Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
June
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Moqebelo, la 10 June

Bokang Jehova, lōna mangeloi a hae, a matla ka bonatla, a phethang taelo ea hae, ka ho mamela lentsoe la taelo ea hae.—Pes. 103:20.

Mangeloi “a matla.” A bohlale ebile a matla ho feta batho. Mangeloi a tšepahalang a sebelisa matla a ’ona ho etsa lintho tse molemo. Ka mohlala, lengeloi la Jehova le ile la bolaea masole a lireng a Assyria a 185 000. Motho a le mong o ne a ke ke a khona ho etsa seo, esita le lebotho la sesole le ne le tla thatafalloa. (2 Mar. 19:35) Ka lekhetlo le leng, lengeloi le ile la sebelisa bokhoni le matla a lona ho lokolla baapostola ba Jesu chankaneng. Le hoja balebeli ba ne ba le haufi, ha baa ka ba bona hore lengeloi le notlolotse mamati, la ntša baapostola, la ntan’o notlela hape! (Lik. 5:18-23) Mangeloi a tšepahalang a sebelisa matla a ’ona ho etsa lintho tse molemo, ha Satane eena a a sebelisetsa ho etsa lintho tse khopo. Ho hlakile hore Satane o na le matla le tšusumetso e khōlō. Bibele e re ke “’musi oa lefatše lena.”—Joh. 12:31. w15 5/15 1:5, 6

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | April

BEKE EA LA 5-11 JUNE, 2017

9 Ke Lintho Life Tseo ’Muso oa Molimo o Tla li Felisa?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela