Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
March
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Laboraro, la 22 March

Ba ne ba utloisisitse mantsoe ao ba neng ba a tsebisitsoe.—Neh. 8:12.

Haesale batho ba Molimo ba sebelisa bokhoni ba ho bua ho rorisa Jehova le ho bolella ba bang ka eena. Morao tjena, batho ba Molimo ba sebelisa mpho ena ho fetolela Bibele e le hore batho ba eketsehileng ba ka ithuta ka Jehova. Bibele e na le liphetolelo tse likete, ’me tse ling li nepahetse ho feta tse ling. E le hore Komiti ea Phetolelo ea Bibele ea Lefatše le Lecha e fetolele Bibele ka nepo, e ile ea etsa qeto ea ho latela melao-motheo ena e meraro: (1) Ho hlompha lebitso la Molimo le ho le sebelisa ka Lentsoeng la hae ka makhetlo a lekanang le ao le hlahang ka ’ona libukeng tsa qalong. (Mat. 6:9) (2) Ho fetolela molaetsa oa qalong lentsoe ka lentsoe ha ho khoneha. Ha ho sa khonehe, ho fetoleloe moelelo o nepahetseng. (3) Bibele e fetoleloe ka puo eo ho leng bonolo ho e bala le ho e utloisisa. Bafetoleli ba Phetolelo ea Lefatše le Lecha ba latetse melao-motheo ena e meraro ha ba e fetolela ka lipuo tse fetang 130.—Neh. 8:8. w15 12/15 2:1, 2

Lethathamo la Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | January

BEKE EA LA 20-26 MARCH, 2017

22 Lula U Inyenyefalitse Leha U Thulana le Mathata

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela