LIPOLELO TSE HLAHANG KA BIBELENG
“Le Etse Sohle Seo le ka se Khonang e le Hore le be le Khotso le Batho Bohle”
Bakreste ba ’nete ba leka ho ba le khotso le batho bohle, empa ha se kamehla sena se khonehang. Ke eng e ka re thatafalletsang hore re “be le khotso le batho bohle”?a—Bar. 12:18.
Beng ka rona ba sa sebeletseng Jehova, basebetsi-’moho le rona kapa batho ba bang ba ka re hatella hore re iphapanyetse melao ea Bibele ea boitšoaro, re kenelle meketeng kapa meetlong e sa thabiseng Jehova. Ha ba etsa joalo, re ema re tiile bakeng sa se nepahetseng. Le ka mohla ha re sekisetse bakeng sa lintho tseo re li lumelang le ha batho ba bang ba ka halefa kapa ba leka ho senya khotso ea rona. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na batho baa halefa kapa che, re etsa sohle seo re ka se khonang ho bopa khotso ka hore re bue le bona ka mosa le ka tlhompho. Batho ba bang ba ka susumelletseha ho amohela ’nete hobane ba bona hore re batho ba nang le khotso.—2 Tim. 2:24, 25; 1 Pet. 3:15.
a Motho ea nang le khotso o etsa boiteko ba hore e lula e le teng le moo e senyehileng.