Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
August
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labobeli, la 22 August

Ha e le ’na le ba ntlo ea ka, re tla sebeletsa Jehova.—Josh. 24:15.

Re imatlafatsa tumelong ha re bolella ba bang litaba tse molemo tse tsoang ka Bibeleng. Ho tšoana le Bakreste ba mehleng ea baapostola, re ithuta ho tšepa Jehova le ho bua ka sebete boemong leha e le bofe. (Lik. 4:17-20; 13:46) Tumelo ea rōna ho Jehova e tiea le ho feta ha re lemoha litsela tseo a re thusang ka tsona le hore o araba lithapelo tsa rōna. Sena ke sona se ileng sa etsahalla Kalebe le Joshua. Ba ile ba bontša tumelo ho Jehova ha ba hloela Naha e Tšepisitsoeng. Ha nako e ntse e ea, tumelo ea bona e ile ea matlafala nako le nako ha ba hlokomela kamoo Jehova a ba thusitseng kateng. Ke kahoo Joshua a neng a ka re ka kholiseho ho Baiseraele: “Ha ho lentsoe leha le le leng mantsoeng ’ohle a molemo ao Jehova Molimo oa lōna a le boleletseng ’ona le hlōlehileng ho phethahala.” Hamorao o ile a re: “Tšabang Jehova ’me le mo sebeletse ka ho hloka molato le ka ’nete.” (Josh. 23:14; 24:14) Ha re tšepa Jehova ’me re lemoha kamoo a re thusang kateng ka bomong, tumelo ea rōna e tla tiea le ho feta.—Pes. 34:8. w15 10/15 2:10, 11

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | June

BEKE EA LA 21-27 AUGUST, 2017

27 Tšehetsa Bobusi ba Jehova

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela