LA 15-21 FEBRUARY 2027
PINA EA 16 Rorisang Jehova le Mora oa Hae ea Tlotsitsoeng
Buella ’Muso oa Molimo Joaloka Jesu
“’Muso oa hao o tle.”—MAT. 6:10.
NTLHA-KHOLO
Se boleloang ke ho se nke lehlakore lipolotiking le kamoo re ka lulang re sa nke lehlakore.
1, 2. Ke hobane’ng ha Jesu a sa ka a kenella lipolotiking mehleng ea hae? (1 Petrose 2:21)
BATHO ba bangata kajeno ba ikutloa ba sa sireletseha ka lebaka la melao ea mebuso e lulang e feto-fetoha. Le ba bang ba bahlanka ba Jehova ba tšoha hore ba ka ’na ba lahleheloa ke mesebetsi, ba hlokeloa toka kapa ba angoa ke litla-morao tsa ntoa. Na u tšoenyeha ka hore liphetoho tse etsahalang lipolotiking li ka ’na tsa thatafaletsa uena le ba lelapa la hao bophelo? Haeba ho joalo, u lokela ho etsa’ng?
2 Maemong ana a lipolotiki a sa tsitsang, Bakreste bohle ba lokela ho etsisa ’mehi-mohlala oa rona, e leng Jesu. (Bala 1 Petrose 2:21.) Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ne a phela sebakeng seo batho ba bangata ba neng ba hlokeloa toka ebile ba sa thaba ka lebaka la maemo a lipolotiki. Le hoja a ne a phela maemong ao a sa tsitsang a lipolotiki, o ile a buella ’Muso oa Molimo e le oona feela o tla rarolla mathata ’ohle a batho. O ile a ruta balateli ba hae hore le bona ba etse se tšoanang. (Mat. 4:23; 6:33; 10:7) Kahoo, Jesu ha aa ka a nka lehlakore lipolotiking tsa mehleng eo.
3. (a) Ho bolela eng ho se nke lehlakore lipolotiking? (b) Re tl’o bua ka eng sehloohong see?
3 Joaloka Jesu, re buella ’Muso oa Molimo e le oona feela tharollo bakeng sa mathata ’ohle a teng lefatšeng. Kaha re lumela taba ena, ha rea lokela ho kenella lipolotiking tsa lefatše lena kapa ho nka lehlakore. E le ho re thusa hore re etsise mohlala oa Jesu haufi-ufi, sehloohong sena re tla hlahloba hore na o ile a etsa’ng ha a ne a e-na le monyetla oa hore (1) a nke karolo lipolotiking, (2) a loantše lira tsa hae le (3) a kenelle meqoqong e buang ka lipolotiki.
JESU O ILE A HANA HO BA MORENA
4. Ha Jesu a ne a le lefatšeng, maemo a lipolotiki e ne e le afe Iseraele?
4 Na ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a ba le monyetla oa hore e be moeta-pele oa lipolotiki? E, ho joalo. E ne e le ka nako eo maemo a lipolotiki Iseraele a neng a sa tsitsa ho hang, e leng moo Jesu a neng a etsa tšebeletso ea hae teng. Bajuda ba bangata ba ne ba batla moeta-pele ea tla ba loanela hore ba lokolohe tlas’a puso ea Baroma e neng e ba hatella. Pele ho moo, ho ne ho e-na le banna ba neng ba ipitsa hore ke “bo-mesia,” ba bang ba banna bao ba ile ba leka ho liha ’muso oa Roma, ’me ba susumetsa batho hore ba loantše masole a Baroma. (Lik. 5:37) Kaofela ha bona ba ile ba hloleha. Empa Bajuda ba ne ba lebelletse hore ha Mesia oa sebele a fihla, e leng Mesia eo boprofeta ba Bibele bo buang ka eena, o ne a tla ba lokolla pusong e hatellang ea Baroma ’me a thehe ’muso o ikemetseng Iseraele.
5. Barutuoa ba bangata ba Jesu ba ne ba e-na le tšepo ea hore o tla etsa eng?
5 Le batho ba bang ba neng ba lumela hore Jesu e ne e le Mesia ba ne ba nahana hore o tl’o qala ho busa ka nako eo ’me a ba lokolle pusong ea Baroma. Ka mohlala, Johanne Mokolobetsi o ile a botsa Jesu, a re: “Na ke uena Ea Tlang kapa re lebelle e mong?” (Mat. 11:2, 3) Ho ka etsahala hore Johanne o ne a batla ho tseba hore na Jesu o ne a tla phethahatsa tšepo eo Bajuda ba neng ba e-na le eona ea hore a ba lokolle pusong ea Roma. Hape ha barutuoa ba babeli ba ileng ba kopana le Jesu ka mor’a hore a tsosoe ba le tseleng e eang Emmause, ba ile ba re ba ne ba e-na le tšepo ea hore Jesu o tla lokolla Iseraele. (Luka 24:21) Nakoana ka mor’a moo, baapostola ba Jesu ba ile ba mo botsa ba re: “Morena, na u tl’o khutlisetsa ’muso ho Iseraele hona joale?”—Lik. 1:6.
6. Jesu o ile a etsa eng ha batho ba Galilea ba ne ba batla ho mo etsa morena? (Sheba setšoantšo.)
6 Ha ho makatse hore Bajuda ba Galilea ba ne ba batla ho etsa Jesu morena. Ba ne ba bone hore ke moeta-pele ea ikhethang. O ne a khona ho folisa batho hape o ne a qeta ho fepa banna ba ka bang 5 000 ba lapileng, ho akarelletsa le basali le bana. (Joh. 6:8-11) Na Jesu o ne a batla ho ba moeta-pele oa bona? Tlaleho ea moapostola Johanne e re: “Kaha Jesu o ne a tseba hore ba tl’o mo tšoara ba mo etse morena, a khutlela thabeng a le mong.”—Joh. 6:14, 15.
Ha Jesu a bona hore batho ba Galilea ba batla ho mo etsa morena, o ile a hana (Sheba serapa sa 6)
7. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a hana ha batho ba ne ba batla ho mo etsa morena?
7 Ke hobane’ng ha Jesu a ile a hana ho ba morena, e leng boemo bo neng bo tla mo fa monyetla oa hore a thuse batho ba bangata? Hobane o ne a nka ’Muso oa Molimo e le oona feela o tla rarolla mathata a batho. O ne a tseba hore le haeba babusi ba bang ba ne ba e-na le sepheo se setle, ba ne ba ke ke ba khona ho rarolla mathata ’ohle a batho. (Pes. 146:3) O ne a boetse a tseba hore le hoja Jehova a lumella mebuso ea batho hore e be teng, ha e le hantle ke Satane ea ba fang matla a ho busa. (Luka 4:5, 6; Joh. 12:31; Tšen. 13:2) Kahoo, Jesu o ile a lula e se karolo ea lefatše. (Joh. 17:14) Ha aa ka a amohela boemo lipolotiking ebile o ile a ruta balateli ba hae hore le bona ba etse se tšoanang. O ile a ba ruta hore ba rapele tjena: “Ntate, . . . ’Muso oa hao o tle.”—Mat. 6:9, 10.
8. Jesu o ile a bolella Pilato eng ka ’Muso oa Molimo?
8 Nakoana pele ho lefu la hae, Jesu o ile a etsa hore ba boholong pusong ea Roma ba tsebe hantle hore ha a nke lehlakore lipolotiking. ’Musisi oa Roma Ponse Pilato o ile a mo botsa a re: “Na u Morena oa Bajuda?” Jesu o ile a mo araba a re: “’Muso oa ka ha se oa lefatše lena.”a (Joh. 18:33, 36) ’Muso oo o ne o tla busa o le leholimong. Ho ne ho se na moo o kopanang teng le lipolotiki tsa lefatše lena. Kahoo, ha ho mohla Jesu a ileng a nka lehlakoreng lipolotiking.
9. Re ka etsisa Jesu joang litabeng tse amanang le lipolotiki?
9 Joaloka Jesu, Bakreste mehleng ena ha ba nke lehlakore lipolotiking. Re hlompha mebuso e re busang ’me re leka ho ba baahi ba mamelang melao, ebile re patala lekhetho. (Bar. 13:1, 7; Tite 3:1; 1 Pet. 2:13, 14) Empa re buella ’Muso oa Molimo e le oona feela o tla rarolla mathata ’ohle a batho. Leha ho le joalo, kaha ’Muso oa Molimo ha e-s’o be oona o busang lefatšeng, batho libakeng tse ngata ba hlokeloa toka ebile ba kopana le maemo a boima. (Moek. 4:1; Baheb. 10:36) Empa rona joaloka balateli ba Jesu, ha re leke ho fumana tharollo ea mathata a rona lipolotiking. Ha re leke ho kenya letsoho liqetong tseo ’muso o li etsang ka ho iketa likhethong kapa ho khetha mekha e itseng ea lipolotiki. (Joh. 15:19; 17:16) Haeba re ne re ka kenella, re ne re tla be re hana hore ’Muso oa Jehova ke oona feela o tla rarolla mathata a batho.
JESU O NE A SA NKE NTOA E LE THAROLLO
10. Ke hobane’ng ha baprista ba baholo le Bafarisi ba ne ba ikemiselitse ho bolaea Jesu?
10 Hangata lipolotiki li baka lintoa le merusu. Leha ho le joalo, Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae hore ba se ke ba loana. Ka mohlala, nahana ka lintho tse etsahetseng pele a bolaoa. Baprista ba baholo le Bafarisi ba ne ba rera ho mo bolaea. Hobane’ng? Ba ne ba tšohile hore Jesu o tla ba nkela boemo ba bona lipolotiking le bolumeling. Ba ile ba re: “Ha re ka mo tlohela a itsoella pele ka tsela ena, [Bajuda] bohle ba tla lumela ho eena ebe Baroma baa tla ba hapa tempele le sechaba sa rona.”—Joh. 11:48-50, 53.
11. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re baapostola ba hae ba nke lisabole bosiung boo a ileng a tšoaroa ka bona?
11 Jesu o ne a tseba hore lira tsa hae li rera ho mo bolaea. Kahoo, nakong ea lijo tsa ho qetela le baapostola ba hae, o ile a re ba tle le lisabole. Ba ile ba re: “Lisabole tse peli ke tsena,” eaba Jesu o re: “Li lekane.” (Luka 22:36-38) Empa na lisabole tse peli li ne li lekane ho loantša “letšoele le leholo” le neng le tl’o tšoara Jesu bosiung boo, le tšoere “lisabole le melangoana”? (Mat. 26:47) Ho hlakile hore li ne li sa lekana. Empa li ne li lekane hore Jesu a li sebelisetse ho ruta thuto ea bohlokoa. E ne e le thuto efe?
12. Ka mor’a hore Petrose a sebelise sabole ea hae, Jesu o ile a re’ng ho eena? (Sheba setšoantšo.)
12 Jesu o ne a batla ho ruta balateli ba hae hore ba se ke ba loana ha ba hlorisoa. Baapostola ba ka be ba ile ba ithuta thuto ena ka ho sheba hore na Jesu o ile a itšoara joang nakong eo letšoele le neng le tl’o mo tšoara. Jesu ha aa ka a loana kapa hona ho laela baapostola ba hae hore ba sebelise lisabole tseo tse peli. Leha ho le joalo, Petrose o ile a nkoa ke maikutlo ’me a sebelisa sabole ho khaola tsebe ea lekhoba la moprista ea phahameng. Jesu o ile a re ho eena: “Khutlisetsa sabole ea hao sebakeng sa eona kaha bohle ba nkang sabole ba tla bolaoa ka sabole.” (Mat. 26:51, 52) Ho hlakile hore Jesu o ne a ke ke a lumella hore barutuoa ba hae ba loantše Baroma kapa sechaba leha e le sefe.
Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae hore ba se ke ba nka ntoa e le tharollo (Sheba serapa sa 12)
13. Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li hana ho kenella lintoeng? (Johanne 13:35; 17:11, 20-23)
13 Kajeno, Lipaki Tsa Jehova li etsisa mohlala oa Jesu ebile li latela tataiso ea hae. Ha re loane ebile ha re tšehetse lintoa. Haeba re ne re etsa joalo, re ne re tla be re iphapanyetsa keletso ea Jesu e mabapi le lintoa. Ho ekelletsa moo, re ne re tla be re senya lerato le momahano tseo Jesu a itseng li tla khetholla balateli ba hae ba ’nete. (Bala Johanne 13:35; 17:11, 20-23.) Hape ho kenella lintoeng tse joalo ho ne ho tla bolela hore re nka karolo lipolotiking. Joalokaha ho boletsoe pejana, ha re nke karolo lipolotiking hobane re buella ’Muso oa Molimo.
JESU HA AA KA A PHEHA KHANG KA LITABA TSA LIPOLOTIKI
14, 15. Ke hobane’ng ha Bajuda ba ne ba halefisoa ke ho patala lekhetho, hona lira tsa Jesu li ile tsa leka ho mo chehela leraba joang? (Matheu 22:19-21)
14 Ka lekhetlo le leng, lira tsa Jesu li ile tsa leka ho etsa hore a nke lehlakore litabeng tse amanang le lekhetho. Batho ba bangata ba ne ba halefisoa ke lekhetho leo ba neng ba lokela ho le patala. Ba ne ba utloa eka ’muso oa Roma o ba patalisa chelete e ngata haholo.b Hape ho ne ho e-na le mofuta o mong oa lekhetho o neng o halefisa Bajuda le ho feta. ’Muso oa Roma o ne o batla hore ba patale lekhetho lena ba sebelisa chelete e nang le setšoantšo sa Sesare. Sena se ne se hopotsa Bajuda hore Baroma ba ne ba ba busa. Ba nahanne ka taba ena, barutuoa ba Bafarisi hammoho le balateli ba Heroda ba ile ba botsa Jesu hore na maikutlo a hae ke afe ka taba ena.
15 Ha e le hantle, lira tsa Jesu li ne li mo chehela leraba. Joang? Li ile tsa botsa potso ena ka tsela e batlang karabo ea e kapa che. Li ile tsa re: “Na ka nepo motho o lokela ho patala lekhetho ho Sesare kapa che?” (Mat. 22:15-17, nal.) Ha Jesu a ne a ka re e, Bajuda ba ne ba ka ’na ba halefa ebe baa mo bolaea. Ha a ne a ka re che, o ne a ka ’na a qosoa ka ho hlohlelletsa bofetoheli khahlanong le ’muso oa Roma. Leha ho le joalo, Jesu o ile a araba ka tsela e bohlale e le hore a qobe ho nka lehlakore tabeng ena.—Bala Matheu 22:19-21.
16. Re lokela ho qoba eng ha re hlokeloa toka kapa re bona batho ba bang ba hlokeloa toka? (Sheba setšoantšo le lebokose le reng “Lula u sa Nke Lehlakore ka Pelong.”)
16 Re ka kholiseha hore Jesu o ne a utloela batho ba neng ba imetsoe ke ho patala lekhetho le boima bohloko. (Mat. 9:36) Leha ho le joalo, joaloka ’muelli oa ’Muso oa Molimo, o ile a hana ho nka lehlakore, leha e le ka lipuo feela. Joaloka barutuoa ba Kreste, re latela mohlala oa hae. Le haeba re hlokeloa toka kapa re bona batho ba bang ba hlokeloa toka, rea tseba hore Jehova o ntse a bona boemo boo ’me ’Muso oa hae o tla tlisa tharollo ea moshoelella. Kahoo, re etsisa Jesu ka hore re qobe ho kenella meqoqong e ka etsang hore re nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki.—Luka 6:45.
Ke hobane’ng ha morali’abo rona a tsamaea? (Sheba serapa sa 16)
17. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re buelle ’Muso oa Molimo feela?
17 Ho bohlokoa haholo hore re buelle ’Muso oa Molimo feela e le ’ona o tla rarolla mathata a batho ka ho felletseng. Jehova o boletse ka ho hlaka hore babusi ba lefatše lena le bao e ka ’nang eaba ba na le sepheo se setle ba ke ke ba khona ho felisa mathata a batho. (Moek. 8:9; Jer. 10:23) Ka lebaka leo, batho ba tsoela pele ho sotleha le ho loantšana. (Esa. 17:12; 57:20, 21) Empa ’Muso oa Jehova o leholimong oo Morena oa oona e leng Kreste o tla tlisa khotso ea ’nete, toka le thabo e sa feleng. Hona joale e tlameha ebe Ntate oa rona ea leholimong o thaba haholo ha a bona batho ba hae ba buella ’Muso oa hae ka lipelo tsohle, eseng ’muso ofe kapa ofe, empa ’Muso oa hae o phahameng oo Morena oa oona e leng Jesu Kreste.—Sof. 3:17.
18. Bakreste ba ka ’na ba thulana le mathata afe, hona re tla bua ka eng sehloohong se latelang?
18 Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho ka ba thata haholo hore re se ke ra nka lehlakore. Mebuso e meng e ka ’na ea re qobella hore re kene mekhatlo ea lipolotiki kapa re kenelle lintoeng. E ka ’na ea re tšosa ka hore e tla re koalla teronkong haeba re sa etse joalo. Re ka itokisetsa liteko tsee joang? Re tla bua ka taba ena sehloohong se latelang.
PINA EA 22 ’Muso o se o Hlonngoe
a Jesu o ne a ka bitsa ’Muso oa Molimo oa Bomesia “’Muso oa ka” hobane Jehova o ne a mo khethile hore e be Morena oa ’ona.
b Ho ekelletsa moo, babokelli ba lekhetho ba bolileng, hangata ba ne ba patalisa batho lekhetho le fetang leo ba lokelang ho le patala, ’me seo se ne se etsa hore batho ba ikutloe ba imetsoe.—Luka 19:2, 8.