Moqebelo, la 10 March
Sebe se ke ke sa le laola, kaha ha le tlas’a molao empa le tlas’a mosa o sa tšoanelang.—Bar. 6:14.
Ho tlile joang hore ebe lefu le teng le hore kaofela re na le sebe? Bibele e re: “Ka tšito ea motho a le mong [Adama] lefu le ile la busa e le morena” ho bana ba Adama. (Bar. 5:12, 14, 17) Leha ho le joalo, hoa thabisa ho tseba hore re ka khetha ho se laoloe ke sebe. Haeba re bontša tumelo sehlabelong sa Kreste sa thekollo, re laoloa ke mosa o sa tšoanelang oa Jehova. (Bar. 5:20, 21) Le hoja re ntse re le baetsalibe, ha rea lokela ho lumella sebe hore se re laole. Ha re etsa sebe, re lokela ho kopa Jehova hore a re tšoarele. Kahoo, re laoloa ke mosa o sa tšoanelang. See se ba le phello efe? Pauluse o re: “Mosa o sa tšoanelang oa Molimo . . . o re rupella ho hana ho hloka bomolimo le litakatso tsa lefatše le ho phela ka ho hlaphoheloa kelellong le ho loka le boinehelo ba bomolimo har’a tsamaiso ena ea hona joale ea lintho.”—Tite 2:11, 12. w16.07 3:5, 6
La 5-11 March
MATHEU 20-21
Pina ea 153 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Mang Kapa Mang ea Batlang ho ba Moholo Har’a Lōna e Lokela ho ba Mosebeletsi oa Lōna”: (10 mets.)
Mat 20:3—Bangoli le Bafarisi ba ikhohomosang ba ne ba rata maemo le ho lumelisoa ke batho ‘limmarakeng’(“’Marakeng” litšoantšo tsa (Mat 20:3 nwtsty)
Mat 20:20, 21—Baapostola ba babeli ba ne ba batla maemo le bolaoli “’mè oa bara ba Zebedea,” “e mong ka letsohong la hao le letona ’me e mong ka ho le letšehali”, litlhaloso tsa (Mat 20:20, 21 nwtsty)
Mat 20:25-28—Jesu o ile a hlalosa hore balateli ba hae e lokela ho ba basebeletsi ba ikokobelitseng “mohlanka,” “a sa ka a tlela ho sebeletsoa, empa ho sebeletsa” litlhaloso tsa (Mat 20:26, 28 nwtsty)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat 21:9—Letšoele le neng le hoeletsa le re: “Rea rapela, pholosa Mora oa Davida!” le ne le bolela’ng? “Rea rapela, pholosa” “Mora oa Davida” litlhaloso tsa (Mat 21:9 nwtsty)
Mat 21:18, 19—Ke hobane’ng ha Jesu a ile a etsa hore sefate sa feiga se omelle? (jy 244 ¶4-6)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 20:1-19
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets.) Bapala video ’me le bue ka eona.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sheba leq.la pele.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) lv 36-37 ¶3-4
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Litlhoko Tsa Phutheho: (5 mets.)
Seo Mokhatlo o se Finyeletseng: (10 mets.) Bapala video ea Seo Mokhatlo o se Finyeletseng ea March.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv Sehlomathiso se leqepheng la 209.
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 145 le Thapelo