LA 1-7 FEBRUARY 2027
PINA EA 136 Moputso o Moholo o Tsoang ho Jehova
Ipone ka Tsela eo Jehova a u Bonang ka Eona
“U bile motho oa bohlokoa mahlong a ka.”—ESA. 43:4.
NTLHA-KHOLO
Ha re utloisisa hore na Jehova o re nka re le bohlokoa hakae, re tla khona ho mo sebeletsa re thabile hobane re kholisehile hore rea mo thabisa.
1. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho lumela hore Jehova oa re rata?
BATHO ba Jehova ba bangata ba thatafalloa ke ho amohela hore ba bohlokoa ho eena. Ba kholisehile hore Jehova o rata bahlanka ba hae e le sehlopha, leha ho le joalo, ba thatafalloa ke ho lumela hore bona oa ba rata. (Pes. 149:4) Ba nahana hore ha ho mohla Jehova a tla ba rata ’me sena se ba utloisa bohloko. Ho bohlokoa hore re be le pono e nepahetseng ka tsela eo Jehova a re bonang ka eona. Hobane’ng? Hobane ha re kholisehile hore Jehova oa re rata, re tla atamela ho eena ’me re tla batla ho ba metsoalle ea hae. Hape ha re kholisehile hore na Jehova o nka e mong le e mong oa rona a le bohlokoa hakae, re ka mo sebeletsa re thabile.—Pes. 32:11.
2. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba tšepahalang ba hlahang ka Bibeleng ba ile ba thatafalloa ke ho ipona e le ba bohlokoa?
2 Haeba u thatafalloa ke ho ipona u le bohlokoa, ha u mong. Ba bang ba bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba mehleng ea Bibele le bona ba ile ba ikutloa joalo. Ka mohlala, Mefiboshethe o ile a ikutloa a se bohlokoa hoo a ileng a ipitsa “ntja e shoeleng.” Na ebe o ne a ikutloa ka tsela eo hobane a ne a holofetse? Na ebe o ne a soabisoa ke hore ntate-moholo oa hae, Saule, o ile a fetohela Jehova? Ho sa tsotellehe hore na lebaka e ne e le lefe, tsela eo Mefiboshethe a neng a ikutloa ka eona e ne e fosahetse. Empa Morena Davida o ile a mo nka a tšoaneloa ke lerato le tšepahalang, a ba a re a je le eena tafoleng ea hae ea borena. (2 Sam. 9:3-10) Hape nahana ka moapostola Petrose, o ile a re ho Jesu: “Morena, tloha ho ’na hobane ke moetsalibe.” Petrose o ne a tšoenngoa ke mefokolo ea hae hoo a neng a ikutloa a sa tšoanelehe le ho ba moo Jesu a leng teng, ha re sa bua ka ho ba morutuoa oa hae. Leha ho le joalo, Jesu o ne a tseba hore Petrose o ne a tla sebetsa ka thata ho phatlalatsa litaba tse monate ho sa tsotellehe mefokolo ea hae. (Luka 5:8-11) Sehloohong sena, re tl’o araba lipotso tse latelang: Ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba tšepahalang mehleng ee ba thatafalloa ho lumela hore ba bohlokoa ho Jehova? Jehova o re bona joang? Ke eng e ka re thusang hore re ipone ka tsela eo Jehova a re bonang ka eona?
KE HOBANE’NG HA BATHO BA BANG BA THATAFALLOA KE HO IPONA BA LE BOHLOKOA?
3. Lefatše le ka ama tsela eo re iponang ka eona joang? (Sheba setšoantšo.)
3 Ke eng e ka etsang hore re utloe eka ha re bohlokoa kapa ha re ratehe? Nahana ka mabaka ana a mararo. La pele, hangata batho ba sa rapeleng Jehova ba etsa lintho ka tsela e etsang hore ba bang ba ikutloe ba se na thuso. Ka mohlala, e ka ’na eaba batho bao u sebetsang le bona ha ba na teboho, ha ba tšepahale kapa ba bohale haholo. Ba ka ’na ba lula ba u nyenyefatsa kapa ba u senya lebitso. Ba ka boela ba etsa hore u nahane hore u hloka ho lula u babatsoa e le hore u ikutloe u le bohlokoa. Hape batho ba bangata ba nahana hore haeba u se na chelete ea ho reka lintho tse turang u hlolehile bophelong. Hape mecheng ea puisano, batho ba bangata ‘ba ichebile bobona, baa ithorisa ebile baa ikakasa.’ (2 Tim. 3:1-5) Ba beha lintho tse etsang hore ho bonahale eka ba phela hamonate ho u feta, ba na le metsoalle e mengata ho feta ea hao ebile ba ithabisa ho u feta.
Ke joang batho ba sa rapeleng Jehova li ka susumetsang tsela eo u iponang ka eona? (Sheba serapa sa 3)
4. Maemo a rona a ka ama tsela eo re iponang ka eona joang? (Sheba setšoantšo.)
4 Lebaka la bobeli ke maemo a rona. Mohlomong u holetse lelapeng le se nang lerato. Kapa u hotse u bolelloa hore u ke ke oa atleha bophelong. Hape e ka ’na eaba u lakatsa ho sebeletsa Jehova haholoanyane, empa maemo a hao a bophelo ha a u lumelle. Ho ka etsahala hore ebe u sebelelitse Jehova ka botšepehi ka lilemo tse ngata, empa joale ha u sa khona ho mo sebeletsa joaloka pele. (Pes. 71:9) Maemo a kang ana a ka etsa hore u ikutloe eka ho hang ha u bohlokoa ho Jehova.
Ke joang maemo a hao a ka susumetsang tsela eo u iponang ka eona? (Sheba serapa sa 4)
5. Ho se phethahale ha rona ho ka ama tsela eo re iponang ka eona joang? (Sheba setšoantšo.)
5 Lebaka la ho qetela ke ho se phethahale ha rona. Bibele e re re lokela ho phela ka melao ea Jehova e lokileng. (1 Pet. 1:15, 16) Empa hajoale ha re khone ho mamela melao ea Jehova e phethahetseng ka botlalo. Leha ho le joalo, lipelo tsa rona tse bolotsana, li ka etsa hore re ikutloe re se na thuso kapa re sa ratehe ha re etsa liphoso. Re ka ’na ra ‘utloa bohloko haholo ra ba ra nyahama’ ka lebaka la libe tsa rona tseo Jehova a li tšoaretseng. (2 Bakor. 2:7) Moapostola Pauluse o ile a re o otla pelo ka lebaka la libe tsa hae le hoja a ne a tseba hore Jehova oa mo rata.—Bar. 7:21-24.
Ho se phethahale ha hao ho ka susumetsa tsela eo u iponang ka eona joang? (Sheba serapa sa 5)
6. Lipelo tsa rona tse re qosang li ka re ama joang?
6 Kaha ha rea phethahala, re ka ’na ra loantšana le ho ikutloa re le molato le hoja ho se letho le phoso leo re le entseng. Ka mohlala, morali’abo rona e mong ea sebeletsang Bethele o re: “Ha ke utloa ho thoe: ‘Sebeletsa Jehova ka matla a hao ’ohle,’ kamehla ke utloa eka ha ke sebetse ka thata ka ho lekaneng. Ke utloa eka ke lokela ho sebetsa ka thata le ho feta, kahoo ha ho mohla ke khotsofallang seo ke se fang Ntate oa ka ea leholimong.” Le rona lipelo tsa rona li ka re qosa tsa etsa hore re ikutloe re le molato le hoja re se molato. Kahoo, ntoa ea rona khahlanong le ho ikutloa re le molato ha e fele.—1 Joh. 3:19, 20.
JEHOVA O U BONA JOANG?
7. Jehova o bona eng ea bohlokoa ho rona?
7 Tsela eo Jehova a bonang lintho ka eona e fapane hole le ea rona. (Esa. 55:9) Joale, o bona eng ea bohlokoa ho uena? Joaloka batho, re karolo ea bohlokoa ka ho fetisisa ea popo ea Jehova. O re “entse [re le] tlasana ho mangeloi.” Leha ho le joalo, o re bopile re tšoana le eena a ba a re fa makhabane a etsang hore re khone ho mo etsisa. (Baheb. 2:6, 7; Gen. 1:27) Empa na ho se phethahale ha hao ho etsa hore u se ke oa ba bohlokoa ho Jehova? Che. Ho tloha khale, Jehova o ile a fana ka tefo ea topollo e le hore u be le monyetla oa ho ba le kamano le eena. (Bar. 5:8) Hape le pele u tseba Jehova, o ile a bona makhabane a hao eaba o u hulela ho eena ka lerato.—Jer. 31:3.
8. Jehova o bona eng ho rona bahlanka ba hae ba inehetseng ho eena? (Esaia 43:1, 4, 10, 13)
8 Kaha u inehetse ho Jehova ’me u kolobelitsoe, o bona eng ho uena? Oa bona hore oa tšepahala kahoo o u nka u le bohlokoa. (Bala Esaia 43:1, 4, 10, 13.) O re: “U oa ka.” Sena se bolela hore o u khethile hore u be karolo ea lelapa la hae, ’me ha ho na motho ea ka u hlothang letsohong la hae. (Joh. 10:28, 29) Hape o u tšepela ho ba Paki ea hae. Kaha u ikemiselitse ho ba Paki ea hae, o re: “U bile motho oa bohlokoa mahlong a ka, u ile oa hlomphuoa ’me ke u ratile.” U mora kapa morali ea ratoang. Kannete Jehova o u nka u le bohlokoa. Oa thaba ha u emela lebitso la hae le ha u thusa ho pepesa mashano a buuoang ka eena.—Liprov. 27:11.
9. Jehova o etsa eng ha re etsa libe?
9 Haeba u loantšana le ho utloisoa bohloko le ho ikutloa u le molato ka lebaka la libe tsa hao, hopola hore Jehova o tseba libe tsa hao empa o khetha ho se nahane ka tsona. (Pes. 103:12-14) Ho e-na le hoo, oa bona hore u bakile ’me o u tšoarela ka bolokolohi. (1 Joh. 1:7, 9) Ka mohlala, Jehova o ile a nka Bakreste ba Korinthe ba bakileng ba bile ba tlohetse ho etsa libe tse tebileng ba hloekile mahlong a hae. (1 Bakor. 6:9-11) Bakreste bao ba tšepahalang ba ne ba ka rapela Molimo ba kholisehile hore o ba nka ba le bohlokoa. Le uena u ka ba le kholiseho e tšoanang.
10. Re tseba joang hore litokelo tsa rona ha li ame tsela eo Jehova a re nkang ka eona?
10 Ho thoe’ng haeba u lahleloa ke kabelo e khethehileng kapa tokelo, kapa u sa e fumane? Na seo se etsa hore u se ke oa ba motho oa bohlokoa ho Jehova? Che. Ntho ea bohlokoa ke hore na Jehova o re nka joang, eseng hore na rona kapa batho ba bang ba re nka joang. Bibele e bua ka batho ba bangata bao Jehova a neng a ba nka ba le bohlokoa ka lebaka la tumelo ea bona, eseng ka lebaka la likabelo tse itseng tse khethehileng. (1 Mar. 19:18) Haeba u utloa eka ha u bohlokoa ho Jehova, ipotse, ‘Na ke leka ho latela mohlala oa Jesu?’ Haeba karabo ea hao ke e, u karolo ea batho ba Kreste bao e leng “letlotlo la hae le khethehileng.” (Tite 2:11-14) Taba ena ke ’nete ho sa tsotellehe hore na hona joale u na le likabelo kapa litokelo life.
U KA ETSANG E LE HORE U IPONE KA TSELA EO JEHOVA A U BONANG KA EONA?
11. Re ka etsa eng e le hore re hlole taba ea hore ha re ba bohlokoa ho Jehova? (2 Bakorinthe 10:4, 5)
11 Hlokomela leshano u be u le hanyetse. Jehova, “Molimo oa ’nete,” o u file bopaki bo tiileng ba hore o u nka u le bohlokoa joaloka mohlanka oa hae ea tšepahalang. (Pes. 31:5) Kahoo, taba ea hore Jehova ha a u rate ke leshano. Boikutlo bo joalo bo ka ‘mela ka matla’ ’me bo hloka hore re sebetse ka thata ho bo hlola. Jehova o re file Lentsoe la hae e le hore re ka fetola boikutlo bona. (Bala 2 Bakorinthe 10:4, 5.) Nahana ka sena. Ha u ne u ithuta linnete tse ka Bibeleng, o ile oa fumana bopaki bo tiileng bo ileng ba u kholisa hore Molimo o na le lebitso, hore bafu ha ba tsebe letho le hore batho ba tla phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng. E le hore u amohele linnete tsena, u ile oa lokela ho lumela hore lithuto tseo u neng u li tseba tse hanyetsanang le linnete tsena ke leshano. Ka tsela e tšoanang, Mangolo ao re seng re buile ka ’ona ho fihlela hona joale, a re ruta ’nete e thabisang ea hore Jehova o nka e mong le e mong oa barapeli ba hae a le bohlokoa. E le hore u amohele ’nete ena, u lokela ho lumela hore taba ea hore ha re ba bohlokoa ho Molimo ke leshano le tsoang ho Satane. Ha u hlokomela ebile u hanyetsa leshano lena, u tla qala ho ipona ka tsela eo Jehova a u bonang ka eona.
12. Re ka sebelisa Bibele e le seipone joang? (Jakobo 1:22-25)
12 Sebelisa Lentsoe la Molimo e le seipone. Lebaka la rona le ka sehloohong la ho bala Bibele ke ho ithuta ka Jehova, ’me sena se akarelletsa ho ithuta ho ipona ka tsela eo a re bonang ka eona. (Bala Jakobo 1:22-25.) Kahoo, pele u bala Lentsoe la hae, kopa Jehova hore a u thuse ho ba le pono e nepahetseng. Ha u ntse u bala ka banna le basali ba sa phethahalang bao Jehova a neng a ba rata a bile a ba nka ba le bohlokoa, ipotse: ‘Ke makhabane afe ka ho khetheha a neng a etsa hore Jehova a nke e mong le e mong oa bona a le bohlokoa?’ E ka ’na eaba e ne e le hobane ba ne ba mo rata ba bile ba mamelletse. Ka mor’a moo, ipotse: ‘Na ke rata Jehova? Na ke etsa sohle se matleng a ka hore ke mamelle ka botšepehi?’ Ha u nahanisisa ka hore na u bontša makhabane a tšoanang le a bahlanka ba Molimo ba tšepahalang ba hlahang ka Bibeleng joang, u tla qala ho ipona ka tsela eo Jehova a u bonang ka eona. Le ka mohla u se ke oa lebala hore Jehova o ananela hore ebe oa mo rata le hore u mamelletse ka botšepehi.—Mal. 3:16; Jak. 1:12.
13. Ke eng e ka re thusang ho hopola hore Jehova oa re rata?
13 Bokella litemana tse u kholisang hore Jehova oa u rata. Batla litemana tse tšelisang le liphihlelo tse u kholisang hore Jehova o nka barapeli ba hae ba tšepahalang ba le bohlokoa. U ka etsa sena ha u ntse u bala Bibele le ha u etsa thuto ea botho kapa lipatlisiso. Ha u e-na le barapeli-’moho le uena, ba botse ka bohlale hore na ke eng e ba kholisitseng hore Jehova o ba nka e le ba bohlokoa. Ngola lintho tseo u ithutang tsona. Ka mor’a moo, hlahloba lintlha tseo u li ngotseng haeba maikutlo a hore ha u bohlokoa ho Jehova a khutla. Ka mohlala, mohlomong u ikutloa eka ha u tšoaneloe ke lerato la Molimo le tšepahalang. U ka etsa lipatlisiso ka lihlooho tse buang ka lerato la Jehova le mosa oa hae. Bonneteng ha ho na motho ea tšoaneloang ke lerato la Jehova. Leha ho le joalo, o re rata haholo.—Joh. 1:16; 1 Joh. 4:10.a
14. Re ka etsa eng hore re qobe lintho tse etsang hore re ikutloe re se na thuso? (Sheba setšoantšo.)
14 Qoba lintho tse etsang hore u ikutloe u se na thuso. U ka etsa’ng haeba u hlokomela hore ho na le batho ba itseng ba etsang hore u ikutloe u se na thuso? Haeba ho khoneha, fokotsa nako eo u e qetang le bona. Haeba u sa khone, hopola hore Jehova oa u rata ’me ha a u bone ka tsela eo ba u bonang ka eona. Hape u ka etsa’ng haeba u le tlas’a khatello ea ho phela ho latela mekhoa ea lefatše lee? Ikhopotse hore lefatše la Satane le sebelisa lipapatso ho susumetsa batho hore ba reke lintho tseo ba sa li hlokeng le tseo ho ka etsahalang hore ebe ha ba na chelete ea ho li reka. Haeba u sebelisa likeletso tse tsoang ka Bibeleng, u ka khona ho qoba leraba lena. (Luka 12:15) Hape haeba lintho tse hlahang mecheng ea puisano li etsa hore u ikutloe u sa thaba, nahana ka ho fokotsa nako eo u e qetang u li shebile kapa ho khaotsa ho li sheba ka ho felletseng.—1 Tim. 6:8.
Qoba lintho tse etsang hore u ikutloe u se na thuso (Sheba serapa sa 14)
15. Re ka sebetsana joang le maemo a re sitisang ho sebeletsa Jehova kamoo re ka ratang? (Sheba setšoantšo.)
15 Ameha ka lintho tseo u ka khonang ho li etsetsa Jehova. Maemo a hao a ka ’na a u sitisa ho etsa lintho tse itseng tšebeletsong ea Molimo. Ka mohlala, mohlomong maemo a hao a bophelo a u sitisa ho sebeletsa Jehova haholoanyane, kapa boikarabelo ba hao bo u sitisa ho atolosa tšebeletso ea hao joalokaha u ne u ka rata. Mohlomong u ne u sebeletsa Bethele eaba u fuoa kabelo ea ho ea tšimong e le hore u sebelise koetliso eo u e fumaneng. Ho sa tsotellehe hore na boemo ba hao ke bofe, u se ke oa nahana haholo ka hore na ha u khone ho etsa’ng tšebeletsong ea hao, empa u nahane ka menyetla leha e le efe eo u nang le eona hona joale. Joalokaha karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea ’mele ea rona e le bohlokoa, le uena u na le karolo ea bohlokoa ka mokhatlong oa Jehova ho sa tsotellehe hore na u mo sebeletsa u le hokae kapa kabelong efe.—Bar. 12:4, 5.
Ameha ka lintho tseo u ka khonang ho li etsetsa Jehova (Sheba serapa sa 15)
16. Re ka etsa’ng haeba maikutlo a hore ha re bohlokoa ho Jehova a khutla? (Baroma 12:2) (Sheba setšoantšo.)
16 Tsoela pele ho fetola tsela eo u nahanang ka eona. Feela joalokaha re ke ke ra khona ho utloisisa merero ea Molimo ka ho felletseng hona joale, re ke ke ra khona ho ipona hantle ka tsela eo Jehova a re bonang ka eona. (1 Bakor. 13:12) Kahoo, u se ke oa nyahama haeba maikutlo a hore ha u bohlokoa ho Jehova a khutla. Kaofela ha rona re lokela ho tsoela pele ho lokisa le ho fetola tsela eo re nahanang ka eona e le hore e tšoane le ea Jehova. (Bala Baroma 12:2.) Mosebetsi oa ho ‘fetola tsela eo re nahanang ka eona’ o tla khaotsa feela mohlang re phethahetseng. Hona joale, tsoela pele u fetola tsela eo u nahanang ka eona hore e lumellane le ea Molimo.
Tsoela pele ho fetola tsela eo u nahanang ka eona (Sheba serapa sa 16)
17. U tseba joang hore u bohlokoa ho Jehova?
17 Tsoela pele ho loantša boikutlo ba hore ha u bohlokoa ho Jehova. (1 Tim. 6:12) Hopola hore tsela eo a bonang lintho ka eona ke eona ea bohlokoa le hore e lula e nepahetse. Ka Bibeleng, o fane ka mabaka a u kholisang hore u bohlokoa ho eena le hore o batla hore u be motsoalle oa hae ka ho sa feleng. Tšepa seo a se buang. (Bar. 3:4) Sebelisa Bibele ho ikholisa hore Jehova o u nka u le bohlokoa haholo.
PINA EA 102 Thusang ba Nang le Mathata
a E le ho u thusa hore u qale pokello ea hao, sheba sehlooho se reng “Kholiseha Hore Jehova oa u Rata” se hlahang ho Molula-Qhooa oa August 2025 le khaolo ea 24 ea buka ea Atamela ho Jehova.