19; Bafil. 4:6, 7) Ha a mamele lithapelo tsa rona feela empa oa li arabela. (Mat. 7:7, 8) Ke kahoo re nang le mabaka a ho lumela hore Jehova o batla hore re be metsoalle ea hae. Hona joale, a re ke re boneng hore na ke hobane’ng ha Jehova e le Motsoalle ea molemo ka ho fetisisa eo re ka bang le eena.
KE HOBANE’NG HA JEHOVA E LE MOTSOALLE EA MOLEMO KA HO FETISISA?
7. Ke eng eo Jehova a e bontšang metsoalle ea hae, hona seo se bolela eng ho rona? (Exoda 34:6)
7 Jehova o bontša lerato le tšepahalang. Jehova o rata batho bohle, empa o tšoara metsoalle ea hae ka tsela e khethehileng, ’me o ba bontša lerato le tšepahalang. (Pes. 4:3) Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa? Hobane sena se bolela hore Jehova a ke ke a tlohela ho rata metsoalle ea hae. (Sheba Litlhaloso Tsa Mantsoe a Bibele, “Lerato le tšepahalang.”) Bibele e re bolella ka makhetlo a ka holimo ho 20 hore lerato le tšepahalang la Jehova le leholo ebile ha le fele. (Bala Exoda 34:6.) See se bolela’ng? Ha Jehova e ba Motsoalle oa rona, oa re khomarela. Ha a re tlohele hobane re sa phethahala ebile re etsa liphoso. Ho e-na le hoo, lerato le tšepahalang la Jehova le mo susumelletsa hore a re tšoarele le ho re thusa.—Pes. 103:11, 12.
8. Jehova o bontšitse joang hore ha aa ka a lebala metsoalle ea hae, Abrahama le Davida? (Sheba setšoantšo.)
8 Jehova ha a lebale metsoalle ea hae. Ka mohlala, lilemo tse makholo ka mor’a hore Abrahama a shoe, Jehova o ne a ntse a mo bitsa “motsoalle” oa hae. (Esa. 41:8) Nahana ka Morena Davida. Jehova o ile a mo tšepisa hore terone ea hae e ne e tla tiisoa ka ho sa feleng. (1 Likron. 17:11-17) Jehova ha aa ka a lebala tšepiso eo. Lilemo tse makholo ka mor’a ho e etsa, Jehova o ile a tiisa hore o tla fa Jesu “terone ea ntate oa hae Davida.” (Luka 1:32, 33) Ka 1914, Jehova o ile a phethahatsa tšepiso ea hae ha a ne a beha Jesu teroneng ea Davida e le Morena oa Bomesia.
Jehova o hopola metsoalle ea hae (Sheba serapa sa 8 le 9)c
9. Re ka ithuta eng ho se ileng sa etsahalla Anna? (Sheba setšoantšo.)
9 E ka ’na eaba u ntse u re: ‘Abrahama le Davida ba ne ba ikhetha, empa ’na ke mohlanka oa Jehova eo ho seng letho le ikhethang ka eena.’ Haeba u ikutloa joalo, nahana ka tsela eo Jehova a ileng a thusa Anna, eo monna oa hae a neng a nyetse mosali e mong ea bitsoang Penina. Anna o ne a sa khone ho ba le bana, kahoo Penina o ne a mo hlorisa. (1 Sam. 1:4-7) Anna o ne a ka ’na a nahana hore Jehova o mo lebetse. Leha ho le joalo, o ile a tšollela pelo ea hae ho Jehova ka thapelo. (1 Sam. 1:11, 15) Jehova o ile a bontša Anna hore ke Motsoalle oa hae ea molemo. O ile a mamela thapelo ea hae a ba a mo araba ka ho etsa hore a khone ho ba le bana.b Anna o ile a ima ’me a tsoala mora eo a ileng a mo reha Samuele. (1 Sam. 1:20) Hamorao, Jehova o ile a mo hlohonolofatsa ka bara ba bararo le barali ba babeli. (1 Sam. 2:21) Kannete, Jehova o bontša lerato le tšepahalang ho metsoalle eohle ea hae, esita le e ikutloang e se ea bohlokoa kapa e se na thuso.—Jer. 31:3.
10. Ke eng e etsang hore tataiso ea Jehova e phahamele ea batho? (Pesaleme ea 119:98-100)
10 Jehova o fana ka tataiso e phethahetseng. Jehova o re fa tataiso, keletso le bohlale. Ke Moeletsi ea molemo ka ho fetisisa eo motho a ka bang le eena. (Bala Pesaleme ea 119:98-100.) O tseba lintho tsohle ebile o re batlela se molemo. (Esa. 48:17, 18) Batho ba patala litsebi e le hore li ba fe keletso ea hore na ba ka atleha joang bophelong. Empa rona re na le ntho e ’ngoe e molemo ho feta hobane re ka rapela Molimo ea phahameng ka ho fetisisa Jehova, hore a re fe keletso. Tataiso ea hae e phethahetse, kamehla ea fumaneha ebile ke mahala. Ha ho mohla a robalang kapa a khathalang, ebile o lula a mamela ha re mo rapela. (Pes. 121:1-4) Kamehla re rua molemo ha re mamela keletso ea hae.—Pes. 1:2, 3.
11. Ke eng e bontšang hore Jehova ke Motsoalle ea fanang?
11 Jehova oa fana. O bonahatsa tšobotsi ena nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang. O re file bophelo ’me kaofela ha rona re lokela ho bo thabela. (Pes. 145:16; Lik. 14:17) O re fa bohlale boo re bo hlokang e le hore re sebetsane le mathata ao re tobanang le ’ona. (Jak. 1:5) Hape o re tšoarela ka bolokolohi ha re entse sebe. Jehova ha a felle moo. Le hoja re sa phethahala, o re nka re le ba bohlokoa ebile o etsa hore re ikutloe re ratoa re bile re hlomphuoa. O re file mpho e kholo ka ho fetisisa, e leng bophelo ba Mora oa hae ea ratoang e le hore re ka phela ka ho sa feleng. Kannete Jehova ke Motsoalle ea fanang. Re ka etsa’ng e le hore re be metsoalle ea hae ka ho sa feleng?
RE KA ETSA’NG E LE HORE RE MATLAFATSE SETSOALLE SA RONA LE JEHOVA?
12. Ho ea ka Baheberu 11:6, re lokela ho etsa eng e le hore re be metsoalle ea Jehova?
12 Jehova o lebeletse hore re etse sohle seo re ka se khonang e le hore re lule re le metsoalle ea hae. (Bala Baheberu 11:6.) Re lokela ho lumela hore o batla ho re putsa. Ho ekelletsa moo, ho na le lintho tse ling tse tharo tseo re lokelang ho li etsa e le hore re lule re le metsoalle ea hae.
13. Ho bolela’ng ho tšaba Molimo?
13 Re lokela ho tšaba Jehova. Pesaleme ea 25:14 e re: “Jehova ke motsoalle oa ba mo tšabang.” Ho bolela’ng ho tšaba Molimo? Ho bolela hore re mo rata hoo re qobang ho etsa ntho leha e le efe e ka mo utloisang bohloko. Kahoo, ha re etsa liqeto re batla keletso Lentsoeng la hae. (Liprov. 3:5, 6) Ha re latela tataiso ea Motsoalle oa rona ea tšepahalang, re tla etsa liqeto tse bohlale ebile re tla atleha. Ke ka hona Liproverbia 9:10 e reng “mohato oa pele oa ho fumana bohlale” ke ho tšaba Molimo.
14. Re ka bontša ka litsela life hore re tšepahalla Jehova?
14 Re lokela ho tšepahalla Jehova. Joalokaha Jehova a tšepahalla metsoalle ea hae, le eena o lebeletse hore re mo tšepahalle. (2 Sam. 22:26; Liprov. 3:32) Re bontša hore re tšepahalla Jehova ka litsela tse latelang: Re etsa hore e be eena ea tlang pele bophelong ba rona. Re etsisa Jesu ka ho bolella ba bang ka Jehova le ka makhabane a hae a babatsehang. (Mat. 28:19, 20) Hape re lula re tšepahalla Jehova, ho sa tsotellehe hore na lira tsa rona li re hanyetsa hakae. Ha re lumelle ntho leha e le efe ho senya setsoalle sa rona le Ntate oa rona ea leholimong ea tšepahalang.
15. Re ka bontša ba bang lerato le tšepahalang joang?
15 Re lokela ho bontša ba bang lerato le tšepahalang. Jehova o batla hore metsoalle ea hae e mo etsise tabeng ea ho bontša lerato le tšepahalang. Kahoo, re bontša lerato le tšepahalang ho metsoalle ea rona, e leng batho bao le eena a ba nkang e le metsoalle ea hae. Ha re lebale liketso tse mosa tseo ba bang ba re etsetsang tsona. Re khomarela metsoalle ea rona. Re batla litsela tsa ho ba mosa le ho ba seatla se bulehileng ho eona. Jehova o batla hore ‘re rate lerato le tšepahalang.’ (Mik. 6:8, nal.) Sehloohong se latelang, re tla bua ka litsela tse tobileng tseo ka tsona re ka bontšang ba bang hore rea ba rata. Empa hona joale, a re ke re hlahlobeng hore na re ka etsa’ng e le hore re be metsoalle e haufi ea Jesu.
RE KA ETSA’NG E LE HORE RE MATLAFATSE SETSOALLE SA RONA LE JESU?
16, 17. (a) Re tseba joang hore Jesu o batla ho ba motsoalle oa rona? (b) Kamano ea rona le Jesu e fapana joang le kamano ea rona le Jehova?
16 Jesu o bontšitse hore o batla ho ba motsoalle oa rona. Joang? Le pele re hlaha, Jesu o ile a fana ka bophelo ba hae molemong oa rona. O ile a re: “Ha ho ea nang le lerato le fetang la motho ea telang bophelo ba hae bakeng sa metsoalle ea hae.” (Joh. 15:13) Ena ke ketso e kholo ka ho fetisisa ea ho bontša setsoalle.
17 Jesu o mema e mong le e mong oa rona hore e be motsoalle oa hae ea haufi. (Mat. 11:28-30; Joh. 15:15) Leha ho le joalo, kamano ea rona le Jesu, e fapane le kamano eo re nang le eona le Jehova. Ka mohlala, ha re rapele Jesu kapa hona ho mo etsetsa ketso ea borapeli. (Mat. 4:10; 6:9) Empa kananelo ea rona bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a re etsetsang eona e re susumelletsa hore re batle ho ba metsoalle ea hae e haufi.
18. Jesu o re etsetsa eng?
18 Joaloka motsoalle oa rona, Jesu o re etsetsa lintho tse ngata. Ka mohlala, joalokaha moprofeta Esaia a ile a bolela, Jesu ke “Moeletsi ea Hlollang,” “Ntate oa ka ho sa Feleng” le “Khosana ea Khotso.” (Esa. 9:6) Joaloka “Moeletsi ea Hlollang,” Jesu o re fa keletso e molemo e ka pholosang bophelo ba rona. Jehova o file Jesu monyetla oa hore e be “Ntate oa ka ho sa Feleng,” ho ba nang le monyetla oa ho phela lefatšeng ka ho sa feleng. (Joh. 11:25, 26) O khona ho re utloela bohloko hobane “o lekiloe ka litsela tsohle.” (Baheb. 4:15) Joaloka “Khosana ea Khotso,” o re thusa hore re thabele ho ba le setsoalle se haufi le Ntate oa rona, Jehova. Kannete Jesu ke motsoalle ea hlollang!
19. Re lokela ho etsa eng e le hore re be metsoalle ea Jesu? (Johanne 15:14) (Sheba setšoantšo.)
19 Rona re lokela ho etsa eng e le hore re be metsoalle ea Jesu? (1 Pet. 1:8) Re lokela ho ithuta mantsoe le liketso tsa hae ka hloko tseo re li fumanang ka har’a Likosepele, ebe ha re etsa liqeto re latela keletso ea hae le mohlala oa hae. Re boetse re hlompha bolaoli ba hae bo lerato ebile re mamela tataiso ea hae. (Bala Johanne 15:14.) Sena se bolela hore re tšehetsa litokisetso tsohle tsa phutheho re thabile. Re sebelisana le bao Jesu a ba khethileng hore ba re hlokomele. (Baef. 4:8; Baheb. 13:17) Hape ka botšepehi, re phetha kabelo leha e le efe eo a re fang eona a sebelisa phutheho. Jesu oa bona ebile o ananela boiteko boo re bo etsang ba ho ba metsoalle ea hae.
Re matlafatsa setsoalle sa rona le Jesu ka ho tšehetsa phutheho ea Bokreste ka tsela leha e le efe eo re ka khonang (Sheba serapa sa 19)
20. U ikutloa joang ka ho ba motsoalle oa Jehova Molimo le Jesu Kreste?
20 Ke tokelo e babatsehang ho ba motsoalle oa Molimo ea matla ’ohle le Mora oa hae, Jesu Kreste. Joaloka Motsoalle oa rona oa hlooho ea khomo, Jehova o mamela lithapelo tsa rona ’me ka lerato oa li araba. Eena le Mora oa hae ba tsoela pele ho re hlokomela moeeng. (Mat. 5:3) Kannete re ananela setsoalle seo re nang le sona le bona. E se eka re ka tsoela pele re le metsoalle ea bona e tšepahalang.
PINA EA 31 Le Tsamaee le Molimo
a Jehova ha aa bopa mangeloi kapa batho hobane a ne a hloka metsoalle. Ho e-na le hoo, ke motsoalle oa libopuoa tsena tse bohlale hobane a li rata.—1 Joh. 4:8.
b Kajeno, ha rea lebella hore Jehova a folise batho ba kulang ka mohlolo joalokaha a ile a etsa mehleng ea Bibele.
c TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Bahlanka ba Jehova ba nang le tšepo ea ho tsosetsoa lefatšeng, ba kang Abrahama, Anna, Morena Davida hammoho le ba bang ba phetseng mehleng ena.