Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
August
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Sontaha, la 26 August

Mosebetsi oa lōna hase oa lefeela mabapi le Morena.—1 Bakor. 15:58.

Jesu o ne a tseba hore tšebeletso ea hae ea lefatšeng e ne e tla fela le hore ba bang ba ne ba tla tsoela pele ba etsa mosebetsi oo oa hae. Le hoja barutuoa ba hae ba ne ba sa phethahala, o ne a ba tšepa ’me a ba bolella hore ba tla etsa mesebetsi e meholo ho ea hae. (Joh. 14:12) O ile a ba koetlisa hantle ’me ba ile ba hasa litaba tse molemo lefatšeng lohle la mehleng eo. (Bakol. 1:23) Ka mor’a lefu la hae, Jesu o ile a tsosetsoa leholimong moo a ileng a fuoa mosebetsi o eketsehileng le matla a “ka holimo haholo ho ’muso le bolaoli le matla le borena bo bong le bo bong.” (Baef. 1:19-21) Haeba re ka shoa re tšepahala pele ho Armagedone, re tla tsosoa e le hore re tl’o phela lefatšeng le lecha le lokileng, moo re tlang ho thabela mosebetsi o mongata o khotsofatsang le o thabisang. Empa hona joale, mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa oo re ka o etsang ke ho bolela litaba tse molemo le ho etsa barutuoa. E se eka bohle, ba bacha le ba holileng, re ka tsoela pele ho ba le ‘ho hongata hoo re ka ho etsang mosebetsing oa Morena.’ w17.01 5:17, 18

La 20-26 August
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | August

La 20-26 August

Luka 21–22

  • Pina ea 27 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Topollo ea Lōna ea Atamela”: (10 mets.)

    • Lu 21:25—Nakong ea matšoenyeho a maholo ho tla etsahala lintho tse tšosang (kr 226 ¶9)

    • Lu 21:26—Lira tsa Jehova li tla ilibana ke tšabo

    • Lu 21:27, 28—Ho tla ha Jesu ho tla lopolla batho ba tšepahalang (w16.01 10-11 ¶17; w15 7/15 13 ¶13)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Lu 21:33—Mantsoe a Jesu a temaneng ee a lokela ho utloisisoa joang? (“Leholimo le lefatše li tla feta,” “ho hang mantsoe a ka a ke ke a feta” litlhaloso tsa Lu 21:33 tse ho nwtsty-E)

    • Lu 22:28-30—Jesu o entse selekane sefe, o se entse le bo-mang hona ke bakeng sa ho etsa’ng? (w14 10/15 16-17¶15-16)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 22:35-53

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Mong’a ntlo oa hanyetsa.

  • Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Motho eo u mo etetseng o re o phathahane.

  • Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala video e be le buisana ka eona.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 136

  • Litlhoko Tsa Phutheho (15 mets.)

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 12 ¶1-8

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 41 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | June

BEKE EA LA 20-26 AUGUST, 2018

16 Lumella Melao le Melao-motheo ea Molimo Hore e Koetlise Letsoalo la Hao

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela