Mantaha, la 10 September
Mosa o sa tšoanelang oa Molimo o neng o lebile ho ’na ha ea ka ea e-ba lefeela.—1 Bakor. 15:10.
Pauluse o ile a hlokomela hore o ne a sa tšoaneloe ke mohau o moholo oa Molimo, kaha pele o ne a hlorisa Bakreste. Ho elella qetellong ea bophelo ba hae, Pauluse o ile a ngolla Timothea eo e neng e le mosebetsi-’moho le eena mantsoe ana: “Ke leboha Kreste Jesu Morena oa rōna, ea ileng a mpha matla, hobane o ile a nkuka ke le ea tšepahalang ka hore a nkabele bosebeletsi.” (1 Tim. 1:12-14) Bosebeletsi boo e ne e le eng? Pauluse o ile a bolella baholo ba phutheho ea Efese hore na bo ne bo akarelletsa’ng, ha a re: “Ha ke etse hore moea oa ka e be oa bohlokoa leha e le bofe joalokaha eka ke o ratehang ho ’na, haeba feela nka qeta tsela ea ka ea peiso le bosebeletsi boo ke bo amohetseng ba Morena Jesu, ho pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo tsa mosa o sa tšoanelang oa Molimo.” (Lik. 20:24) Taba ea hore Pauluse o ne a chesehela tšebeletso ea hae, e bontša hore o ne a sa nke mosa o sa tšoanelang oa Molimo e le “lefeela,” ’me o behetse Bakreste mohlala o motle. w16.07 4:1-3
La 10-16 September
Johanne 3–4
Pina ea 57 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Jesu o Bua le Mosali oa Mosamaria ka Molimo”: (10 mets.)
Joh 4:6, 7—Le hoja Jesu a ne a shoele ke mokhathala, o ile a qalisa moqoqo le mosali oa Mosamaria (“a khathetse,” litlhaloso tsa Joh 4:6 tse ho nwtsty-E
Joh 4:21-24—Ka lebaka la moqoqo oa Jesu o neng o bonahala eka ke o sa reng letho, hamorao batho ba bangata ba ile ba tseba ka Mesia
Joh 4:39-41—Ka lebaka la mosebetsi o tsoileng matsoho oo Jesu a o entseng, Basamaria ba bangata ba ile ba beha tumelo ho eena
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Joh 3:29—Re lokela ho utloisisa temana ee joang? (“motsoalle oa monyali” litlhaloso tsa Joh 3:29 tse ho nwtsty-E)
Joh 4:10—E ka ’na eaba mosali oa Mosamaria o ile a utloisisa mantsoe a Jesu a reng “metsi a phelang” joang, empa Jesu o ne a bua ka eng? (“metsi a phelang” litlhaloso tsa Joh 4:10 tse ho nwtsty-E)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Joh 4:1-15
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.
Video e Bontšang Leeto la Pele la ho Boela: (5 mets.) Bapala video e be le buisana ka eona.
Puo: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) wp16.2 9 ¶1-4 —Sehlooho: Johanne 4:23 e bolela’ng?
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rona Boboleling ka ho Qalisa Moqoqo le Batho ka Morero oa ho ba Ruta ka Molimo”: (15 mets.) Puisano. Ha u phethela, khothalletsa bohle hore bonyane ba qalise moqoqo le motho a le mong bekeng ena. Sebokeng sa Bophelo le Tšebeletso bekeng e tlang, bahoeletsi ba tla fuoa monyetla oa ho pheta liphihlelo tseo ba bileng le tsona.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 13 ¶1-4 le mabokose a maqepheng a 148-149 le 158-159
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 35 le Thapelo