Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
December
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labohlano, la 22 December

Eaba Petrose o mo nkela ka thōko ’me o qala ho mo khalemela ka matla, o re: “Ikhauhele, Morena; ho hang u ke ke ua ba le qetello ena.”—Mat. 16:22.

Ha Jesu a bolella barutuoa ba hae hore o tl’o bolaoa, Petrose o ile a re Jesu a ikhauhele. Jesu o ne a tseba hore Petrose o oa mo rata, empa hape o ne a tseba hore tsela eo a nahanang ka eona e fosahetse. Jesu o ile a thusa Petrose le barutuoa ba bang joang? O ile a qala ka ho khalemela Petrose. Eaba o ba hlalosetsa se tla etsahalla batho ba khaotsang ho etsa thato ea Jehova ha ho nyolosetsa. Jesu o ile a boela a re Jehova o tla putsa ba se nang boithati. (Mat. 16:21-27) Petrose o ile a ithuta thuto ea bohlokoa ho sena. (1 Pet. 2:20, 21) Kōpa Jehova hore a u thuse ho ba le temoho e le hore u elelloe hore na ngoana o hloka thuso ea mofuta ofe. (Pes. 32:8) Mohlomong u ua hlokomela hore ha a sa thabile joaloka pele, kapa hore o bua hampe ka balumeli-’moho le rōna. Kapa mohlomong u nahana hore ho na le seo a u patelang sona. U se ke ua potlakela ho nahana hore ho na le ntho e mpe eo ngoana a e etsang lekunutung. Empa u se ke ua iphapanyetsa bothata boo kapa ua nahana hore bo tla feta feela. Mohlomong ho hlokahala hore u mo thuse ho imatlafatsa tumelong. w15 11/15 2:12, 13

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | October

BEKE EA LA 18-24 DECEMBER, 2017

26 Bapalami ba Lipere le Moqhaka Baa re Sireletsa

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela