Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
June
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labobeli, la 27 June

Lintho tsa pele li fetile.—Tšen. 21:4.

Molimo oa rōna ea lerato o lula a etsetsa bahlanka ba hae ba tšepahalang se molemo. Bibele e re: “O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.” Ruri boo ke bokamoso bo babatsehang bo letetseng batho ba mamelang Molimo le ba ananelang lerato la hae! Lentsoe la Jehova le re: “Sheba ea sa tšoauoeng phoso ’me u talime ea lokileng, etsoe bokamoso ba motho eo bo tla ba le khotso. Empa ka sebele batlōli ba tla felisoa.” (Pes. 37:37, 38) Motho “ea sa tšoauoeng phoso” o tseba Jehova le Mora oa hae ’me ka boikokobetso o etsa thato ea Molimo. (Joh. 17:3) O lumela ka tieo hore “lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” (1 Joh. 2:17) Kaha bofelo ba lefatše bo atametse, ho potlakile hore ‘re tšepe Jehova ’me re latele tsela ea hae.’—Pes. 37:34. w15 11/15 3:11, 12

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | April

BEKE EA LA 26 JUNE, 2017–2 JULY, 2017

28 Ithaopele ho Rorisa Jehova!

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela