Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
April
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Mantaha, la 13 April

Satane . . . e khelosang lefatše lohle.—Tšen. 12:9.

Le hoja Jesu Mora oa Molimo a ne a phethahetse ebile a etsa mehlolo, Satane o ile a sebelisa batho ba bang hore ba jale mashano ka eena. Ka mohlala, baeta-pele ba bolumeli ba ile ba bolella batho hore Jesu o fuoe matla a ho leleka bademona ke “’musi oa bademona.” (Mar. 3:22) Ha Jesu a ne a le nyeoeng, baeta-pele ba bolumeli ba ile ba mo qosa ka hore o rohakile Molimo eaba ba susumeletsa batho hore ba kope hore Jesu a ahloleloe lefu. (Mat. 27:20) Hamorao ha balateli ba Kreste ba bolela litaba tse monate, bahanyetsi ba bona ba ile ba “hlohlelletsa batho” hore ba hlorise Bakreste. (Lik. 14:​2, 19) Ha Molula-Qhooa oa December 1, 1998 o bua ka Liketso 14:​2, o ile oa re: “Ba sa khotsofalla ho hana ha bona molaetsa, bahanyetsi ba Bajuda ba ile ba qala ho etsa letšolo la liqoso tse se nang bopaki, ba leka ho hlohlelletsa Balichaba ho hloea Bakreste.” Le kajeno, Satane o ntse a ‘khelosa lefatše lohle.’ w24.04 11 ¶15-16

La 13-19 April
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tsebeletso—2026 | March

LA 13-19 APRIL

ESAIA 52-53

Pina ea 18 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

[Setšoantšo se ka ntle]

Ha Jesu a e’o bolaoa

1. Kannete Jesu o Bontšitse Lerato!

(10 mets.)

Jesu o ne a tla nyefoloa (Esa 53:3; Mat 26:​67, 68; w10 11/15 7 ¶2)

Jesu o ile a itumella hore a hlorisoe (Esa 53:7; ip-2 205 ¶25)

Lerato le ile la susumetsa Jesu ho ikemisetsa ho hlokofatsoa e le hore a ka etsa thato ea Jehova le ho jara libe tsa rona (Esa 53:​10-12; Joh 14:31; 15:13)

Baeta-pele ba bolumeli ba pota-potile Jesu ’me ba mo koahetse sefahleho. E mong oa baeta-pele bao o mo betsa ka feisi ha ba bang bona ba mo soma.

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Esa 52:11—Taelo ena e profetiloeng e bolela’ng? (it “Lijana” ¶2)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Esa 53:​3-12 (th khaolo ea 10)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Kopa ho ithuta Bibele le mong’a ntlo. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 4)

5. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Buisana le mong’a ntlo ka ntlha e hlahang tlasa lintlha tsa A bukaneng ea Rata Batho. (lmd thuto ea 3 ntlha ea 3)

6. Khutlela ho Batho

(5 mets.) KA NTLO LE NTLO. Kopa ho ithuta Bibele le mong’a ntlo ea neng a ile Sehopotsong. (lmd thuto ea 8 ntlha ea 3)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 20

7. E-ba Motsoalle oa Jehova—Ketso e Kholohali ea Lerato

(15 mets.) Puisano.

Setšoantšo se hlahang videong ea “E-ba Motsoalle oa Jehova​—⁠Ketso e Kholohali ea Lerato.” Jesu ke Morena leholimong.

Shebellang VIDEO ebe u botsa bamameli lipotso tsena:

  • Jehova le Jesu ba re file mpho efe?

  • Re ka bontša joang hore re ananela sehlabelo sa hae?

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 76-77

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 57 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2026 | February

Sehlooho se Ithutoang ka la 13-19 April, 2026

8 Utloisisa Hore na Kolobetso e Bolela’ng

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela