Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
July
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labohlano, la 14 July

U se ke ua re kenya molekong.—Mat. 6:13.

Mantsoe a thapelong ea mohlala a reng “u se ke ua re kenya molekong,” a re hopotsa se ileng sa etsahalla Jesu, nakoana ka mor’a hore a kolobetsoe. Moea oa Molimo o ile oa mo isa lefeelleng “ho ea lekoa ke Diabolose.” (Mat. 4:1) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella see hore se etsahale? Jehova o ne a rometse Jesu lefatšeng ho tla rarolla tseko e ileng ea e-ba teng ha Adama le Eva ba lahla bobusi ba Jehova. Borabele ba bona bo ile ba hlahisa lipotso tseo ho neng ho tla nka nako hore li arabeloe. Ka mohlala, na tsela eo Jehova a bōpileng batho ka eona e ne e fosahetse? Na motho ea phethahetseng a ka lula a tšepahala ho Jehova ha a lekoa ke “ea khopo”? Hona na ho ne ho ka ba molemo ha batho ba ipusa? (Gen. 3:4, 5) Nakong e tlang, ha lipotso tsena li se li arabiloe ka tsela e khotsofatsang Jehova, bohle ba leholimong le lefatšeng ba tla tseba hore bobusi ba Jehova bo molemo ka ho fetisisa. w15 6/15 5:12

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | May

BEKE EA LA 10-16 JULY, 2017

8 Batsoali ba Falleletseng Linaheng Tse Ling, Thusang Bana ba Lona

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela