Labobeli, la 20 February
Ke tla u bontša kahlolo ea seotsoa se seholo se lulang holim’a metsi a mangata.—Tšen. 17:1.
Liithuti Tsa Bibele li ne li nka hore ha hoa lekana ho bolella ba leloko, metsoalle le litho tsa kereke hore na li ikutloa joang ka bolumeli ba bohata. Batho bohle ba ne ba lokela ho tseba hore Babylona e Moholo ke seotsoa. Kahoo, ho tloha ka December 1917 ho fihlela mathoasong a 1918, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa aba likopi tse 10 000 000 tsa pampitšana e reng “Ho oa ha Babylona,” e neng e nyatsa Bokreste ba bohata ka matla. Joalokaha u ka inahanela, seo se ile sa halefisa baruti haholo, empa ha sea ka sa nyahamisa Liithuti Tsa Bibele. Li ne li ikemiselitse ho “mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” (Lik. 5:29) See se bontša’ng? Se bontša hore Bakreste ba ne ba itokolotse botlamuoeng ba Babylona e Moholo nakong ea ntoa, ’me ba ikemiselitse ho thusa ba bang hore le bona ba tsoe botlamuoeng. w16.11 5:2, 4
La 19-25 February
MATHEU 16–17
Pina ea 57 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“U Nahana Menahano ea Mang?”: (10 mets.)
Mat 16:21, 22—Petrose o ile a lumella ho ikhauhela ho tlola hore ho susumetse monahano oa hae (w07 2/15 16 ¶17)
Mat 16:23—Petrose o ne a sa nahane lintho ka tsela eo Molimo a li nahanang ka eona (w15 5/15 7-8 ¶16-17)
Mat 16:24—Bakreste ba lokela ho lumella hore tsela eo Molimo a nahanang ka eona e laole tsela eo ba phelang ka eona (w06 4/1 23 ¶9)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat 16:18—Lefika leo Jesu a neng a tla haha phutheho ea Bokreste ho lona ke mang? (nwtsty litlhaloso)
Mat 16:19—“Linotlolo tsa ’Muso oa maholimo” tseo Jesu a ileng a li fa Petrose ke eng? (nwtsty litlhaloso)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 16:1-20
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ho tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Bontša kamoo u ka arabelang motho ea hanyetsang.
Leeto la ho Boela: (3 mets. kapa ho tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.
Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rona Tšebeletsong—Ho Sebelisa Lipotso ka Katleho”: (15 mets.) Puisano. Bapala video ea Etsa Mosebetsi oo Jesu a o Entseng—Ruta (tlas’a LIBOKA LE TŠEBELETSO EA RONA).
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 4 ¶12-21 le lebokose le leqepheng la 42
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 88 le Thapelo