LA 25-31 JANUARY 2027
PINA EA 107 Molimo o re Behela Mohlala oa Lerato
U ka Etsa’ng Hore u be le Metsoalle ka Phuthehong?
“Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle.”—LIPROV. 17:17.
NTLHA-KHOLO
Re tla ithuta hore na ke hobane’ng ha re lokela ho ba le metsoalle e haufi, hore na re ka etsa’ng ho ba le metsoalle le ho boloka setsoalle sa rona le eona.
1, 2. Ke mathata afe ao batho ba bangata ba tobanang le oona mabapi le ho theha setsoalle?
KAOFELA re hloka metsoalle ea ’nete, e tla re rata le ho re tšehetsa linakong tse monate le tse bohloko. Hape rea thaba ha re bontša batho ba bang hore rea ba rata. (Lik. 20:35) E le hore re lule re tsitsitse moeeng le maikutlong, re lokela ho etsa setsoalle le batho bao e leng metsoalle ea Jehova Molimo le Jesu Kreste. (Pes. 119:63) Ka masoabi, re phela lefatšeng leo batho ba bangata ba thatafalloang ke ho etsa setsoalle le ho se boloka. Ho ka etsahala hore ebe ba bang ba rona re na le bothata boo.
2 Re ka etsa’ng hore re be le metsoalle ea ’nete ka phuthehong? Tsela e ’ngoe e ka ba ho sebelisa e meng ea melao-motheo eo re ithutileng eona sehloohong se fetileng se buang ka ho ba motsoalle oa Jehova Molimo le Jesu Kreste. Sehloohong sena, re tl’o bua ka lintlha tse hlano tse tla re thusa ho etsa metsoalle le ho boloka setsoalle sa rona le eona. Empa a re qaleng ka ho hlahloba lintho tse ka re sitisang ho theha setsoalle se matla le ba bang le hore na re ka li hlola joang.
LINTHO TSE KA U SITISANG HO THEHA SETSOALLE
3. Ke tšobotsi efe e ka re sitisang ho ba le setsoalle se tiileng le ba bang, hona re ka e qoba joang?
3 Ho icheba bouena. Batho ba bangata mehleng ena ba icheba bobona. (2 Tim. 3:1, 2) Empa eo ha se tšobotsi e ratehang. E le hore re be le metsoalle e molemo, re lokela ho qoba mokhoa leha e le ofe o bontšang hore re icheba borona. Ho e-na le hoo, re lokela ho ithuta ho tsotella Bakreste-moho le rona e le kannete. Moapostola Pauluse o ile a susumetsoa ho fana ka keletso ena e khothatsang, a re: “Le se ke la ameha feela ka lintho tse le tsoelang molemo empa le amehe le ka lintho tse tla tsoela batho ba bang molemo.”—Bafil. 2:3, 4.
4. Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho itšehla thajana? (2 Johanne 12) (Sheba litšoantšo.)
4 Ho itšehla thajana. Ha re ikarola ho batho ba bang, re ka tšoenyeha ra ba ra nyahama. Ha nako e ntse e ea, ho ikarola hoo ho ka etsa hore re fokole moeeng le maikutlong. (Liprov. 18:1) Le hoja ho ka ba molemo ho ipha nako ea ho ba mong, re lokela ho qoba ho itloaetsa ho etsa lintho tse ka re arolang ho batho ba bang. Ka mohlala, re ka iphumana re sebelisa marangrang ho feta tekano. Taba ena ea tšoenya hobane re ka iphumana re bua le batho ba bangata mecheng ea puisano empa ra iphumana re se na metsoalle e mengata ea ’nete. Bothata boo re ka bo rarolla joang? Iphe nako ea ho ba le batho ba bang. (Bala 2 Johanne 12.) Ho etsa joalo ho tla tsoela uena le ba bang molemo.—Baheb. 10:24, 25.
Iphe nako ea ho ba le batho ba bang (Sheba serapa sa 4)
5. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho bolella ba bang hore na re ikutloa joang?
5 Batho ba bang ha ba rate ho bua hore na ba ikutloa joang kapa hore na ba nahana’ng. Bibele ha e re re bolelle batho ba bang hore na re ikutloa joang ka linako tsohle. (Liprov. 13:3; Moek. 3:7) Empa Jehova o re bopile re e-na le tlhoko ea ho hlalosa tsela eo re ikutloang ka eona. Kahoo, haeba re sa bolelle ba bang tsela eo re ikutloang ka eona, re ka thatafalloa ke ho etsa metsoalle e molemo. Haeba u khetha ho bolella motsoalle oa hao hore na u ikutloa joang, o tla hlokomela hore oa mo ananela le hore oa mo tšepa. Setsoalle sa lona se ka tiea le ho feta. Jesu o ne a sa qea-qee ho hlalosetsa barutuoa ba hae hore na o ikutloa joang. (Luka 19:41; Joh. 11:35) Ka lebaka leo, o ile a thabela ho ba le metsoalle e mengata.—Joh. 15:15.
6. U ka etsa eng ho loantša lihlong? (Sheba lebokose le reng “Lintho Tse ka u Thusang ho Hlola ho ba Lihlong.”)
6 Ho ba lihlong. Batho ba bang ba lihlong kapa ha ba khone ho phutholoha har’a batho ba bang. Haeba u lihlong, kopa Jehova hore a u thuse ho loantša bothata boo ’me u etse lintho tumellanong le lithapelo tsa hao. (Bafil. 2:13) Nahana haholo ka hore na ke hobane’ng ha u rata Bakreste-’moho le uena. (Joh. 15:12) U ka ipehela pakane ea hore ha u le libokeng u bososele ’me u lumelise motho e mong eo u sa mo tloaelang hakaalo. U ka mo botsa potso e bonolo e kang, “Letsatsi la hao le ne le le joang?” Ebe ka mor’a moo u mo mamela ka hloko.
7. Ka linako tse ling re ka ikutloa joang, hona re ka etsa’ng ha re ikutloa joalo?
7 Ho imeloa maikutlong. Ha re le boemong bona, re ka ’na ra utloa ho le thata ho etsa lintho tseo re tloaetseng ho li etsa letsatsi le letsatsi. Re ka ’na ra utloa eka ha re na nako kapa matla a ho qeta nako le metsoalle. Ke ’nete hore ho phomola le ho qeta nako e itseng re le bang ho bohlokoa. (Moek. 4:6) Leha ho le joalo, re hloka metsoalle ’me ho nka nako hore re thehe setsoalle le ba bang. Le hoja ho qeta nako le batho ba bang ho ka ba thata, e ka ba mohato o tla u thusa hore u etse metsoalle e ka u khathollang maikutlong le moeeng.—Liprov. 11:25.
8. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho atoloha ha re khetha metsoalle? (b) Re ithuta eng mantsoeng ao moapostola Pauluse a ileng a a bua ka motsoalle oa hae Timothea? (Bafilipi 2:19-22)
8 Ho nahana hore u ka ba motsoalle oa batho ba itseng feela. Mohlomong phuthehong ea heno ha ho na motho ea lilemong tsa hao kapa eo le ratang lintho tse tšoanang. Empa joalokaha semela se ke ke sa hola ha se lemetsoe ka har’a nkho e nyenyane, le rona re ka hloleha ho ntlafatsa makhabane a rona a Bokreste haeba re khetha metsoalle e tšoanang le rona, e lekanang le rona kapa e ratang lintho tseo re li ratang feela. Moapostola Pauluse le motsoalle oa hae Timothea, ba ne ba fapane haholo empa e le metsoalle e haufi. Re tla thaba haholo haeba re etsa setsoalle le bara le barali ba bo rona ba fapaneng. (Bala Bafilipi 2:19-22.) Ka thuso ea Jehova, re ka khona ho hlola lintho tsena tse re thibelang ho theha setsoalle.
LINTHO TSE KA U THUSANG HO ETSA METSOALLE LE HO BOLOKA SETSOALLE
9. Ke hobane’ng ha ho etsa metsoalle ho hloka boiteko?
9 Hangata ho thoe, ha u batla ho ba le motsoalle, u lokela ho ba motsoalle. Sena se hloka boiteko. A re ke re hlahlobe lintho tse hlano tse ka re thusang hore re etse metsoalle le ho boloka setsoalle: (1) tšepahala, (2) bontša kananelo, (3) bontša lerato, (4) tšoarela le (5) fana.
10. Ke hobane’ng ha re lokela ho bontša metsoalle ea rona lerato le tšepahalang, hona re ka etsa seo joang?
10 Tšepahala. Jehova o na le lerato le tšepahalang. (Ex. 34:6) O ikemiselitse ho khomarela metsoalle ea hae, le hoja e sa phethahala. E le hore re thabise Jehova, re lokela ho tšepahalla metsoalle ea rona. (Mik. 6:8, nal.) Sena se bolela hore re lokela ho khomarela metsoalle ea rona linakong tse monate le tse bohloko. (Liprov. 18:24; Bar. 12:15) Re lokela ho bua hantle ka metsoalle ea rona le ho sireletsa botumo ba bona. (Pes. 15:3) Ha re tšepahalla metsoalle ea rona, menyetla ea hore le eona e re tšepahalle ea eketseha. Ka letsatsi le leng, e meng ea eona e ka ‘beha bophelo ba eona kotsing’ bakeng sa rona.—Bar. 16:3, 4.
11. (a) Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho bontša metsoalle kananelo? (b) Jesu o ile a bontša joang hore ho bohlokoa ho ba le kananelo? (Luka 17:11-18) (Sheba litšoantšo.)
11 Bontša kananelo. Ho bontša kananelo ke ntho ea bohlokoa haholo e re thusang ho etsa metsoalle le ho boloka setsoalle. Hobane’ng? Ha ho ntho e senyang setsoalle ho feta ho hloka kananelo. Motho ea nang le kananelo, oa hlokomela ha ba bang ba mo etsetsa liketso tse mosa. Ha a li khelle fatše. O potlakela ho leboha. (Bala Luka 17:11-18; Bakol. 3:15) Kahoo, motho ea fanang le ea fuoang ba tla ratana. Ha re itloaetsa ho bontša kananelo, re tla ba le setsoalle se matla le se tšoarellang.
Monna eo e neng e le molepera o ile a khutlela ho Jesu e le hore a mo lebohe, le uena u lokela ho leboha batho ba bang ha ba bile mosa ho uena (Sheba serapa sa 11)a
12. Jehova le Jesu ba re behetse mohlala joang tabeng ea ho bontša lerato? (Johanne 11:3, 5, 33-36; 13:1)
12 Bontša lerato. E le hore re be le setsoalle se tiileng, re tlameha ho bontša metsoalle ea rona hore rea e rata. (2 Bakor. 6:12, 13; 1 Pet. 4:8) Jehova le Jesu ba re behetse mohlala oa ho bontša lerato. Le hoja Jesu a ne a tseba hore Ntate oa hae oa mo rata, e tlameha ebe o ile a thaba haholo ha a utloa Jehova a re ke “eo [a] mo ratang.” (Luka 3:22) Jehova o boetse oa bontša hore oa re rata, ’me seo se etsa hore re atamele haufi le eena. (Jer. 31:3) Jesu o ile a bontša metsoalle ea hae hore oa e rata. “O ile a [e] rata ho fihlela qetellong.” (Bala Johanne 11:3, 5, 33-36; 13:1.) Hape metsoalle ea hae e ile ea susumelletseha ho mo etsisa. Ka mohlala, moapostola Petrose o ile a bontša hore o rata Jesu.—Joh. 21:15-17.
13. Re ka bontša joang hore re rata metsoalle ea rona?
13 Re ka etsisa Jehova Molimo le Jesu Kreste ka hore re bontše metsoalle ea rona hore rea e rata. (Bar. 12:10; 1 Pet. 1:22) Ha re tšabe ho e bolella hore rea e rata. Rea e babatsa ka makhabane a eona ebile re ikemiselitse ho e thusa. Re e rata hoo re e eletsang ha ho hlokahala. (Liprov. 27:9) Ha re bontša metsoalle ea rona hore rea e rata, setsoalle sa rona se tla lula se le matla.
14. Ho tšoarela ho tla re thusa joang ho boloka setsoalle sa rona le ba bang?
14 Tšoarela. Ntle le hore re ikemisetse ho tšoarela, re ke ke ra khona ho boloka setsoalle sa rona le ba bang. Jehova ha aa lebella hore re phethahale, kahoo ha rea lokela ho lebella hore metsoalle ea rona e phethahale. Le metsoalle e haufi e utloisana bohloko ka linako tse ling. (Moek. 7:21, 22) Ha seo se etsahala, re etsisa Jehova ka hore re ikemisetse ho tšoarela. Haeba re hloleha ho ‘etsa sohle seo re ka se khonang e le hore re be le khotso,’ re ka ’na ra lahleheloa ke setsoalle seo re sebelitseng ka thata ho se haha. (Bar. 14:19) Haeba re sa tšoarele, re ka qetella re le batho ba bohale, ba lipelo li bohloko ebile re ikutloa re le bang. Ka lehlakoreng le leng, haeba re tšoarela ka bolokolohi, re tla ba le metsoalle e haufi.—Liprov. 17:9.
15. Ho fana ho ama setsoalle sa rona le ba bang joang?
15 Fana. E le hore u be motsoalle ea molemo, ikemisetse ho qeta nako le metsoalle ea hao le ho arolelana lintho tseo u nang le tsona le eona. (Liprov. 11:25; Luka 6:38) Lintho tse nyenyane, tse kang ho ja hammoho, ho ithaopela ho tsamaea le eona ka koloi ea hao kapa ho e mamela ka hloko li ka etsa hore setsoalle sa lona se be matla. Haeba u ikemiselitse ho fana ka litsela tsena tseo re seng re li boletse, u tla lula u e-na le metsoalle e haufi.
LULA U RATA METSOALLE EA HAO
16. Ke hobane’ng ha metsoalle e molemo e le ea bohlokoa?
16 Re hloka metsoalle e molemo. E etsa hore re thabe, re be matla tšebeletsong ea rona ho Jehova, hape ea re tšelisa “ka linako tsohle” le “linakong tsa mahlomola.”—Liprov. 17:17; 2 Bakor. 7:5-7.
17. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore re ka ba le setsoalle se sa feleng le ba bang? (Sheba lebokose le reng “Ba Ile ba Lula e le Metsoalle.”)
17 Lula u sebetsa ka thata hore u hlole lintho tse ka u sitisang hore u be le metsoalle. Hopola lintho tse ka u thusang hore u be le metsoalle ea ’nete. Hape, nka metsoalle eo u nang le eona e le ea bohlokoa. Bokhoni ba ho etsa metsoalle le ho boloka setsoalle ke mpho ea bohlokoa e tsoang ho Jehova. Re tla thaba ka ho sa feleng haeba re e-na le metsoalle e ratang Jehova.
PINA EA 154 Lerato la ’Nete
a TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Monna eo e neng e le molepera o leboha Jesu ka hore ebe o mo folisitse. Ka tsela e tšoanang, morali’abo rona ea seng a holile o ipha nako ea ho leboha banyalani ba ileng ba mo thusa.