Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
December
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labohlano, la 8 December

[Moshe] o ile a nka nyeliso ea Kreste e le maruo a maholo ho feta matlotlo a Egepeta; kaha o ile a talima ka hloko tefong ea moputso.—Baheb. 11:26.

Batsoali ba hae ba Baheberu ba ne ba mo rutile ka Jehova, ba mo rutile hore Jehova o tšepisitse ho lokolla Baheberu bokhobeng le ho ba fa Naha e Tšepisitsoeng. (Gen. 13:14, 15; Ex. 2:5-10) Moshe o ile a rata Jehova le ho feta ha a ntse a nahanisisa ka tšepiso ea Jehova ea ho lokolla Baheberu bokhobeng. Joaloka bahlanka ba bang ba Jehova, Moshe le eena o ne a tseba hore Jehova o tla lopolla batho bohle lefung. (Jobo 14:14, 15; Baheb. 11:17-19) Kahoo, Moshe o ne a utloisisa hore Jehova o rata batho haholo. Sena se ile sa etsa hore Moshe a rate Jehova le ho feta ’me a mo tšepe haholoanyane. Se ile sa etsa hore a ikemisetse ho sebeletsa Jehova bophelo bohle ba hae. (Deut. 6:4, 5) Esita le nakong eo Faro a neng a batla ho mo bolaea, Moshe ha aa ka a tšoha. O ne a tseba hore Jehova o tla mo putsa nakong e tlang.—Ex. 10:28, 29. w15 5/15 3:11-13

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | October

BEKE EA LA 4-10 DECEMBER, 2017

12 “Ke Tletse ho Tlisa Sabole, Eseng Khotso”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela