Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
April
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Labobeli, la 3 April

Ho Konyana e be . . . tlhompho le khanya.—Tšen. 5:13.

Jesu Kreste ke “Konyana ea Molimo e tlosang sebe sa lefatše.” (Joh. 1:29) Bibele e re bolella hore o phahame ho feta batho bohle bao e leng marena le bao e kileng ea e-ba marena. E re ke “Morena oa ba busang e le marena le Khosi ea ba busang e le likhosi, eo e leng eena feela ea nang le ho se shoe, ea lulang leseling le sa atameleheng, eo ho seng le ea mong oa batho ea mo boneng kapa ea ka mo bonang.” (1 Tim. 6:14-16) Kannete ha ho na morena e mong ea ileng a ithaopela ho shoela libe tsa rona. Na le uena joaloka limiriade tsa mangeloi ha u susumelletsehe ho rorisa Jehova ’me u re: “Konyana e ileng ea hlajoa e tšoaneleha ho amohela bonatla le maruo le bohlale le matla le tlhompho le khanya le poko.” (Tšen. 5:12) Re tlamehile ho hlompha Jehova le Kreste, hobane re tla fumana bophelo bo sa feleng hafeela re etsa joalo.—Pes. 2:11, 12; Joh. 5:23. w17.03 1:3, 4

’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 16 Nisane) Johanne 20:2-18

La 2-8 April
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | April

La 2-8 April

Matheu 26

  • Pina ea 8 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Paseka le Sehopotso—Li Tšoana Joang Hape li Fapana Joang?”: (10 mets.)

    • Mat. 26:17-20—Jesu o ile a ja Paseka ea ho qetela le baapostola ba hae (“Lijo Tsa Shoalane” litšoantšo tse ho Mat 26:18, nwtsty)

    • Mat. 26:26—Bohobe ba Sehopotso bo emela ’mele oa Jesu (“se bolela” litlhaloso tsa Mat 26:26, nwtsty)

    • Mat. 26:27, 28—Veine ea Sehopotso e emela “mali a selekane” a Jesu (“mali a selekane ” litlhaloso tsa Mat 26:28, nwtsty)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mat. 26:17—Hobane’ng ha ho ka ha thoe la 13 Nisan ke “letsatsi la pele la mahobe a sa lomosoang”? (“Ka letsatsi la pele la Mahobe a sa Lomosoang” litlhaloso tsa Mat 26:17, nwtsty)

    • Mat. 26:39—Ke’ng e ileng ea susumetsa Jesu hore a rapele a re: “Senoelo sena se ke se mphete”? (“senoelo sena se ke se mphete”litlhaloso tsa Mat 26:39, nwtsty)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat. 26:1-19

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets.) Bapala video. ’me le buisane ka eona.

  • Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ho tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo re ka se buang le batho.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 55-56 ¶21-22 le Sehlomathiso se leqepheng la 206-8

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 148

  • Litlhoko Tsa Phutheho: (8 mets.)

  • E-ba motsoalle oa Jehova—Thekollo: (7 mets.) Bapala video. Ka mor’a moo, bitsa bana bao u lokiselitseng le bona hore ba tle sethaleng; u ba botse lipotso tsena: Ke hobane’ng ha batho ba kula, ba tsofala le ho shoa? Jehova o re file tšepo efe? U batla ho kopana le mang Paradeiseng?

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv Sehlomathiso se leqepheng la 212-215

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 102 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | February

BEKE EA LA 2-8 APRIL, 2018

3 Etsisa Noe, Daniele le Jobo

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela