Sontaha, la 21 May
Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.—1 Bakor. 15:33.
E le hore re boloke kamano ea rōna le Jehova e le ntle, re khetha ho se tloaelane le motho leha e le ofe ea etsang lintho tse fosahetseng. Sena se akarelletsa le batho ba ipolelang hore ba rapela Jehova empa ba khetha ho se mo mamele. Haeba batho bao ba etsa sebe se tebileng ’me ba sa bake, re khaotsa ho tloaelana le bona. (Bar. 16:17, 18) Hangata batho ba rata ho khahlisa metsoalle ea bona e le hore e ba amohele. Kahoo, haeba re tloaelana le batho ba sa mameleng Molimo, re ka ’na ra lekeha hore re etse seo ba se etsang. Ka mohlala, haeba re tloaelana le batho ba etsang boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate, re ka ’na ra ba etsisa. Sena se ’nile sa etsahalla bara le barali babo rōna ba bang. ’Me haeba ba sa bake, baa khaoloa. (1 Bakor. 5:11-13) Kahoo, ba qetella ba le boemong bo kang boo Petrose a bo hlalositseng.—2 Pet. 2:20-22. w15 8/15 4:4-6