Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
January
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Moqebelo, la 7 January

Ha ho moahi ea tla re: “Kea kula.”—Esa. 33:24.

Haeba re lula re tšepahala, re ka ba le monyetla oa ho bona mohlolo o moholo, oa ho pholoha matšoenyeho a maholo! Ka mor’a Armagedone, re tla bona e meng e mengata. Ka nako eo, batho bohle ba tla be ba phetse hantle. (Esa. 35:5, 6; Tšen. 21:4) Ak’u nahane u se u bona batho ba lahla likhalase tsa mahlo, melamu, litulo tsa likooa le mechine e thusang batho ba sa utloeng hantle litsebeng! Batho ba pholohileng Armagedone ba tla ba le mosebetsi o mongata oo ba lokelang ho o etsa. Ke bona ba tla fetola lefatše la rōna hore e be paradeise e ntle. (Pes. 115:16) Kajeno “bongata bo boholo” boa khothala ha bo bala kamoo Jesu a ileng a folisa ba kulang kateng. (Tšen. 7:9) Mehlolo eo e tiisa tšepo ea rōna e babatsehang ea hore re tla phekoloa nakong e tlang. E boetse e bontša tsela eo Mora oa Molimo oa letsibolo a ratang batho ka eona. (Joh. 10:11; 15:12, 13) Qenehelo ea Jesu e senola lerato le tebileng leo Jehova a ratang mohlanka e mong le e mong oa hae ka lona.—Joh. 5:19. w15 6/15 2:16, 17

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela