Sontaha, la 15 April
Mosali, u tseba joang hore u ke ke ua pholosa monna oa hao? Kapa, monna, u tseba joang hore u ke ke ua pholosa mosali oa hao? —1 Bakor. 7:16.
Maemong a mang, Mokreste o nyalane le motho eo e seng morapeli oa Jehova. Bibele e fana ka mabaka a utloahalang a hore na ke hobane’ng ha a lokela ho tsoela pele a lula le eena. (1 Bakor. 7:12-14) Ebang molekane ea sa lumelang oa elelloa kapa ha a elelloe, “o halaletsoa” ka lebaka la ea lumetseng. Le bana ba bona ba nkoa ba “halalela,” kahoo Molimo oa ba sireletsa. Hoo e batlang e le phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe ea Lipaki Tsa Jehova, ho na le balekane bao e mong a thusitseng e mong hore a ‘pholohe.’ Moapostola Petrose o eletsa basali ba Bakreste hore ba ikokobeletse banna ba bona, “e le hore, haeba leha e le bafe ba sa mamele lentsoe, ba ka hapuoa ka ntle ho lentsoe ka boitšoaro ba basali ba bona, kahobane e bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa boitšoaro ba lona bo hloekileng hammoho le tlhompho e tebileng.”—1 Pet. 3:1-4. w16.08 2:14, 15
La 9-15 April
Matheu 27–28
Pina ea 97 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“E-Eang le Etse Barutuoa. Hobane’ng, Hokae hona Joang?”: (10 mets.)
Mat. 28:18—Jesu o na le matla a maholo (w04 7/1 8 ¶4)
Mat. 28:19—Jesu o ile a etsa letšolo la hore ho boleloe hape ho rutoe Lentsoe la Molimo lefatšeng lohle (“le etse barutuoa,” “batho ba lichaba tsohle” litlhaloso tsa Mat 28:19, nwtsty)
Mat. 28:20—Re lokela ho thusa batho hore ba ithute le ho sebelisa seo Jesu a se rutileng (“le ba rute” litlhaloso tsa Mat 28:20, nwtsty)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat. 27:51 —Ho aroha ha lesira likoto tse peli ho ne ho tšoantšetsa’ng? (“Lesira,” “sehalalelo” litlhaloso tsa Mat 27:51, nwtsty)
Mat. 28:7—Ke joang lengeloi la Jehova le ileng la bontša hore le hlompha basali ba neng ba tlile lebitleng la Jesu? (“le bolelle barutuoa ba hae hore o tsositsoe” litlhaloso tsa Mat 28:7, nwtsty)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat. 27:38-54
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo re ka se buang le batho.
Leeto la Pele la ho Boela: (5 mets.) Bapala video. ’me le buisane ka eona.
Puo: (6 mets kapa ka tlaase ho moo) g17.2 14—Sehlooho: Na Jesu o ile a thakhisoa sefapanong?
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Ke ha Bohlokoa ho Bolela le ho Ruta e le Hore re Etse Barutuoa”: (15 mets.) Puisano. Ha le bua ka sehlooho sena, bapala livideo tsa “Ho Paka re sa Khaotse”—Neng le Neng ha Monyetla o Hlaha le ka Ntlo le Ntlo le ea “Ho Paka re sa Khaotse”—Phatlalatsa le ka ho Etsa Barutuoa.
• Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 6 ¶1-9
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 137 le Thapelo