Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
March
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Laboraro, la 28 March

Ka lebaka la thabo e neng e behiloe ka pel’a hae o ile a mamella.—Baheb. 12:2.

Nka hore u leetong. Ha u fihla kae-kae, u lokela ho feta ka har’a kotopo e kholo e bileng e leng telele. Ho lefifi ka moo. Empa ua tseba hore qetellong ea eona, khanya e teng. Ho joalo le bophelong. U ka ’na ua tobana le maemo a thata le a u sithabetsang. Esita le Jesu o ile a ikutloa ka tsela eo. Ha a le thupeng ea tlhokofatso, o ile a mamella bohloko bo otlang pelo le ho songoa. E tlameha ebe ena e bile nako e thata ka ho fetisisa bophelong ba hae! (Baheb. 12:3) Empa o ile a mamella mathata ao kaofela. O ile a nahana ka “thabo e neng e behiloe ka pel’a hae.” Jesu o ile a nahana ka melemo e larileng ka pele, ’me habohlokoa le ho feta, a lemoha hore o kenya letsoho ho halaletseng lebitso la Molimo le ho tšehetseng bobusi ba hae. O ne a tseba hore teko eo ke ea nakoana le hore moputso oa hae leholimong e tla ba oa ka ho sa feleng. Liteko tseo u tobanang le tsona kajeno li ka ’na tsa u sithabetsa ’me tsa u utloisa bohloko, empa hopola hore ke tsa nakoana. w16.04 2:10

’Malo oa Bibele oa Sehopotso:: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 10 Nisane) Johanne 12:20-50

La 26 March–La 1 April
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | March

La 26 March–la 1 April

MATHEU 25

  • Pina ea 128 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Le Lule le Lebetse”: (10 mets.)

    • Mat 25:1-6—Baroetsana ba bahlano ba masene le ba bahlano ba maoatla ba ile ba tsoa ho ea kopana le monyali

    • Mat 25:7-10—Baroetsana ba maoatla ba ne ba le sieo ha monyali a fihla

    • Mat 25:11, 12—Ke baroetsana ba masene feela ba ileng ba amoheloa moketeng oa lenyalo

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mat 25:31-33—Hlalosa papiso ea linku le lipoli. (w15 3/15 27 ¶7)

    • Mat 25:40—Re ka tsoela pele re le metsoalle ea barab’abo Kreste ka ho etsa’ng? (w09 10/15 16 ¶16-18)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 25:1-23

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sheba leq. la pele. Mo memele Sehopotsong.

  • Leeto la boraro la ho Boela: (3 mets. kapa tlaase ho moo) Khetha lengolo leo u batlang ho bua ka lona ’me u fane ka sengoliloeng sa ho ithuta Bibele.

  • Puo: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) w15 3/15 27 ¶7-10—Sehlooho: Ke Joang Papiso ea Linku le Lipoli e Hatisang Bohlokoa ba Mosebetsi oa Boboleli?

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 118

  • “Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rona Boboleling—Ho Ruta Liithuti Tsa Rona ho Lokisetsa”: (10 mets.) Puisano. Ka mor’a moo bapala le ho bua ka video e bontšang mohoeletsi ea rutang seithuti sa hae ho lokisetsa thuto. Kopa bamameli hore ba bolele litsela tse ling tseo ba boneng li atleha ha ba ruta liithuti tsa bona ho lokisetsa thuto ea Bibele.

  • Amohela Baeti: (5 mets.) Puo e thehiloeng ho Kemiso ea Liboka ea Bophelo le Tšebeletso ea Rōna ea March 2016. Pheta liphihlelo tse monate tse etsahetseng nakong ea Sehopotso ka 2017. Hopotsa bamameli lintlha tse mabapi le sehopotso se tla ba ka la 31 March tse akarelletsang ho paka makoloi, ho kena le ho tsoa mohahong.

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 5 ¶16-23

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 139 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | January

BEKE EA LA 26 MARCH, 2018–1 APRIL, 2018

27 Bona Phapang Pakeng tsa Batho ba Sebeletsang Jehova le ba sa mo Sebeletseng

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela