Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
July
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labohlano, la 28 July

Ho thaba mang kapa mang ea nahanelang motho ea tlaase; Jehova o tla mo pholosa letsatsing la tlokotsi. Jehova o tla mo lebela ’me a mo boloke a phela.—Pes. 41:1, 2.

Haeba u ua kula, Jehova o tla u tšehetsa, joalokaha a ile a tšehetsa bahlanka ba hae ba nakong e fetileng. Ha Davida a ngola mantsoe a ka holimo, o ne a sa bolele hore motho ea lokileng ea neng a nahanela ba tlaase ka nako eo, a ke ke a shoa. Joale Jehova o ne a tla thusa motho eo ea lokileng joang? Davida o ile a re: “Jehova o tla mo tšehetsa holim’a setulo sa hae se kang moalo sa ho kula; ka sebele u tla fetola liphate tsohle tsa hae nakong ea boloetse ba hae.” (Pes. 41:3) Jehova o tseba hantle hore na ke’ng se tšoenyang bahlanka ba hae ’me ha a ba lebale. O ba fa sebete le bohlale. Jehova o boetse o bōpile motho ka tsela eo ka eona ’mele oa hae o ka khonang ho ipholisa. w15 12/15 4:7

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | May

BEKE EA LA 24-30 JULY, 2017

22 “Na U Nthata ho Feta Tsee?”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela