Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
June
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Laboraro, la 14 June

[Tšoara] basali ba baholo joaloka bo-’mè, basali ba bacha joaloka likhaitseli tsa hao ka tlhoeko eohle.—1 Tim. 5:2.

Bibele e re thusa ho qoba litakatso tse litšila ka ho re bolella kamoo banna le basali ba lokelang ho tšoarana kateng. Bakreste ba etsa lipontšo tsa lerato ho balekane ba bona feela kapa ho motho eo ba ikemiselitseng ho nyalana le eena. Ha ba bapale ka maikutlo a ba bang a lerato. Ba bang ba nahana hore ho tsosa maikutlo a lerato, mohlomong ka tsela eo ba tsamaeang ka eona kapa ba talimang motho e mong ka eona ha ho kotsi, hafeela ba sa tšoarane. Empa ha batho ba babeli ba bapala ka maikutlo a lerato ba ka ’na ba qala ho ba le menahano e fosahetseng ’me sena se ka lebisa boitšoarong bo bobe. Sena se etsahalletse batho ba bang ’me le rōna se ka re etsahalla. Josefa o re behetse mohlala o babatsehang. Mosali oa Potifaro o ne a leka ho mo hohela hore a robale le eena. Empa Josefa o ile a hana, le hoja mosali oa Potifaro a ne a mo phehella. O ne a lula a kōpa Josefa hore “a be le eena.” (Gen. 39:7, 8, 10) Josefa o ne a sa ikemisetsa ho robala le eena ’me o ile a bontša seo ka liketso. Kahoo, ha aa ka a lumella takatso e fosahetseng hore e hōle ka pelong ea hae. w15 6/15 3:10, 11

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | April

BEKE EA LA 12-18 JUNE, 2017

18 Kamehla “Moahloli oa Lefatše Lohle” o Etsa se Nepahetseng

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela