Labone, la 1 March
Ba qala ho leleka Jafeta.—Baahl. 11:2.
Kaha barab’abo Jafeta ba ne ba le mona ba bile ba mo hloile, ba ile ba mo qobella ho tloha sebakeng seo ka molao e leng sa hae. (Baahl. 11:1-3) Empa ha banna ba baholo ba mo kopa thuso, o ile a ba thusa hang-hang. (Baahl. 11:4-11) O ne a batla ho sireletsa lebitso la Jehova ho e-na le hore a iphetetse. O ne a ikemiselitse ho lula a tšepahalla Jehova e leng se ileng sa tsoela eena le batho ba bang molemo. (Baheb. 11:32, 33) Re ithuta’ng mohlaleng oa Jafeta? Re tla etsa’ng ha Bakreste-’moho le rona ba re utloisa bohloko kapa re nka hore ba re tšoara ka leeme? Ha rea lokela ho lumella seo hore se re thibele ho sebeletsa Jehova. A re se keng ra khaotsa ho ea libokeng kapa ho qeta nako re e-na le balumeli-’moho le rona. A re etsiseng Jafeta ’me re mamele Jehova. Sena se tla re thusa ho mamella le maemong a thata, e le hore le rōna re ka behela ba bang mohlala o motle.—Bar. 12:20, 21; Bakol. 3:13. w16.04 1:7, 9, 10
La 26 February–la 4 March
MATHEU 18–19
Pina ea 83 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Qoba ho Khoptjoa le ho Khopisa ba Bang”: (10 mets.)
Mat 18:6, 7—Ha rea lokela ho khopisa batho (nwtsty litlhaloso le litšoantšo)
Mat 18:8, 9—Re lokela ho qoba eng kapa eng e ka etsang hore re siteloe Molimo (nwtsty litlhaloso le tlhaloso ea “Gehena”)
Mat 18:10—Jehova oa tseba ha re khopisitse ba bang (nwtsty litlhaloso; w10 11/1 16)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat 18:21, 22—Re lokela ho ikemisetsa ho tšoarela barab’abo rona hangata hakae? (nwtsty litlhaloso)
Mat 19:7—Morero oa ‘lengolo la tlhalo’ e ne e le ofe? (nwtsty litlhaloso le litšoantšo)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 18:18-35
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ho tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.
Leeto la Boraro la ho Boela: (3 mets. kapa ho tlaase ho moo) Khetha lengolo leo u tla le sebelisa e be u buella sengoliloeng se ithutoang.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ho tlaase ho moo) bh 25-26 ¶18-20—Bontša kamoo u ka finyellang pelo ea motho eo u buang le eena kateng.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Le ka mohla u se ke oa ba sesosa sa khopiso (2Ko 6:3): (9 mets.) Bapala video (tlas’a MANANEO A KHETHEHILENG).
Letšolo la ho Memela Batho Sehopotsong le Qala ka la 3 March: (6 mets.) Puo e thehiloeng ho Kemiso ea Liboka Tsa Bophelo le Tšebeletso, February 2016 leqephe 8. Fa bamameli memo ea Sehopotso e be le buisana ka eona. Hlakisa hore puo ea phatlalatsa e khethehileng e nang le sehlooho se reng: “Hantle-Ntle Jesu Kreste ke Mang?” e tla fanoa bekeng ea la 19 March 2018. E tla etsa hore re labalabele le ho feta ho ba teng Sehopotsong. Bolela hore na ho entsoe litokisetso life e le hore ho sebetsoe tšimo eohle ea phutheho.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 4 leqephe 46-49
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 41 le Thapelo