LULANG LE FALIMEHILE!
Bibele e Re’ng ka ho Phahama ha Theko ea Lintho?
’Nete eo re ke keng ra iphapanyetsa eona ke hore theko ea lijo le matla e ntse e phahama. Hangata sena se bakoa ke meferefere ea lipolotiki, likhohlano kapa lintoa pakeng tsa linaha. Esita le batho ba hole haholo le lintoa tsena baa ameha hobane moruo oa linaha o angoa ke lintho tse etsahalang linaheng tse ling.
Bibele e re thusa ho tseba hore na ke hobane’ng ha re kopana le mathata a moruo, re ka sebetsana le ’ona joang le hore na ho na le tšepo ea hore mathata ana a tla fela ka ho felletseng.
Ho phahama ha theko ea lintho “mehleng ea bofelo”
Bibele e hlalosa matsatsi ao re phelang ho ’ona e le ‘mehla ea bofelo.’—2 Timothea 3:1.
Jesu o ile a re “lintho tse tšosang” li ne li tla etsahala mehleng ea bofelo. (Luka 21:11) Batho baa tšoha ha theko ea lintho e phahama ka sekhahla. Ba tšoenyeha ka hore na ho tla etsahala’ng ka bona nakong e tlang le hore na ba tla khona ho hlokomela ba malapa a bona.
Buka ea Tšenolo e ile ea hla ea bolela esale pele hore theko ea lijo e tla nyoloha nakong ena eo re phelang ho eona. “Ka utloa lentsoe. . . . le re: ‘Lithara ea koro e rekoa ka denari le lilithara tse tharo tsa harese li rekoa ka denari.’”—Tšenolo 6:6.
Ho fumana lintlha tse ling ka ‘mehla ea bofelo’ le ka boprofeta bo hlahang bukeng ea Tšenolo, shebella video ea Ho Tloha ka 1914 Boemo ba Lefatše bo Ile ba Fetoha u be u bale sehlooho se reng, “Bapalami ba Bane ba Lipere—ke Bo-mang?”
Tharollo ea mathata a moruo
“Batho ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona, ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona. Ba ke ke ba haha matlo ebe motho e mong o lula ho ’ona, ba ke ke ba lema ebe ho ja batho ba bang.”—Esaia 65:21, 22.
“Ho tla ba le lijo tse ngata lefatšeng. Li tla ba ngata le holim’a lithaba.”—Pesaleme ea 72:16.
“Jehova o re, ‘Ka lebaka la hore ba hlophehileng baa hatelloa, ka lebaka la hore ba futsanehileng baa lla, ke tla etsa ho hong ho ba thusa.’”—Pesaleme ea 12:5.a
Haufinyane Molimo o tl’o felisa mathata a moruo lefatšeng lohle. E le hore u bone hore na see se tla etsahala joang, bala sehlooho se reng, “Na Mathata a Moruo a Tla ke a Fele?”
Le kajeno, Bibele e ka u thusa ho sebetsana le ho phahama ha theko ea lintho. Joang? E na le likeletso tse ka u thusang ho sebelisa chelete hantle. (Liproverbia 23:4, 5; Moeklesia 7:12) Ho fumana lintlha tse ling, bala sehlooho se reng, “Boloka Chelete ea Hao le Lintho Tsohle Tseo u Nang le Tsona” le se reng, “U ka Phela ka Chelete e Nyenyane Joang?”
a Jehova ke lebitso la Molimo.—Pesaleme ea 83:18.