Labone, la 30 August
Etsoe e mong le e mong o tla jara mojaro oa hae.—Bagal. 6:5.
Ha re batla ho etsa liqeto ka bohlale, re lokela ho ithuta Bibele. Kahoo, ha rea lokela ho lumella batho ho re etsetsa liqeto. Ho e-na le hoo, re lokela ho ithuta hore na Jehova o batla’ng ’me re etse seo. Ke joang re ka lumellang batho ba bang hore ba re etsetse liqeto? Ka hore re ba lumelle ho re susumeletsa ho etsa liqeto tse fosahetseng. (Liprov. 1:10, 15) Ho kotsi ho lumella metsoalle ea rona ho re etsetsa liqeto. Re na le boikarabello ba hore re latele seo re ithutileng sona ka Bibeleng. Empa haeba re lumella batho ba bang hore ba re etsetse liqeto, ho tšoana le ha re khetha ho ba latela. Khetho eo e kotsi. Moapostola Pauluse o ile a eletsa Bagalata ka kotsi ea ho lumella batho ba bang hore ba ba etsetse liqeto. (Bagal. 4:17) Bakreste ba bang phuthehong ea Galatia ba ne ba batla ho etsetsa batho ba bang liqeto. w17.03 2:8-10
La 27 August–la 2 September
Luka 23–24
Pina ea 130 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Ikemisetse ho Tšoarela”: (10 mets.)
Lu 23:34—Jesu o ile a tšoarela masole a Roma a ileng a mo khokhothela thupeng (cl 297 ¶16)
Lu 23:43—Jesu o ile a tšoarela e mong oa baetsi ba bobe (g 2/08 11 ¶5-6)
Lu 24:34—Jesu o ile a tšoarela Petrose (cl 297-298 ¶17-18)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Lu 23:31—Hantle-ntle Jesu o bua ka eng temaneng ee? (“ha sefate se le mongobo . . . ha se omeletse” litlhaloso tsa Lu 23:31 tse ho nwtsty-E)
Lu 23:33—Ke bopaki bofe ba baepolli ba lintho tsa khale bo pakang hore batho ba neng ba ahloletsoe lefu ba ne ba khokhotheloa thupeng ka lipekere? (“Sepekere Lesapong la Serethe” Litšoantšo tsa Lu 23:33 tse ho nwtsty-E)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 23:1-16
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Fa mong’a ntlo sengoliloeng se mo loketseng se hlahang ka har’a Lintho Tsa Bohlokoa Tseo re Rutang ka Tsona.
Leeto la Boraro la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Khetha lengolo leo u tla le sebelisa e be u buella sengoliloeng se ithutoang.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ho tlaase ho moo) fg thuto ea 4 ¶3-4
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Jesu o Shoetse le Mor’eno”: (15 mets.) Puisano. Bapala video ea Bona Lintho tse Ntle ho ba Bang. (tlas’a BIBELE)
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 12 ¶9-14
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 82 le Thapelo
BEKE EA LA 27 AUGUST, 2018–LA 2 SEPTEMBER, 2018
21 “Leseli la Lōna le ke le Khanye” e le Hore le Tlotlise Jehova