Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
February
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Moqebelo, la 25 February

[Akaze] a chesa bara ba hae mollong.—2 Likron. 28:3.

Mohlala o mobe oa Akaze o ne o ka ’na oa etsa hore mora oa hae, Ezekiase, a halefele Jehova ’me a mo hloee. Kajeno, batho ba bang ba mameletseng mathata a fokolang ha a bapisoa le a Ezekiase, ba “halefela Jehova,” kapa hona ho hloea mokhatlo oa hae. (Liprov. 19:3) Ba bang ba nka hore tsela eo ba hōlisitsoeng ka eona e ka ba bakela mathata bophelong, kapa ba nahana hore ba tla pheta liphoso tsa batsoali ba bona. (Ezek. 18:2, 3) Empa na see ke ’nete? Tsela eo Ezekiase a phetseng ka eona e bontša hore seo hase ’nete! Ha ho mohla re ka bang le lebaka le utloahalang la ho halefela Jehova. Hase eena ea etsang hore re hlaheloe ke lintho tse bohloko. (Jobo 34:10) Ke ’nete hore batsoali ba ka ruta bana ba bona hore ba etse lintho tse ntle kapa tse mpe. (Liprov. 22:6; Bakol. 3:21) Empa sena ha se bolele hore batsoali ba rōna ba ka re khethela hore na re tla ba batho ba mofuta ofe. Hobane’ng? Hobane Jehova o re file bolokolohi ba ho khetha ho etsa se nepahetseng kapa se fosahetseng.—Deut. 30:19. w16.02 2:8-10

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela