Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
July
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labone, la 6 July

U se ke ua tšoha . . . u tla ba morena oa Iseraele, ’me ke tla ba oa bobeli ho uena.—1 Sam. 23:17.

E tlameha ebe Jonathane o ile a hlolloa ke kamoo mohlankana Davida a bileng sebete kateng. Davida o ne a bolaile Goliathe oa senatla ’me a isa “hlooho ea Mofilista” eo ho Morena Saule oa Iseraele, e leng ntate oa Jonathane. (1 Sam. 17:57) Jonathane o ne a kholisehile hore Molimo o tšehetsa Davida, ’me ho tloha ka nako eo, ea e-ba metsoalle e meholo. Jonathane le Davida ba ile ba ikana hore ba tla lula ba tšepahallana. (1 Sam. 18:1-3) Jonathane o ile a tšepahala ho Davida bophelo bohle ba hae. Jonathane o ile a tsoela pele a tšepahala ho Davida le hoja Jehova a ne a khethile Davida hore ebe morena ea hlahlamang oa Iseraele, eseng eena. Jonathane o ile a tšoenyeha ha Saule a leka ho bolaea Davida. O ne a tseba hore Davida o ipatile lefeelleng le Horeshe, kahoo a ea moo ho ea mo khothatsa hore a tšepe Jehova, a bua mantsoe a temaneng ea kajeno.—1 Sam. 23:16. w16.02 3:1, 2

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | May

BEKE EA LA 3-9 JULY, 2017

3 Thusang Baphaphathehi ho ‘Sebeletsa Jehova ka Thabo’

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela