Sontaha, la 7 May
Hushai Moareke o ne a tlil’o mo khahlanyetsa, seaparo sa hae se selelele sa ka holimo se hahotsoe ’me a le mobu hloohong.—2 Sam. 15:32.
Hushai e ne e le motsoalle ea tšepahalang oa Morena Davida. Empa o ile a lokela ho iteta sebete e le hore a lule a tšepahala ho Davida le ho Molimo, ha batho ba ne ba batla ho etsa Absalome morena. (2 Sam. 15:13; 16:15) O ile a lula a tšepahala ho Davida kaha o ne a tseba hore Jehova o mo khethile hore e be morena, le hoja Davida a ne a se a tsofetse ebile ho e-na le batho ba bangata ba batlang ho mo bolaea. Kahoo Hushai o ile a ea Thabeng ea Mehloaare ho ea kopana le Davida. (2 Sam. 15:30) Davida o ile a re Hushai a khutlele Jerusalema ’me a iketse motsoalle oa Absalome e le hore Absalome a ka mamela keletso ea hae eseng ea Akitofele. Hushai o ile a iteta sebete ’me a beha bophelo ba hae kotsing e le hore a mamele Davida le hore a lule a tšepahala ho Jehova. Davida o ile a rapela Jehova hore a thuse Hushai, ’me a fela a mo thusa. Absalome o ile a mamela Hushai ho e-na le Akitofele.—2 Sam. 15:31; 17:14. w16.02 4:15, 16