Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
June
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Mantaha, la 12 June

Ea Phahameng ka ho Fetisisa . . . o mosa ho ba se nang teboho le ba khopo.—Luka 6:35.

Jesu o tšoana le Ntate oa hae. Ke’ng e ileng ea thusa Jesu hore a be mosa ho batho ha a le lefatšeng? O ne a nahana kamoo ba tla ikutloa kateng ka seo a se buang le ho se etsa. Ka mohlala, mosali e mong ea neng a entse lintho tse ngata tse mpe o ile a tla ho Jesu. O ile a lla hoo likeleli tsa hae li ileng tsa rothela maotong a Jesu. Jesu o ile a lemoha hore mosali eo o soabetse lintho tse mpe tseo a li entseng le hore o bakile. A elelloa hore haeba a sa mo tšoare ka mosa, seo se tla mo utloisa bohloko le ho feta. Kahoo, o ile a mo babatsa ka lintho tse ntle tseo a li entseng ’me a mo tšoarela. Jesu o ile a boela a bua ka mosa le Mofarisi ea neng a le khahlanong le seo a se etselitseng mosali eo. (Luka 7:36-48) Ke joang re ka bang mosa joaloka Jehova? Re lokela ho nahana pele re bua kapa re etsa ntho e itseng e le hore re nahanele ba bang le ho qoba ho ba utloisa bohloko. Pauluse o ile a re ‘ha ho hlokahale hore Mokreste a loane, empa ho hlokahala hore a be bonolo ho bohle.’ (2 Tim. 2:24) Re lokela ho nahanela maikutlo a ba bang, le kamoo seo re se buang se ka ba amang kateng. Joale re tla tseba seo re lokelang ho se bua le ho se etsa e le hore re be mosa joaloka Jehova.—Liprov. 15:28. w15 5/15 4:8, 9

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | April

BEKE EA LA 12-18 JUNE, 2017

18 Kamehla “Moahloli oa Lefatše Lohle” o Etsa se Nepahetseng

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela