Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
August
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Laboraro, la 16 August

Ha e le Jehova, mahlo a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.—2 Likron. 16:9.

Nahana kamoo Jehova a ileng a sebetsana le Morena Josafate oa Juda kateng. Josafate o ile a etsa qeto e booatla, a ikopanya le Morena Akabe oa Iseraele ho loantša Basyria. Le hoja baprofeta ba 400 ba bohata ba ile ba bolella Akabe ea khopo hore o tla hlōla ntoeng eo, moprofeta oa Jehova Mikaia o ile a bolella Josafate le Akabe hore ha ba ka ea ntoeng, ba tl’o hlōloa. Akabe o ile a bolaoa ntoeng, ’me Josafate a phonyoha ka sobana-la-nale. Leha ho le joalo, Jehu o ile a re ho eena: “Ho na le lintho tse ntle tse fumanoeng ho uena.” (2 Likron. 18:4, 5, 18-22, 33, 34; 19:1-3) Le hoja Josafate a ile a etsa qeto e booatla, Jehova ha aa ka a lebala lintho tse ntle tseo a li entseng. (2 Likron. 17:3-10) Mohlala oo o lokela ho re khothatsa, hobane ka linako tse ling re etsa liphoso. Jehova o tla lula a re rata haeba re etsa sohle seo re ka se khonang ho mo sebeletsa. w15 8/15 1:8, 9

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | June

BEKE EA LA 14-20 AUGUST, 2017

22 Na U Nka Bobusi ba Jehova e le Ntho ea Bohlokoa?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela