Laboraro, la 18 July
Haeba ke e-na le tumelo eohle hore ke tlose lithaba ho li isa sebakeng se seng, empa ke se na lerato, ha ke letho.—1 Bakor. 13:2.
Jesu o ile a totobatsa hore ho rata Molimo ke habohlokoa ka ho fetisisa ha a araba potso e reng: “Taelo e khōlō ke efe Molaong?” (Mat. 22:35-40) Kaha bangoli ba Bibele ba ne ba tseba hore tumelo le lerato ke tsa bohlokoa, ba ile ba matahanya litšobotsi tsena ka makhetlo a ’maloa, hangata e bile e le polelong e le ’ngoe. Pauluse o ile a khothalletsa barab’abo hore ba “apare tšireletso ea sefuba ea tumelo le lerato.” (1 Bathes. 5:8) Johanne le eena o ile a re: “Ena ke taelo ea [Molimo], hore re be le tumelo lebitsong la Mora oa hae Jesu Kreste le hore re ratane.” (1 Joh. 3:23) Le hoja tumelo e le tšobotsi ea bohlokoa, ha re na ho e hloka ha litšepiso tsa Molimo li phethahala ’me lintho tseo re li lebeletseng li etsahala. Empa ho tla ’ne ho hlokahale hore re rate Molimo le baahelani ba rona. Ke kahoo, Pauluse a ileng a re: “Leha ho le joalo, ho sala tumelo, tšepo, lerato, tsena tse tharo; empa e khōlō ho tsona ke lerato.”—1 Bakor. 13:13. w16.10 4:15-17
La 16-22 July
Luka 10-11
Pina ea 100 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Papiso ea Mosamaria ea Molemo”: (10 mets.)
Lu 10:29-32—Moprista o ile a feta pele ’me hamorao a lateloa ke Molevi, empa ha baa ka ba thusa Mojuda ea ileng a hlaseloa ke linokoane [Bapala “Tsela e Tsoang Jerusalema e Eang Jeriko” Litšoantšo tsa Lu 10:30 tse ho nwtsty-E.] (w02 9/1 16-17 ¶14-15)
Lu 10:33-35—Mosamaria o ile a thusa Mojuda eo ea lemetseng hobane o ne a mo rata haholo (“mosamaria ea itseng,” “a tlamisa maqeba a hae ,a a tsela ka oli le veine,” “ntlong ea baeti” litlhaloso tsa Lu 10:33, 34 tse ho nwtsty-E)
Lu 10:36, 37—Re lokela ho rata batho bohle, ho sa tsotelehe maemo, ’mala kapa morabe oa bona (w98 7/1 31 ¶2)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Lu 10:18—Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a re ho barutuoa ba hae ba 70: “Ke ile ka qala ho bona Satane a se a oele joaloka lehalima leholimong”? (“Ke ile ka qala ho bona Satane a se a oele joaloka lehalima leholimong” litlhaloso tsa Lu 10:18 tse ho nwtsty-E; w08 3/15 31 ¶11)
Lu 11:5-9—Papiso ea monna ea qophellang e re ruta’ng ka ho rapela? (“Motsoalle,nkalime mahobe a mararo,” “Khaotsa ho nkhathatsa,” “ho qophella ha hae ho sebete” litlhaloso tsa Lu 11:5-9 tse ho nwtsty-E)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 10:1-16
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Mong’a ntlo oa hanyetsa.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Motho eo u mo etetseng o u bolella hore o ntse a ja.
Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala video e be le buisana ka eona.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa ho se Nke Lehlakore? (Mik. 4:2)”: (15 mets.) Bapala video e be le buisana ka eona.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 10 ¶16-24
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 146 le Thapelo
BEKE EA LA 16-22 JULY, 2018
17 Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ‘Beha Litholoana Tse Ngata’?