Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
June
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labone, la 8 June

Etellang pele ho bontšaneng tlhompho.—Bar. 12:10.

Pele moholo a koetlisa mor’abo rōna o lokela ho ikitlaelletsa ho ba motsoalle oa hae. Seo moholo a tla se etsa se tla fapana ho ea ka maemo le litloaelo tsa sebaka. Ho sa tsotellehe hore na u lula hokae, haeba u ipha nako ea ho mo koetlisa le hoja u phathahane, mor’abo rōna o tla hlokomela hore ke oa bohlokoa. Ka sebele, o tla ananela tsela eo u mo bontšang lerato le ho mo tsotella ka eona. Ke ’nete hore moholo o lokela ho rata ho koetlisa barab’abo rōna, e le hore a atlehe. Empa o boetse o lokela ho rata mor’abo rōna eo a mo koetlisang. (Bapisa le Johanne 5:20.) Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa? Hobane haeba motho eo u mo koetlisang a bona hore u ua mo tsotella, o tla ikemisetsa ho ithuta. Kahoo baholo, ikitlaelletseng hore le se ke la ba bakoetlisi feela, empa le be metsoalle ea bao le ba koetlisang.—Liprov. 17:17; Joh. 15:15. w15 4/15 1:19, 20

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | April

BEKE EA LA 5-11 JUNE, 2017

9 Ke Lintho Life Tseo ’Muso oa Molimo o Tla li Felisa?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela