Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
January
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labobeli, la 31 January

Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.—Moek. 3:1.

Baholo ba bang ba ka ’na ba thatafalloa ho koetlisa barab’abo rōna ka phuthehong. Ba bang ba ka ’na ba re: ‘Ho na le lintho tse ling tse potlakileng ka phuthehong, tseo re lokelang ho li etsa hang-hang. Le haeba ke sa koetlise barab’abo rōna hona joale, seo se ke ke sa ama phutheho.’ Ke ’nete hore ho na le lintho tse ling tseo baholo ba ka ’nang ba lokela ho li etsa hang-hang. Empa haeba ba chechisa taba ea ho koetlisa barab’abo rōna, seo se ka ’na sa bakela phutheho mathata. Haeba baholo ba sa koetlise barab’abo rōna ka phuthehong, ho ke ke ha e-ba le banna ba koetliselitsoeng mesebetsi e lokelang ho etsoa. Kahoo baholo ha baa lokela ho nahana hore ho ba koetlisa hase taba ea bohlokoa. Baholo ba nahanang ka bokamoso ba phutheho ’me ba ipha nako ea ho koetlisa barab’abo rōna ba bontša bohlale, ebile ke ba bohlokoa ho bara le barali babo rōna.—1 Pet. 4:10. w15 4/15 1:4, 6, 7

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela