Labohlano, la 24 August
Moo moea oa Jehova o leng teng, ho na le tokoloho.—2 Bakor. 3:17.
Na re ka re bolokolohi ba rona ke ba sebele empa re behetsoe meeli? E, ho joalo! Ke hobane’ng ha re cho joalo? Meeli eo re e behetsoeng e ka re sireletsa. Ka mohlala, re ka ’na ra etsa qeto ea ho etela sebakeng se seng ka koloi. Empa na u ne u tla ikutloa u sireletsehile haeba ho ne ho sa behoa melao ea tsela, motho e mong le e mong a khanna ka lebelo leo a le batlang, a bile a khanna ka lehlakoreng la tsela le ratoang ke eena? Le letho! Ho hlokahala meeli e le hore kaofela re thabele bolokolohi ba sebele. E le hore re utloisise ka ho eketsehileng hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho hlompha meeli eo Jehova a e behileng, nahana ka Adama. O ile a khetha ho tlola meeli eo Molimo a mo behetseng eona ka hore a je tholoana e hanetsoeng. Ho sebelisa bolokolohi ba ho ikhethela ka tsela ena e mpe ho ile ha fella ka bohloko le mahlomola ho Adama le bana ba hae. (Bar. 5:12) Liphello tse bohloko tseo Adama a ileng a li fumana li lokela ho re susumeletsa ho hlompha meeli ea Jehova ha re etsa liqeto.w17.01 2:6, 8
La 20-26 August
Luka 21–22
Pina ea 27 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Topollo ea Lōna ea Atamela”: (10 mets.)
Lu 21:25—Nakong ea matšoenyeho a maholo ho tla etsahala lintho tse tšosang (kr 226 ¶9)
Lu 21:26—Lira tsa Jehova li tla ilibana ke tšabo
Lu 21:27, 28—Ho tla ha Jesu ho tla lopolla batho ba tšepahalang (w16.01 10-11 ¶17; w15 7/15 13 ¶13)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Lu 21:33—Mantsoe a Jesu a temaneng ee a lokela ho utloisisoa joang? (“Leholimo le lefatše li tla feta,” “ho hang mantsoe a ka a ke ke a feta” litlhaloso tsa Lu 21:33 tse ho nwtsty-E)
Lu 22:28-30—Jesu o entse selekane sefe, o se entse le bo-mang hona ke bakeng sa ho etsa’ng? (w14 10/15 16-17¶15-16)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 22:35-53
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Mong’a ntlo oa hanyetsa.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Motho eo u mo etetseng o re o phathahane.
Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala video e be le buisana ka eona.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Litlhoko Tsa Phutheho (15 mets.)
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 12 ¶1-8
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 41 le Thapelo
BEKE EA LA 20-26 AUGUST, 2018
16 Lumella Melao le Melao-motheo ea Molimo Hore e Koetlise Letsoalo la Hao