Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
February
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Laboraro, la 8 February

Ke ikhalaletsa ka uena ka pel’a mahlo a tsona, Uena Gogo.—Ezek. 38:16.

Ha Gogo a hlasela batho ba Molimo, ho tla be ho ntse ho e-na le masala a batlotsuoa lefatšeng. Batho ba Molimo ba tla etsa’ng? Ba tla mamela taelo e latelang: “Ho ke ke ha hlokahala hore le loane lekhetlong lena. Emang ’me le bone poloko ea Jehova molemong oa lōna. . . . Le se ke la tšoha kapa la haroha letsoalo.” (2 Likron. 20:17) Ka mor’a hore Gogo a qale ho hlasela, masala ’ohle a batlotsuoa a ntseng a le lefatšeng a tla nkeloa leholimong. Joale Tšenolo 17:14 e re bolella se tla etsahala leholimong ha Gogo a hlasela. Lira tsa batho ba Molimo “li tla loana le Konyana, empa konyana e tla li hlōla, kahobane e le Khosi ea likhosi le Morena oa marena. Hape, ba bitsitsoeng le ba khethiloeng le ba tšepahalang ba nang le eona ba tla etsa joalo.” Kahoo, Jesu hammoho le marena a 144 000 a batlotsuoa, ba tla pholosa batho ba Molimo mona lefatšeng. w15 7/15 2:16

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela