Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
April
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Moqebelo, la 22 April

Bohle ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomolimo kamanong le Kreste Jesu le bona ba tla hlorisoa.—2 Tim. 3:12.

Batho ba bangata kajeno ba ithabisa ka ho shebella lifilimi tse bontšang pefo, boitšoaro bo bobe, kapa tse kenyelletsang boselamose le bodemona, esita le ho etsa liketso tseo. Ka mohlala, Inthanete, mananeo a thelevishene, lifilimi, libuka le limakasine li atisa ho hlahisa pefo le boitšoaro bo bobe e le lintho tse amohelehang. Lintho tse neng li nyarosa batho nakong e fetileng li se li amoheleha hoo hona joale libakeng tse ling li lumeletsoeng ka molao. Empa seo ha se bolele hore Jehova o amohela boitšoaro bo joalo. (Bar. 1:28-32) Lekholong la pele la lilemo, batho ba ne ba ithabisa ka ho shebella pefo le boitšoaro bo bobe. Empa balateli ba Jesu ba ne ba sa li shebelle, kaha ba ne ba mamela molao oa Molimo. Sena se ne se ‘makatsa’ batho ba ba potolohileng. Phello e ne e e-ba efe? Batho ba ne ba soma Bakreste ba bile ba ba hlorisa.—1 Pet. 4:4. w15 8/15 4:2, 3

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | February

BEKE EA LA 17-23 APRIL, 2017

18 Jehova o Tataisa Batho ba Hae

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela